Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 leq. 13
  • Molimo o Hlohonolofatsa Batho ba Thusang ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Hlohonolofatsa Batho ba Thusang ba Bang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MANGOLO A HALALELANG A RE’NG?
  • HO THUSA BA HLOKANG HO BOLELA’NG?
  • Ho Tšehetsa Barab’abo Kreste ka Botšepehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ithute Papisong ea Litalenta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na U Amohela Thuso ea Jehova?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho se Mamellane ha Merabe ho ka Rarolloa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 leq. 13
Monna o supisa e mong tsela a sebelisa ’mapa.

Na u ka thusa batho ba bang ho sa tsotellehe hore na ba lilemo li kae, ke ba morabe ofe le hore na ke ba bolumeli bofe?

Molimo o Hlohonolofatsa Batho ba Thusang ba Bang

Ho na le batho ba bangata lefatšeng ba hlokang lijo le bolulo. Batho ba bang bona ba itlhokela feela ho tseba hore lintho li tla loka. Molimo o batla hore re thuse batho ba hlokang ’me ha re etsa joalo o tla re hlohonolofatsa.

MANGOLO A HALALELANG A RE’NG?

“Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.”​—LIPROVERBIA 19:17.

HO THUSA BA HLOKANG HO BOLELA’NG?

Jesu o ile a pheta pale ea monna ea ileng a hlaseloa ke masholu eaba a mo siea a le makhatheng a lefu. (Luka 10:​29-37) Mofeta-ka-tsela o ile a thusa monna enoa ea neng a tsoile likotsi tse mpe. O ile a mo thusa le hoja e ne e ke le oa morabe o mong.

Monna enoa ea mosa o ile a thusa monna ea tsoileng likotsi ka ho mo fa thuso ea pele a ba a mo fa lintho tse ling tseo a li hlokang. Ha aa ka a fella moo kaha o ile a boela a mo khothatsa le ho mo imolla mathateng a hae.

Re ithuta’ng paleng ee? Jesu o ne a bontša hore re lokela ho thusa batho ba bang ka hohle kamoo re ka khonang. (Liproverbia 14:​31) Mangolo a halalelang a bontša hore haufinyane Molimo o tla felisa bofuma le mathata. Empa re ka ’na ra ipotsa hore na Molimo o tla etsa lintho tsena joang le hore na o tla li etsa neng. Sehlooho se latelang se tla hlalosa hore na ’Mopi oa hao ea lerato o tla u hlohonolofatsa joang.

“MOLIMO HA A E-S’O NTAHLE LE KA MOHLA!”

Pale ea mojaki ea tsoang Gambia

“Ha ke fihla Europe ke ne ke se na letho! Ke ne ke se na mosebetsi, chelete le lehae. Lithuto tsa Mangolo a halalelang li nthusitse hore ke be le malepa a mosebetsi, ke sebetse ka thata le hore ke thuse ba bang ho e-na le hore ke lule ke batla thuso. Molimo ha a e-s’o ntahle le ka mohla, ’me haesale a nthusa!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela