Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/14 maq. 2-3
  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Atlehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Atlehang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ela Hloko ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 12/14 maq. 2-3

Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Atlehang

1. Ke boikarabelo bofe boo bahoeletsi ba khannang lithuto tsa Bibele ba nang le bona?

1 Ha ho na motho ea ka sebeletsang Molimo ntle leha Jehova a mo ‘hula.’ (Joh. 6:44) Leha ho le joalo, bahoeletsi ba khannang lithuto tsa Bibele ba lokela ho phetha karolo ea bona ka hore ba thuse batho hore ba atamele haufi le Ntate oa bona ea leholimong. (Jak. 4:8) Seo se hloka hore re lokisetse. Ho bala serapa feela ebe re botsa potso ha hoa lekana ho thusa seithuti hore se utloisise molaetsa le hore se tsoele pele.

2. Thuto ea Bibele e tsoelang pele e tla finyella eng?

2 E le hore bahoeletsi ba khanne lithuto tse tsoelang pele, ba lokela ho thusa liithuti hore (1) li utloisise seo Bibele e se rutang, (2) li lumele seo Bibele e se rutang ’me (3) li etse seo Bibele e se rutang. (Joh. 3:16; 17:3; Jak. 2:26) Ho ka nka likhoeli hore mohoeletsi a tataise seithuti hore se finyelle mehato ena. Leha ho le joalo, mohato ka mong o etsa hore seithuti se be le kamano e ntle le Jehova le hore se inehele ho eena.

3. Ke hobane’ng ha mesuoe e hloahloa e botsa lipotso tse fatang maikutlo?

3 Seithuti sa Bibele se Nahana’ng?: E le hore u lemohe hore na motho eo u ithutang Bibele le eena oa utloisisa ebile o lumela seo a ithutang sona, qoba ho bua lolololo ’me u mo khothalletse hore a ntše maikutlo a hae. (Jak. 1:19) Na o utloisisa seo Bibele e se rutang tabeng eo le buisanang ka eona? Na a ka hlalosa taba eo ka mantsoe a hae? O ikutloa joang ka seo a ithutileng sona? Na oa lumela hore seo Bibele e se rutang sea utloahala? (1 Bathes. 2:13) Na oa utloisisa hore seo a ithutang sona se lokela ho mo susumelletsa hore a fetole tsela eo a phelang ka eona? (Bakol. 3:10) E le hore re fumane likarabo tsa lipotso tsena, re lokela hore ka bohlale re botse lipotso tse fatang maikutlo, ebe rea mamela.—Mat. 16:13-16.

4. Re lokela ho etsa’ng ha motho eo re ithutang le eena a thatafalloa ho utloisisa kapa ho sebelisa seo Bibele e se rutang?

4 Hangata ho thata hore motho a fetole mekhoa ea hae le tsela eo a nahanang ka eona. (2 Bakor. 10:5) Re lokela ho etsa’ng ha motho eo re ithutang le eena a sa lumele seo a ithutang sona kapa a sa phele tumellanong le sona? Re lokela ho ba le mamello e le hore re mo fe nako e lekaneng ea hore Lentsoe la Molimo le moea o halalelang li susumetse pelo ea hae. (1 Bakor. 3:6, 7; Baheb. 4:12) Ho e-na le ho mo qobella haeba a sa utloisise kapa a sa sebelise ntlha e itseng e rutoang ke Bibele, ho molemo hore re fetele tabeng e latelang. Ha re ntse re tsoela pele ho mo ruta Bibele ka mamello le ka lerato, ka mor’a nako a ka ’na a batla ho etsa liphetoho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela