Mohoeletsi o pakela ’mè le morali ba le West Bengal, India
Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
MOLULA-QHOOA
Potso: Kaofela re hloka ho tšelisoa ka linako tse ling. Empa re ka fumana matšeliso hokae?
Lengolo: 2Ko 1:3, 4
Buella Sengoliloeng: Molula-Qhooa ona o bontša hore na Molimo o fana ka matšeliso joang.
MOLULA-QHOOA (leqepheng le ka morao)
Potso: Batho ba bang ba lumela hore ’Muso oa Molimo ke boikutlo bo ka pelong ea motho; ba bang ba lumela hore batho ke bona ba tla tlisa khotso lefatšeng. Uena u re’ng?
Lengolo: Dan 2:44
Buella Sengoliloeng: Ho latela Bibele, ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele. Sehlooho sena se bontša lintho tse ling tseo Bibele e li buang ka ’Muso oa Molimo.
RUTA MOLAETSA OA BIBELE
Potso: Re ka tseba joang hore Molimo o oa re tsotella?
Lengolo: 1Pe 5:7
Molaetsa oa Bibele: Molimo o re re mo rapele hobane o oa re tsotella.
NGOLA SEO U TLA SE BUA
Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.