Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Koetlisa Liithuti Tsa Bibele Hore li Ntlafatse Tsela eo li Ithutang ka Eona
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: E le hore liithuti tsa rōna tsa Bibele li matlafatse kamano ea tsona le Jehova, ha lia lokela ho ithuta feela lithuto tsa motheo. (Baheb. 5:12–6:1) Li lokela ho ntlafatsa tsela eo li ithutang ka eona. Ho ithuta ho bolela ho bapisa lintho tse ncha tseo re ithutang tsona le tseo re li tsebang e le ho bona hore na re ka li sebelisa joang bophelong. (Liprov. 2:1-6) Re lokela ho koetlisa liithuti tsa rōna ho etsa lipatlisiso e le hore li tsebe ho fumana likarabo tsa lipotso tsa Bibele li sebelisa lingoliloeng tsa rōna. Haeba li sebelisa seo li ithutang sona, seo se tla li thusa hore li hlōle liteko.—Luka 6:47, 48.
Leka Sena Khoeling Ena:
Ha le fihla qetellong ea sehloohoana kapa khaolo, kōpa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a bolele hore na o ithutile eng ka mantsoe a seng makae feela. Haeba ha ho na motho eo u ithutang le eena, itloaetse ho akaretsa seo u ithutileng sona ka mor’a ho bala karolo e itseng ea Bibele kapa serapa sa Molula-Qhooa.