Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 7 December
BEKE E QALANG KA LA 7 DECEMBER
Pina ea 86 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
ia khao. 4 ¶1-15 le lebokose le ho leq. 39 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Likronike 10-14 (8 mets.)
No. 1: 2 Likronike 13:13-22 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Epafroditase—Sehlooho: Hlompha Banna ba Tšepahalang—it-1-E leq. 731 kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Lebitso Cesare le Emela’ng?—w11 7/1 leq. 29 ser. 4-7 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.”—Lik. 14:22.
10 mets: “Re Tla Kena ’Musong oa Molimo ka Matšoenyeho a Mangata.” Puo e thehiloeng sehloohong sa khoeli. Balang ’me le buisane ka Liketso 14:21, 22 le 1 Petrose 4:12-14. (Sheba Molula-Qhooa oa September 15, 2014, leq. 13, lir. 3-6.) Ka bokhutšoanyane bua ka lipuo tse ling tse hlahang Sebokeng sa Tšebeletso khoeling ena ebe u bontša hore na li amana joang le sehlooho sa khoeli. Khothalletsa bohle hore ba shebelle video e reng ‘Tsamaea ka Tumelo Eseng ka Pono’ e le hore ba itokisetse Seboka sa Tšebeletso sa bekeng e latelang.
10 mets: U ka Arabela Joang? (Bakol. 4:6) Puo e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 69, lirapa 1-3. Lokisetsa lipontšo tse peli. Pontšong ea pele, mohoeletsi o araba mong’a ntlo hampe ka mor’a hore a bue mantsoe a hlabang ’me sena se etsa hore mong’a ntlo a se ke a thabela molaetsa. Pontšong ea bobeli, mong’a ntlo o bua mantsoe a hlabang, mohoeletsi o thōla hanyane ebe o araba ka bonolo ’me mong’a ntlo o thabela ho mamela molaetsa.
10 mets: “Etsisa Mohlala oa Moprofeta Habakuke.” Lipotso le likarabo.
Pina ea 74 le Thapelo