Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 maq. 14-15
  • Molimo a ka U Hlohonolofatsa ka ho sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo a ka U Hlohonolofatsa ka ho sa Feleng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ne a Rata Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Mehlolo le Lipono Tsa Mohlolo—Lebaka Leo li sa Hlokahaleng ka Lona
    Tsoha!—1989
  • Re ka Ithuta’ng Mehlolong ea Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 maq. 14-15
Batho ba litso tse fapaneng ba thabela setsoalle paradeiseng.

“Lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona, Molimo, Molimo oa rona, o tla re hlohonolofatsa.”​—PESALEME EA 67:6.

Molimo a ka U Hlohonolofatsa ka ho sa Feleng

Molimo o ile a tšepisa moprofeta Abrahama hore e mong oa litloholo tsa hae o tla hlohonolofatsa “lichaba tsohle tsa lefatše.” (Genese 22:​18) Ebe setloholo seo ke mang?

Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng Molimo o ile a fa setloholo sa Abrahama e leng Jesu matla a ho etsa mehlolo. Mehlolo eo e ne e bontša hore tšepiso eo Molimo a e etselitseng Abrahama e ne e tla phethahala ka Jesu.​—Bagalata 3:14.

Mehlolo eo Jesu a e entseng e ne e bontša hore o khethiloe ke Molimo hore a hlohonolofatse lichaba, hape e ile ea bontša hore na Molimo o tla hlohonolofatsa batho joang ka ho sa feleng. Makhabane a latelang a Jesu a ile a bonahala ka ho hlaka ha a ne a etsa mehlolo.

Mosa​—Jesu o ne a phekola ba kulang.

Ka le leng molepera o kile a kopa Jesu hore a mo folise. Jesu o ile a mo tšoara eaba o re: “Kea batla.” Lepera la hae le ile a fola hang-hang!​—Mareka 1:​40-42.

Ho fana​—Jesu o ne a fepa ba lapileng.

Jesu o ne a sa rate ha batho ba lapile. O kile a fepa batho ba likete ka ho atisa mahobe le litlhapi tse fokolang ’me ha aa etsa seo ka lekhetlo le le leng. (Matheu 14:​17-21; 15:​32-38) Batho bohle ba ile ba ja ba khora, lijo tsa ba tsa sala li le ngata.

Kutloelo bohloko​—Jesu o ile a tsosa bafu.

Jesu o ile a hauhela mosali oa mohlolohali ea mahlomoleng ea neng a se a se na mang oe! ka hore a tsose mora oa hae ea mong to!​—Luka 7:​12-15.

LITLHOHONOLOFATSO TSA KA HO SA FELENG LEFATŠENG

Jesu o bontšitse hore Molimo o na le matla a ho hlohonolofatsa batho. Haufinyane ha Jesu a khutla joalokaha a tšepisitse, Ea Matla ’Ohle o tla mo sebelisa ho etsa mehlolo e fetang eo lefatšeng lohle.

Bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha Molimo a se a phethahalitse tšepiso eo a e etselitseng Abrahama? Batho ba ratang Molimo ba bile ba mo hlompha “ba tla rua lefatše” ’me ba fumane “thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:​11) “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—Tšenolo 21:4.

E tla be e le tlhohonolofatso e kholo ho phela ka ho sa feleng ka khotso lefatšeng. Re u mema hore u ithute ka litlhohonolofatso tseo Molimo a tla li tlisetsa batho haufinyane ka hore u kene ho www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela