Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/15 leq. 1
  • Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo Tšebeletsong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo Tšebeletsong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Ho Paka ka Ntlo le Ntlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 4/15 leq. 1

Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo Tšebeletsong

Selemong sa tšebeletso sa 2014 Lipaki Tsa Jehova li sebelitse lihora tse 1 945 487 604. Kahoo, ho hlakile hore re ikemiselitse ho lula re phathahane tšebeletsong ea Jehova! (Pes. 110:3; 1 Bakor. 15:58) Kaha “nako e setseng e fokotsehile,” re ka sebelisa lihora tsa bohlokoa tseo re nang le tsona tšebeletsong hore re fumane batho ba bangata le ho feta.—1 Bakor. 7:29.

Ho hlokahala hore re tenyetsehe le maemo e le hore re sebelise nako hamolemo. Ka mohlala, haeba kamehla u qeta hora e le ’ngoe kapa ho feta u paka ka mokhoa o itseng empa ho se motho eo u buang le eena, u ka fetola boemo e le hore u fumane batho ba eketsehileng bao u ka buang le bona. Maemo a libaka ha a tšoane. Ho sa tsotellehe seo, litlhahiso tse latelang li ka u thusa hore u sebelise nako ea hao hamolemo e le hore u qobe ho “otla moea.”—1 Bakor. 9:26.

  • Ha U Paka ka Ntlo le Ntlo: Haesale bahoeletsi ba tloaetse ho qala tšebeletso ea tšimo ka hore ba bolele ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, kaha batho ba bangata baa sebetsa motšehare, u ka leka boboleli ba ntlo le ntlo thapama kapa ha shoalane e tšoara, ha batho ba bangata ba le teng malapeng ’me ba iketlile. Ho ka ’na ha e-ba molemo hore motšehare u pake seterateng kapa libakeng tsa khoebo.

  • Ha U Paka Phatlalatsa: Litafole le litoroli tsa lingoliloeng li lokela ho ba moo ho nang le batho ba bangata ba fetang ka tsela tšimong ea phutheho ea lōna. (Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 2013, leq. 5.) Haeba batho ba fokotsehile sebakeng se abetsoeng bopaki ba phatlalatsa, Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e ka etsa qeto ea hore toroli kapa tafole e isoe sebakeng se seng se nang le batho ba bangata ba fetang ka tsela.

  • Ha U Etsa Maeto a ho Boela le Lithuto Tsa Bibele: Haeba ho khoneha, u ka etsa maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele linakong tsa ha mekhoa e meng ea boboleli e sa atlehe. Ka mohlala, haeba u fumana batho ba bangata ka Moqebelo hoseng, u ka khanna lithuto tsa Bibele thapama kapa ha shoalane e tšoara. Ha bahoeletsi ba etsa maeto a ho boela ba ka finyella batho ba bangata ka hore ba ipehele nako ea ho etela lithuto tsa bona tse lulang sebakeng se le seng.

Ke ’nete hore re ka bala nako neng le neng ha re le tšimong, empa ha re sebelisa nako ea rōna ho thusa batho ba bangata, re thaba le ho feta. Haeba u hlokomela hore ha u atlehe tšebeletsong ea mofuta o itseng ka nako e itseng, leka tšebeletso ea mofuta o mong. Kōpa Jehova, “Mong’a kotulo,” hore a u tataise e le hore u sebelise nako hamolemo tšebeletsong!—Mat. 9:38.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela