Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 12 January
BEKE E QALANG KA LA 12 JANUARY
Pina ea 114 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 18 ¶20-24, le lebokose le ho leq. 188 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Joshua 21-24 (8 mets.)
No. 1: Joshua 24:14-21 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Morena Akaze—Sehlooho: Ho Rapela Litšoantšo ho Etsa Hore Motho a se ke a Amoheloa ke Molimo—it-1-E maq. 61-62, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Jehova ke ’Mōpi ea Matla ’Ohle—igw leq. 2 ¶4–leq. 3 ¶1 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Sebeletsa Morena Joaloka Lekhoba ka ho Ikokobetsa ho Hoholo.”—Lik. 20:19.
10 mets: Sebeletsa Morena Joaloka Lekhoba ka ho Ikokobetsa ho Hoholo. Puisano. Bala Liketso 20:19. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba arabele lipotso tse latelang: (1) Poleloana e reng ‘sebeletsa joaloka lekhoba’ e bolela’ng? (2) Litsela tse ling tseo ka tsona re ka sebeletsang Morena Jesu Kreste joaloka makhoba ke life? (3) Boikokobetso ke eng? (4) Boikokobetso bo re thusa joang hore re phethe tšebeletso ea rōna?
20 mets: “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ha re Buisana le Mong’a Ntlo ea Halefileng.” Puisano. Ka mor’a ho tšohla sehlooho sena, suthela lipontšo tse peli tse khutšoanyane tse bontšang boemo bona. Ea pele, mohoeletsi o buisana le mong’a ntlo ea halefileng ka tsela e fosahetseng. Ea bobeli, mohoeletsi o buisana le eena ka tsela e bohlale. Khothalletsa bohle ho latela litlhahiso tse tlas’a sehloohoana se reng, “Leka Sena Khoeling Ena.”
Pina ea 76 le Thapelo