Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 8/8 maq. 30-31
  • Na ho Hloea Morabe o Mong ho ka Lokafatsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Hloea Morabe o Mong ho ka Lokafatsoa?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ahlotsoe ka Liketso Tsa Bona
  • Jesu o Ile a Khothalletsa Hore Merabe e Mamellane
  • Merabe ka Phuthehong ea Bokreste
  • Ho se Mamellane ha Merabe ho ka Rarolloa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Lefatše le ka ba le Bonngoe?
    Tsoha!—1994
  • Na Lehloeo le sa Tla Fela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Rata Moahisani ho ka Etsahala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 8/8 maq. 30-31

Pono ea Bibele

Na ho Hloea Morabe o Mong ho ka Lokafatsoa?

U NE u tla ikutloa joang haeba ba bang ba ne ba u nka u le motho ea bolotsana, ea mabifi, ea hlokang kelello kapa ea itšoereng hampe hobane feela u le oa morabe o itseng?a Ka sebele u ne u tla hlabeha. Ka masoabi, batho ba limilione ba hlahetsoe ke seo. Ho feta moo, ho pholletsa le histori batho ba bangata ba se nang molato ba ’nile ba hlekefetsoa le ho bolaoa, hobane feela e le ba morabe o mong kapa ba sechaba se seng. Ka sebele, boholo ba lintoa tse tšollang mali kajeno bo bakoa ke lehloeo la morabe. Leha ho le joalo, ba bangata ba tšehetsang pefo e joalo ha e le hantle ba ipolela ba lumela ho Molimo le Bibele. Hape ho na le ba bolelang hore khethollo ea morabe ke ntho e ke keng ea fela—ke kamoo motho a leng kateng.

Na Bibele e lumella lehloeo le joalo la morabe? Na ho na le maemo ao ho ’ona ho ka lokafatsoang ho hloea ba setso kapa ba morabe o fapaneng? Na ho na le tšepo ea hore ho tla ke ho be le bokamoso bo se nang lehloeo la morabe? Pono ea Bibele ke efe tabeng ee?

Ba Ahlotsoe ka Liketso Tsa Bona

Ha taba e okoloa ka holimo feela, motho a ka fihlela qeto e fosahetseng ka tsela eo Molimo a neng a sebelisana le batho ka eona mehleng ea khale—e leng hore Molimo o ne a tšehetsa lehloeo la morabe. Na litlaleho tse ling tsa Bibele ha li bontše Molimo a bolaea moloko o itseng kaofela kapa lichaba? E, ke ’nete, empa ho hlahlobisisa taba ho bontša hore Molimo o ile a ahlola batho bana ka lebaka la bokhopo ba ho se mamele melao ea Hae, eseng hobane e le ba morabe o mong.

Ka mohlala, Jehova Molimo o ile a nyatsa Bakanana ka lebaka la mekhoa ea bona ea boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate le ea bodemona. Ba ne ba bile ba etsetsa melimo ea bona ea bohata mahlabelo ka ho chesa bana ba bona! (Deuteronoma 7:5; 18:9-12) Leha ho le joalo, maemong a mang Bakanana ba itseng ba ile ba bontša tumelo ho Molimo ’me ba baka. Ka hona, Jehova o ile a ba boloka ba phela ’me a ba hlohonolofatsa. (Joshua 9:3, 25-27; Baheberu 11:31) Mosali e mong oa Mokanana ea bitsoang Rahaba o ile a ba a fetoha moholo-holo oa Mesia ea tšepisitsoeng, Jesu Kreste.—Matheu 1:5.

Molao oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele o bontša hore ha a ee ka tšobotsi. Ho e-na le hoo, o na le thahasello ea sebele boiketlong ba batho bohle. Ho Levitike 19:33-34, re fumana taelo ena e qenehelang e tsoang ho Molimo e e-ea ho Baiseraele: “Haeba mojaki a lula le lōna e le mojaki naheng ea lōna, le se ke la mo sotla. Mojaki ea lulang e le mojaki hammoho le lōna o lokela ho ba ho lōna joaloka letsoalloa la habo lōna; le mo rate joalokaha le ithata, etsoe le bile bajaki naheng ea Egepeta. Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.” Ho na le litaelo tse tšoanang bukeng ea Exoda le ea Deuteronoma. Ho hlakile hore Jehova o ne a sa tšehetse lehloeo la morabe ka mabaka a itseng. O ile a hatella hore ho be le kutloano pakeng tsa merabe.

Jesu o Ile a Khothalletsa Hore Merabe e Mamellane

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Bajuda le Basamaria ba ne ba batla ba khesana. Ka lekhetlo le leng batho ba motse o mong oa Basamaria ha baa ka ba amohela Jesu hobane feela e le Mojuda ea eang Jerusalema. U ka be u ile ua itšoara joang ketsong eo? E ka ’na eaba barutuoa ba Jesu ba ne ba ile ba bontša leeme la mehleng eo ha ba mo botsa: “Morena, na u batla hore re bolelle mollo hore o theohe leholimong ’me o ba felise?” (Luka 9:51-56) Na Jesu o ile a lumella khalefo ea barutuoa ba hae hore e mo susumetse? Ha ho joalo kaha o ile a ba khalemela ka matla ’me ka khotso a ea batla moo a ka robaletsang teng motseng o mong. Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a etsa papiso ea Mosamaria ea molemo. Papiso ena e ile ea bontša ka ho hlaka hore morabe oa motho ka booona ha o mo etse sera. Ha e le hantle, e ka ’na ea e-ba moahelani ea molemo haholo!

Merabe ka Phuthehong ea Bokreste

Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a lebisa tlhokomelo ea hae ka ho khetheha ho etseng batho barutuoa sechabeng sa habo. Empa qetellong o ile a bontša hore ba bang e ne e tla ba balateli ba hae. (Matheu 28:19) Na batho ba merabe eohle ba ne ba tla amoheloa? E! Moapostola Petrose o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Hamorao moapostola Pauluse o ile a tšehetsa khopolo ena ka ho bontša ka ho hlaka hore e ne e se ntho ea bohlokoa ka phuthehong ea Bokreste hore na motho ke oa morabe ofe.—Bakolose 3:11.

Bopaki bo bong bo bontšang hore Molimo o amohela batho ba merabe eohle bo fumanoa bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Ponong e bululetsoeng ke Molimo, moapostola Johanne o ile a bona ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle,’ bo amohetseng poloko ea Molimo. (Tšenolo 7:9, 10) ‘Bongata bona bo boholo’ e tla ba motheo oa lefatše le lecha leo ho lona batho ba merabe eohle ba tla phela ka khotso, ba kopantsoe ke ho rata ha bona Molimo.

Ho sa le joalo, Bakreste ba lokela ho hana boikutlo ba ho ahlola ba bang hobane e le ba morabe o mong. Ho talima batho ka bomong, ka tsela eo Molimo a ba talimang ka eona, eseng feela e le ba morabe o itseng, ho bontša toka le lerato. Na hase eona tsela eo u batlang ho talingoa ka eona? Jesu o ile a re khothatsa ka nepo ha a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Hoa thabisa ho phela moo ho se nang lehloeo la morabe. Ho etsa hore motho a be le khotso ea kelello le ho phela le ba bang ka khotso. Habohlokoa haholoanyane, ho re tlisa bonngoeng le ’Mōpi oa rōna ea seng leeme, Jehova Molimo. Lena ke lebaka le utloahalang hakaakang la hore re qobe ho hloea morabe o mong!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehloohong sena, “morabe” o sebelisitsoe ho hlalosa batho ba nang le semelo se tšoanang, bochaba, leloko, kapa setso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela