Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 December, 2015. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e ka tšohloang ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
Ho latela lengolo la 1 Likronike 20:3, na Davida o ile a tšoara batlamuoa ba hae ka sehlōhō joalokaha batho ba bang ba entse qeto e joalo? [La 2 Nov., w05 2/15 leq. 27]
Davida o ile a susumetsoa ke eng hore a be le moea oa ho fana ’me ke eng e tla re thusa hore le rōna re etse se tšoanang? (1 Likron. 22:5) [La 9 Nov., w05 10/1 leq. 11 ser. 7]
Davida o ne a bolela’ng ha a ne a re ho Solomone: “Tseba Molimo oa ntat’ao”? (1 Likron. 28:9) [La 16 Nov., w10 11/1 p. 30 pars. 3, 7]
Kōpo ea Solomone e tlalehiloeng ho 2 Likronike 1:10 e senola eng ka eena, hona e re ruta eng mabapi le thapelo? (2 Likron. 1:11, 12) [La 23 Nov., w05 12/1 leq. 19 ser. 6]
Lengolo la 2 Likronike 6:29, 30 le re Jehova o na le bokhoni bofe ’me ke hobane’ng ha re lokela ho mo tšollela lipelo tsa rōna ha re rapela? (Pes. 55:22) [La 30 Nov., w10 12/1 p. 11 par. 7]
Asa o ne a amehile ka eng ha a rapella hore ba hlōle lebotho le leholo la sesole ’me re ka kholiseha ka eng ntoeng eo re e loanang ea moea? (2 Likron. 14:11) [La 7 Dec., w12 8/15 p. 8 par. 6–p. 9 par. 1]
Re bona lerato la Jehova joang ka tsela eo a ileng a sebetsana le Morena Josafate ka eona ’me sena se lokela ho ama tsela eo re talimang batho ba bang ka eona joang? (2 Likron. 19:3) [La 14 Dec., w03 7/1 leq. 17 ser. 13; cl leq. 245 ser. 12]
Ke hobane’ng ha re lokela ho ema libakeng tsa rōna, hona re ka etsa seo joang kajeno? (2 Likron. 20:17) [La 21 Dec., w05 12/1 leq. 21 ser. 3; w03 6/1 leq. 21 lir. 15-16]
Lengolo la 2 Likronike 21:20 le re hopotsa thuto efe ea bohlokoa mabapi le lefu la Jorame? [La 21 Dec., w98 11/15 p. 32 par. 4]
Ho ea ka lengolo la 2 Likronike 26:5, ke mang ea ileng a ba le tšusumetso e ntle ho Uzia ea monyenyane ’me bacha ba ka rua molemo ofe ho Bakreste ba nang le phihlelo? [La 28 Dec., w07 12/15 p. 10 pars. 2, 4]