Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 19 October
BEKE E QALANG KA LA 19 OCTOBER
Pina ea 54 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
ia maq. 2-3 le selelekela. ¶1-15 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Likronike 8-11 (8 mets.)
No. 1: 1 Likronike 11:15-25 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Elia (No. 1)—Sehlooho: Ho Hang U se ke Ua Halala Matla a Thapelo—it-1-E maq. 710-713, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?—bh leq. 218 ser. 2 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: Re lokela ho ‘mela ka metso’ ’me re ‘tsitse tumelong.’—Bakol. 2:6, 7.
20 mets: “Re ka Susumetsa Batho Bao re ba Rutang Joang?” Lipotso le likarabo. Lokisetsa ho etsa lipontšo tse peli tse sa tšoaneng. Mong’a ntlo o re ngoana oa hae o hlokahetse ’me hona joale o leholimong. Pontšong ea pele, mohoeletsi o balla mong’a ntlo lengolo la Moeklesia 9:5 mabapi le boemo ba bafu. Mong’a ntlo ha a tšelisoe ke temana eo ’me ka mor’a moo ha a sa thabela molaetsa. Pontšong ea bobeli, ka masene mohoeletsi o bolella mong’a ntlo hore bafu ba tla tsoha ebe o mo balla lengolo la Johanne 5:28, 29 ’me seo se etsa hore mong’a ntlo a thabele molaetsa.
10 mets: U be Mohlala ho ba Bang ho sa Tsotellehe Hore na U Mocha Kapa U Motho e Moholo. (Bafil. 3:17; 1 Tim. 4:12) Puisano e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2015, leqepheng la 71, serapeng sa 2 ho ea leqepheng la 72, serapeng sa 4; le leqepheng la 76-77. Kōpa bamameli hore ba bolele lintho tseo ba ithutileng tsona.
Pina ea 90 le Thapelo