Kemiso ea Thuto ea Beke ea la September 8
BEKE E QALANG KA LA 8 SEPTEMBER
Pina ea 133 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 12 ¶16-21, le lebokose le leqepheng la 127 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Numere 22-25 (10 mets.)
No. 1: Numere 22:36–23:10 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Satane Hase Bobe Feela bo ka Har’a Batho—rs leq. 388 ¶3–leq. 389 ¶1 (5 mets.)
No. 3: Adama—Ke ka Tsela Efe Adama a Neng a Entsoe ka Setšoantšo sa Molimo?—it-1-E maq. 44-45 ¶6, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
15 mets: E-ba le Mekhoa e Metle ha U le Mosebetsing oa Boboleli. (2 Bakor. 6:3) Puisano e thehiloeng lipotsong tse latelang: (1) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be le mekhoa e metle ha re le mosebetsing oa boboleli? (2) Re ka ba le mekhoa e metle joang (a) ha re fihla tšimong re le sehlopha? (b) ha re tsamaea ka ntlo le ntlo libakeng tsa bolulo kapa re tsamaea ka likoloi libakeng tsa mahaeng? (c) ha re eme monyako? (d) ha mohoeletsi eo re tsamaeang le eena a bua le mong’a ntlo? (e) ha mong’a ntlo a bua? (f) ha mong’a ntlo a phathahane kapa boemo ba leholimo bo le bobe? (g) ha mong’a ntlo a re buisa hampe?
15 mets: “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Leeto la ho Boela.” Puisano. Suthela pontšo ea mohoeletsi ea buang a le mong, ea lokisetsang seo a tla se bua tšimong a bile a nahana ka potso eo a tla e botsa mong’a ntlo e le hore a ka etsa leeto la ho boela haeba mong’a ntlo a amohela limakasine.
Pina ea 68 le Thapelo