Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka December: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se —Rutang? kapa e ’ngoe ea lipampitšana tse latelang: Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?, Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele?, U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?, Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?, ’Muso oa Molimo ke Eng?, Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše? le Na Mahlomola a Tla ke a Fele? January le February 2016: Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. March le April: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
◼ Sehopotso sa 2017 se tla ba ka Labobeli la la 11 April, 2017.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore ka Sontaha sa la 26 July, 2015, liithuti tsa sehlopha sa bobeli sa Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso li amohetse mangolo a likabelo tse ncha. Ho fihlela joale, sekolo sena se bile le liithuti tse 48, tse akarelletsang barali babo rōna ba masoha ba bane ba neng ba le sehlopheng sa bobeli. Ba 24 liithuting tsena tse 48 ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba 20 ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana, ba babeli ke bo-pula-maliboho ba kamehla, ba babeli ke litho tsa lelapa la Bethele. Re lebeletse ka tjantjello ho bona bara le barali babo rōna ba itlhahisa sekolong sena se fanang ka thupelo e phahameng ea Molimo.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse latelang: Eastern Cape: Flagstaff. Gauteng: Jabavu. Mpumalanga: Mangweni le Masibekela. Swaziland: Big Bend le Phuzumoya.