Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 12/15 leq. 10
  • Na U na le Morupeli oa Moea?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U na le Morupeli oa Moea?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha, le Batla Bophelo bo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Buka ea Bibele ea 38—Zakaria
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Elizabetha o ba le Ngoana
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Bapalami ba Lipere le Moqhaka Baa re Sireletsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 12/15 leq. 10

Na U na le Morupeli oa Moea?

UZIA e bile morena oa ’muso o ka boroa oa Juda a le lilemo li 16 feela. O ile a busa ka lilemo tse fetang 50, ho tloha ka 829 ho ea ho 778 B.C.E. A sa le monyenyane, o ile “a ’na a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Ke eng e ileng ea mo susumelletsa hore a latele tsela e nepahetseng? Tlaleho ea histori e re: “[Uzia] a sekamela ho batleng Molimo a sa khaotse matsatsing a Zakaria, morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete; ’me, matsatsing a ho batla ha hae Jehova, Molimo oa ’nete a mo atlehisa.”—2 Likronike 26:1, 4, 5.

Ha ho letho le lekaalo le tsejoang ka Zakaria, moeletsi oa morena, haese seo re se balang tlalehong ena ea Bibele. Leha ho le joalo, kaha e ne e le “morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete,” Zakaria o ile a susumelletsa ’musi eo e mocha hore a etse se nepahetseng. The Expositor’s Bible e re ho totobetse hore Zakaria e ne e le “motho ea tsebang Mangolo, ea nang le phihlelo e batsi ea lintho tsa moea, le ea khonang ho ruta ba bang.” Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re ka Zakaria: “E ne e le motho ea tsebang boprofeta hantle ’me . . . a le bohlale, a inehetse, a lokile; ’me, ho bonahala hore o ile a susumetsa Uzia haholo.”

Uzia o ile a hlohonolofatsoa haholo ka lebaka la botšepehi ba hae, ’me “a bontša matla ka tekanyo e sa tloaelehang” hobane “Molimo oa ’nete [o ile] a tsoela pele ho mo thusa.” Ho hlakile hore ho tsoela pele moeeng ke hona ho ileng ha mo thusa hore a atlehe mesebetsing ea hae “matsatsing a Zakaria.” (2 Likronike 26:6-8) Ha Uzia a se a atlehile, o ile a hlokomoloha lithuto tsa Zakaria, morupeli oa hae. “Pelo ea [Uzia] ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo, hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova.” Ka lebaka la ho etsa ntho e hlabisang lihlong, o ile a otloa ka lefu le tšabehang la letlalo, le ileng la mo sitisa ho phetha mesebetsi eohle ea borena eo a neng a lokela ho e etsa.—2 Likronike 26:16-21.

Na u na le motho eo u ka reng ke morupeli oa hao, ea u susumelletsang hore ‘u batle Molimo’? U ka ba le eena ho sa tsotellehe hore na u monyenyane kapa u hōlile, u monna kapa u mosali. Ananela morupeli eo, etsoe likeletso tsa hae li ka u thusa hore u lule u etsa se nepahetseng mahlong a Jehova. Mamela Mokreste eo ea butsoitseng, ’me u nkele likeletso tsa hae hloohong. E se eka le ka mohla u ke ke ua hlokomoloha mantsoe a bohlale a “morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete.”—Liproverbia 1:5; 12:15; 19:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela