Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/15 leq. 1
  • Etsisa Mohlala oa Moprofeta—Habakuke

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Mohlala oa Moprofeta—Habakuke
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepa Jehova U Tle U Phele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Ithabela ho Molimo oa Poloko ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Buka ea Bibele ea 35—Habakuke
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 12/15 leq. 1

Etsisa Mohlala oa Moprofeta—Habakuke

1. Ke hobane’ng ha re utloisisa tsela eo moprofeta Habakuke a neng a ikutloa ka eona?

1 Ha bokhopo bo ntse bo eketseha lefatšeng, re ka ’na ra ikutloa ka tsela eo Habakuke a neng a ikutloa ka eona, ha a ne a re ho Jehova: “Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela?” (Hab. 1:3; 2 Tim. 3:1, 13) Ha re nahanisisa ka molaetsa oa Habakuke le mohlala oo a re behetseng oona, seo se tla re thusa hore re mamelle ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova la kahlolo.—2 Pet. 3:7.

2. Re ka bontša joang hore rea tšepahala?

2 Lula U Tšepahala: Ho e-na le hore Habakuke a sithabetsoe ke lintho tse bohloko tse neng li etsahala, o ile a lula a lebetse ’me a le mafolofolo tšebeletsong ea Molimo. (Hab. 2:1) Jehova o ile a tiisetsa moprofeta enoa hore lentsoe la Hae le tla phethahala ka nako e loketseng le hore “ea lokileng, o tla ’ne a phele ka botšepehi ba hae.” (Hab. 2:2-4) See se bolela’ng ho Bakreste ba phelang nakong ea bofelo? Ha rea lokela ho tšoenyeha ka hore na bofelo bo tla tla neng empa re lokela ho kholiseha hore bo tla tla. Tumelo e re susumelletsa hore re lule re lebetse le hore re amehe ka mosebetsi oa boboleli.—Baheb. 10:38, 39.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re thabela ho sebeletsa Jehova?

3 Thabela ho Sebeletsa Jehova: Tumelo ea rōna e tla lekoa ha Gogo oa Magogo a hlasela batho ba Jehova. (Ezek. 38:2, 10-12) Lintoa li tlisetsa batho bohle likhathatso. Nakong ea lintoa ho ba le khaello ea lijo, batho ba senyeheloa ke thepa ’me ba hula ka thata. Re tla etsa’ng maemong ao? Habakuke o ne a lebeletse hore o tla ba le mathata empa o ile a etsa qeto ea hore o tla thabela ho sebeletsa Jehova. (Hab. 3:16-19) “Thabo ea Jehova” e tla boela e re thuse ho mamella liteko tseo re tla ba le tsona nakong e tlang.—Neh. 8:10; Baheb. 12:2.

4. Ke monyetla ofe oo re nang le oona hona joale le nakong e tlang?

4 Batho bao Jehova a tla ba sireletsa letsatsing la hae la kahlolo ba tla tsoela pele ba rutoa tsela eo Molimo a batlang hore ba phele ka eona. (Hab. 2:14) Ba tsositsoeng bafung le bona ba tla ithuta ka Jehova. E se eka re ka bua ka Jehova le ka mesebetsi ea hae e hlollang nako le nako ha monyetla o hlaha!—Pes. 34:1; 71:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela