Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 7/1 maq. 3-6
  • Ho se Mamellane ha Merabe ho ka Rarolloa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho se Mamellane ha Merabe ho ka Rarolloa Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello le Lehloeo
  • Sesosa sa Taba ee ke Sefe?
  • Ho Tseba Molimo—Ke Motheo oa Hore Merabe e Phelisane ka Khotso
  • Molimo o Tsotella Lichaba Tsohle
  • Jesu o Ruta Batho ho ba Mosa
  • Na ho Tseba Molimo ho Fetola Batho?
  • Na ho Hloea Morabe o Mong ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2003
  • Na Lefatše le ka ba le Bonngoe?
    Tsoha!—1994
  • Ho Rata Moahisani ho ka Etsahala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Kamoo Lefatše le Tla ba bonngoeng
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 7/1 maq. 3-6

Ho se Mamellane ha Merabe ho ka Rarolloa Joang?

MOLETSA-PHALA o emisa papali ea bolo ka lehare Spain. Hobane’ng? Hobane bashebelli ba bangata ba k’hueletsa sebapali sa Cameroon ka mahlapa hoo se bileng se ikutloang hore se tla tsoa ka lebaleng. Russia teng ho se ho tloaelehile hore batho ba tsoang Afrika, Asia le batho ba tsoang Latin Amerika ba hlaseloe ka mabifi, ’me ka 2004 litlhaselo tse bakoang ke khethollo ea morabe li ile tsa eketseha ka karolo ea 55 lekholong hore li fihle liketsahalong tsa mofuta oo tse 394 ka 2005. Motho a le mong ho ba bararo ba Maasia le batho ba batšo ba ileng ba arabela lipotso phuputsong e entsoeng Brithani, ba bile le maikutlo a hore ba feletsoe ke mosebetsi ka lebaka la khethollo ea ’mala. Mehlala ena e bontša mokhoa o seng o tloaelehile lefatšeng ka bophara.

Ho se mamellane ha merabe hoa fapana ka hore na ho tebile hakae—ho hong e ka ba ho bua lipolelo tse khopisang kapa tse sa nahaneleng ha ho hong e ka ba leano la naha le entsoeng ka morero oa ho leka ho felisa morabe o itseng. Ho se mamellane ha merabe ho bakoa ke eng? Re ka qoba ho bonahatsa moea oo joang? Na ke ntho e utloahalang ho nahana hore ka letsatsi le leng malapa ’ohle a batho a tla phela hammoho ka khotso? Bibele e fana ka tlhahiso leseling e thahasellisang ka litaba tsena.

Khatello le Lehloeo

Bibele e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Ka lebaka leo, ba bang ba thabela ho hatella ba bang. Bibele e tsoela pele ka ho re: “Bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi; bahatelli ba bona ba ne ba e-na le matla.”—Moeklesia 4:1.

Hape, Bibele e bontša hore ho hloeana ha merabe ke ntho ea khale haholo. Ho tea mohlala, lekholong la bo18 la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, Faro oa Egepeta o ile a bitsa Jakobo oa Moheberu le lelapa la hae hore ba e’o lula Egepeta. Leha ho le joalo, hamorao Faro e mong o ile a utloa a le tsietsing ka lebaka la bajaki bao ba bangata. Ka lebaka leo, tlaleho e re: “A re ho sechaba sa hae: ‘Bonang! Sechaba sa bara ba Iseraele se sengata ’me se matla ho re feta. Tloong! A re ba sebetseng ka masene, esere ba ata.’ . . . Kahoo ba beha baokameli ba mosebetsi o qobelloang hore ba ba okamele ka morero oa ho ba hatella moroalong oo ba o jereng.” (Exoda 1:9-11) Baegepeta ba bile ba laela hore masea ’ohle a bashanyana a sa tsoa belehoa a leloko la Jakobo a bolaoe.—Exoda 1:15, 16.

Sesosa sa Taba ee ke Sefe?

Malumeli a lefatše a ’nile a hlōleha ho loantša ho se mamellane ha merabe. Le hoja ho e-na le batho bao ka sebete ba ileng ba loantša khatello, hangata bolumeli ka kakaretso bo ’nile ba tšehetsa lehlakore le hatellang ba bang. Sena ke se ileng sa etsahala United States moo batho ba batšo ba neng ba hatelloa ka molao le moo ba neng ba bolaoa ka ho fanyehoa ke mahoohoo ’me melao e thibelang merabe e fapaneng ho nyalana e ile ea sebetsa ho fihlela ka 1967. Sena se etsahetse le Afrika Boroa nakong ea ’muso oa apareteiti, ha morabe oo e neng e le oona o monyenyane o ne o batla ho lula o hatelletse batho ba bang ka hore o sebelise melao e neng e akarelletsa molao o neng o thibela batho ba merabe e sa tšoaneng ho nyalana. Maemong ana ka bobeli, ba bang ba batho bao e neng e le ba morabe o neng o tšehetsa ho se mamellane ha merabe e ne e le balumeli ba matla haholo.

Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa lebaka le leholo la hore ebe ho na le ho se mamellane ha merabe. E hlalosa hore na ke hobane’ng ha merabe e meng e hatella e meng. E re: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato. Haeba leha e le mang a re: ‘Ke rata Molimo,’ leha ho le joalo a hloile mor’abo, o leshano. Etsoe ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.” (1 Johanne 4:8, 20) Polelo ena e hlalosa hore na sesosa sa ho se mamellane ha merabe ke sefe. Batho ha ba mamellane—ho sa tsotellehe hore na ba ipolela hore ke balumeli kapa che—hobane ha ba tsebe Molimo kapa ha ba mo rate.

Ho Tseba Molimo—Ke Motheo oa Hore Merabe e Phelisane ka Khotso

Ho tseba Molimo le ho mo rata ho etsa hore merabe e phelisane ka khotso ka tsela efe? Ke tsebo efe eo Lentsoe la Molimo le fanang ka eona e thibelang batho ho ntša ba bonahalang ba fapane le bona kotsi? Bibele e bolela hore Jehova ke Ntate oa batho bohle. E re: “Ho rōna ho na le Molimo a le mong Ntate, eo lintho tsohle li tsoang ho eena.” (1 Bakorinthe 8:6) Ho feta moo, e re: “O entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Liketso 17:26) Ka lebaka leo, ha e le hantle batho bohle ke bana ba motho.

Merabe eohle e lokela ho ba motlotlo ka hore ebe Molimo o e file bophelo, leha ho le joalo kaofela ha eona ho na le ntho e e soabisang ka baholo-holo ba eona. Mongoli oa Bibele Pauluse o boletse sena: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong.” Ka lebaka leo, “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23; 5:12) Jehova ke Molimo ea bōpang lintho tse sa tšoaneng—ha ho na libōpuoa tse peli tse tšoanang hantle. Leha ho le joalo, ha ho na morabe oo a o fileng lebaka la hore o ikutloe o phahametse e meng. Maikutlo a tloaelehileng a hore motho a utloe eka morabe oa habo o phahametse e meng a khahlanong le lintlha tse boletsoeng ka Mangolong. Ho totobetse hore tsebo eo Molimo a re fang eona e etsa hore batho ba merabe e sa tšoaneng ba phele ka khotso.

Molimo o Tsotella Lichaba Tsohle

Batho ba bang ba ’nile ba ipotsa hore na Molimo o ne a sa khothalletse leeme ha a ne a khetha ho sebelisana le sechaba sa Iseraele a bile a se ruta hore se ikarole ho lichaba tse ling. (Exoda 34:12) Ho na le nako eo Molimo a ileng a khetha ho sebelisana le sechaba sa Iseraele e le letlotlo la hae le khethehileng ka lebaka la tumelo e ikhethang eo moholo-holo oa Baiseraele Abrahama a neng a e-na le eona. Molimo ka boeena o ne a busa Baiseraele ba boholo-holo, a ba khethela babusi le ho ba fa melao. Nakong eo Baiseraele ba neng ba amohela tokisetso ena, batho ba lichaba tse ling ba ne ba hlokomela hore na puso ea Molimo e tlisa litholoana life tse fapaneng le tse neng li tlisoa ke puso ea batho libakeng tse ling. Khale hoo, Jehova o ile a boela a ruta Baiseraele hore sehlabelo sea hlokahala hore batho ba boele ba be le kamano e ntle le Molimo. Ka lebaka leo, ho sebelisana ha Jehova le Baiseraele ho tsoetse lichaba tsohle molemo. Sena se ne se lumellana le seo a neng a se boleletse Abrahama ha a re: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.”—Genese 22:18.

Ho phaella moo, Bajuda ba ile ba e-ba le tokelo ea ho amohela liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo, le hore Mesia a tsoe sechabeng sa bona. Empa tsena li etsahetse e le hore lichaba tsohle li ka una molemo. Mangolo a Seheberu a neng a filoe Bajuda a fana ka tlhaloso e thobang pelo ea nako eo ka eona merabe eohle ea batho e tla hlohonolofatsoa haholo: “Lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova le ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae’ . . . Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:2-4.

Le hoja Jesu Kreste a ile a ruta Bajuda ka seqo, o ile a boela a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Ha ho na sechaba se neng se ke ke sa utloa litaba tse molemo. Ka lebaka leo, Jehova o fane ka mohlala o phethahetseng oa ho sebetsana le batho ba merabe eohle ka tsela e se nang leeme. “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Melao eo Molimo a e fileng sechaba sa Iseraele ea boholo-holo e boetse e bontša hore o tsotella batho ba lichaba tsohle. Hlokomela hore Molao o ne o sa hloke feela hore Baiseraele ba mamelle balichaba ba neng ba phela naheng ea bona, empa o ne o boetse o re: “Mojaki ea lulang e le mojaki hammoho le lōna o lokela ho ba ho lōna joaloka letsoalloa la habo lōna; le mo rate joalokaha le ithata, etsoe le bile bajaki naheng ea Egepeta.” (Levitike 19:34) Melao e mengata ea Molimo e ile ea ruta Baiseraele hore ba be mosa ho bajaki. Kahoo ha Boaze moholo-holo oa Jesu a bona mosali oa molata ea hlokang a ntse a khoahlapisa tšimong ea hae, o ile a etsa se lumellanang le seo a se rutiloeng ke Molimo ha a ne a etsa bonnete ba hore bakotuli ba hae ba mo siela lijo-thollo tse ngata tseo a tla li thonaka.—Ruthe 2:1, 10, 16.

Jesu o Ruta Batho ho ba Mosa

Jesu o rutile batho ka Molimo ho feta motho ofe kapa ofe. O ile a bontša balateli ba hae hore na batho ba ka ba mosa ho batho ba fapaneng le bona joang. Ka letsatsi le leng o ile a qoqisa mosali oa Mosamaria. Basamaria e ne e le morabe oo Bajuda ba bangata ba neng ba o khesa, ka lebaka leo mosali eo o ile a makala. Nakong eo ba ntseng ba qoqa, ka mosa Jesu o ile a thusa mosali enoa hore a utloisise hore na a ka fumana bophelo bo sa feleng joang.—Johanne 4:7-14.

Jesu o ile a boela a re ruta hore na re lokela ho tšoara batho ba merabe e meng joang ha a ne a etsa papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. Monna enoa o ile a fumana Mojuda ea neng a tsoile likotsi tse mpe a khakhathiloe ke masholu. Mosamaria enoa o ne a ka ’na a re, ‘Ke tla thusa Mojuda ke mo tsoteletse ka’ng? Bajuda baa re khesa.’ Empa Jesu o bontša hore Mosamaria enoa o na le maikutlo a fapaneng ka batho bao e seng ba sechaba sa habo. Le hoja batho ba bang ba leetong ba ile ba iphetela feela ha ba bona monna eo ea neng a tsoile likotsi, Mosamaria eena o ile “a susumetsoa ke khauho” eaba o mo thusa haholo. Jesu o ile a qetella papiso ena ka hore motho ofe kapa ofe ea batlang mohau oa Molimo o lokela ho etsa se tšoanang.—Luka 10:30-37.

Moapostola Pauluse o rutile ba batlang ho thabisa Molimo hore ba fetole botho ba bona ’me ba etsise tsela eo Molimo a tšoarang batho ka eona. Pauluse o ngotse tjena: “Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng, boo ho bona ho seng Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha . . . Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:9-14.

Na ho Tseba Molimo ho Fetola Batho?

Na ho tseba Jehova Molimo ho hlile ho fetola tsela eo batho ba sebelisanang ka eona le batho ba merabe e meng? Nahana ka se ileng sa etsahala ho motho e mong oa Asia ea neng a jakile naheng ea Canada ea ileng a nyahama ha a ne a khetholloa sebakeng seo. O ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me tsa qala ho ithuta Bibele le eena. Hamorao o ile a li ngolla lengolo leo a neng a li leboha ka lona, ’me lengolong leo o ne a itse: ‘Le ne le le makhooa a lokileng haholo a bileng a leng mosa. Ha ke hlokomela hore le ne le sa tšoane le makhooa a mang, ke ile ka ipotsa hore na ebe ke hobane’ng. Ke ile ka nahanisisa ka taba ena ’me ka fihlela qeto ea hore le Lipaki tsa Molimo. E tlameha ebe ho na le se seng seo Bibele e se buang ka taba ena. Libokeng tsa lōna ke ile ka bona batho ba bangata ba makhooa, ba batšo, ba basootho le ba basehla bao le hoja ba ne ba fapane ka ’mala lipelo tsa bona tsona li neng li tšoana—li le joalokaha eka u ka bona ka hare ho tsona—hobane ke bara le barali ba motho. Joale kea tseba hore na ke mang ea entseng hore ba be joalo. Ke Molimo oa lōna.’

Lentsoe la Molimo le bolela esale pele ka nako eo ka eona “ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:9) E le ho phethahatsa boprofeta ba Bibele, bongata bo boholo ba batho ba baloang ka limilione ‘bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle” bo kopanngoa borapeling ba ’nete, esita le hona joale. (Tšenolo 7:9) Bo lebeletse ho bona lehloeo le nkeloa sebaka ke lerato lefatšeng ka bophara har’a batho bao haufinyane ba tla phethahatsa morero oa Jehova oo a o boleletseng Abrahama ha a ne a re: “Malapa ’ohle a lefatše a tla hlohonolofatsoa.”—Liketso 3:25.

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Molao oa Molimo o ne o ruta Baiseraele hore ba rate bajaki

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ke sefe seo re ka ithutang sona papisong ea Mosamaria ea nang le moea oa boahisani?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ha ho na morabe oo Molimo a o fileng lebaka la hore o ikutloe o phahametse e meng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela