Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 30 November
BEKE E QALANG KA LA 30 NOVEMBER
Pina ea 94 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
ia khao. 3 ¶14-21, lebokose le ho leq. 30 le tlhahlobo e ho leq. 32 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Likronike 6-9 (8 mets.)
No. 1: 2 Likronike 6:22-27 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Boitšoaro bo Hlephileng bo Bontšang ho Tella bo Kotsi Hakae?—yp-2 leq. 44 ser. 1, 3; w06 7/15 leq. 30 ser. 1-3 (5 mets.)
No. 3: Epafrase—Sehlooho: Rapella Bara Beno U be U ba Sebeletse—it-1-E leq. 731 kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a hōlisa.”—1 Bakor. 3:6.
10 mets: Tsamaisa Limakasine ka December. Puisano. Qala ka ho suthela pontšo ho sebelisoa mehlala e ’meli eo ho fanoeng ka eona. Ebe ka mor’a moo u hlalosa mehlala eo.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Re Sebelitse Joang? Puisano. Kōpa bahoeletsi hore ba bolele hore na ba ruile molemo joang ka ho sebelisa lintlha tse hlahang sehloohong se reng “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ha re Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang.” Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse monate.
Pina ea 141 le Thapelo
Hopola: Re kōpa hore le bapale pina hanngoe ’me ka mor’a moo phutheho e bine pina e ncha.