Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 23 February, 2015.
Metse ea setšabelo ea Iseraele ea boholo-holo e ne e fapane joang le libaka tsa bahetene tseo linokoane li neng li balehela ho tsona? (Josh. 20:2, 3) [La 5 Jan., w10 11/1 leq. 15 lir. 4-6]
Ke hobane’ng ha Joshua a ne a ka bua mantsoe a tlalehiloeng ho Joshua 23:14 ka kholiseho, hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka ho feletseng hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala? [La 12 Jan., w07 11/1 leq. 26 ser. 19]
Ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa moloko oa Juda hore e be oona oa pele o ruang naha eo o e abetsoeng? (Baahl. 1:2, 4) [La 19 Jan., w05 1/15 leq. 24 ser. 5]
Ke hobane’ng ha Barake a ile a tsitlella hore moprofeta oa mosali Debora a ee le eena lebaleng la ntoa? (Baahl. 4:8) [La 19 Jan., w05 1/15 leq. 25 ser. 4]
Lebitso la aletare eo Gideone a ileng a e haha le bontša’ng, hona see se re ruta eng? (Baahl. 6:23, 24) [La 26 Jan., w14 2/15 leq. 22 ser. 9]
Tsela eo Gideone a ileng a araba Baefraime ba leqhoko ka eona e ka re ruta’ng? (Baahl. 8:1-3) [La 2 Feb., w05 7/15 leq. 16 ser. 4]
Ha Jafeta a ne a etsa boitlamo, na o ne a nahanne ka ho etsa sehlabelo ka motho? (Baahl. 11:30, 31) [La 9 Feb., w05 1/15 leq. 26 ser. 1]
Ho ea ka lengolo la Baahloli 11:35-37, ke eng e ileng ea thusa morali oa Jafeta ho phetha kano ea ntate oa hae? [La 9 Feb., w11 12/15 maq. 20-21 lir. 15-16]
Nakong ea ha ho ne ho se na morena Iseraele ’me “e mong le e mong, o ne a tloaetse ho etsa se neng se nepahetse mahlong a hae,” na see se ile sa baka ho hloka taolo? Hlalosa. (Baahl. 17:6) [La 16 Feb., w05 1/15 leq. 27 ser. 7]
Re ithuta’ng tlalehong ea ha Baiseraele ba ne ba hlotsoe ke moloko o tsoileng tseleng oa Benjamine ka makhetlo a mabeli mabapi le ho phehella thapelong? (Baahl. 20:14-25) [La 23 Feb., w11 9/15 leq. 32 lir. 1-4]