Na Lefatše le ka ba le Bonngoe?
‘Hangata haholo, hloea moahisani oa hao ho ne ho bonahala e le lepetjo la 1992.’
SEO e ne e le tekanyetso ea Newsweek. Makasine oo o ile oa eketsa: “Likarohano tsena—moahisani khahlanong le moahisani, morabe khahlanong le morabe, sechaba khahlanong le sechaba se seng—esale e le lintho tseo re li pepeselitsoeng, ’me liketsahalo tsa selemo sena li hlahisa lipelaelo mabapi le hore na ho na le seo re se finyellang mabapi le ho koala likheo tsena.”
Haufinyane, ho thibelloa ke sesole, lipolao tse sehloho, le peto moo pele e neng e le Yugoslavia e bile lihlooho tsa litaba lefatšeng lohle. Bosnia le Herzegovina feela, ba ka bang 150 000 ba bolailoe kapa ba nyametse. ’Me ba ka bang 1 500 000 ba ntšitsoe malapeng a bona. Na u ka bolela hore liketsahalo tsee tse bohloko li ke ke tsa etsahala sebakeng sa heno?
Ofisiri ea Machaba a Kopaneng José-María Mendiluce o ile a lemosa: “Batho ba ka fetoloa mechini ea ho hloea le ho bolaea ntle le bothata bo boholo. . . . Bophirima ho na le boikutlo ba hore ntoa ea kupa sebakeng seo e ka bang lihora tse tharo ho tloha Venice hobane feela batho ba Balkan ba fapane ka ho feletseng le baahi ba bang ba Europe. Eo ke phoso e kotsi haholo.”
Ha Soviet Union e felisoa ka 1991, pefo ea merabe e itseng e ile ea latela kapele. Ho ile ha bolaoa ba ka bang 1 500, ’me ba ka bang 80 000 ba ile ba lelekoa rephabliking ea Georgia ea moo pele e neng e le Soviet. Ba makholo ba ile ba shoa, ’me ba likete ba ile ba lelekoa ke ntoa Moldova. Ho boetse ho ’nile ha e-ba le ho lahleheloa ke bophelo liqhoebeshanong tse pakeng tsa Armenia le Azerbaijan, haesita le likarolong tse ling tsa lirephabliki tsa moo pele e neng e le Soviet.
Rephabliki e khōlō ka ho fetisisa ea moo pele e neng e le Soviet ke Russia. Esita le moo lihlopha tse ngata tsa merabe li batla ho ithehela linaha tsa tsona. Kahoo, The European e ile ea tlaleha ka July selemong se fetileng: “Kopano ea Russia e tobane le ho khaoha litsekana.” Koranta eo e ile ea re: “Libekeng tse seng kae tse fetileng, libaka tse tharo li ile tsa vouta tsa ipolela e le lirephabliki . . . Tse ling tse tharo li bontšitse bekeng e fetileng hore li tla latela le tsona.”
Haeba ho thehoa linaha tse arohaneng, u thatafalloa ho bitsa mabitso a sa tloaelehang, joaloka Kaliningrad, Tatarstan, Stavropolye, Chechnya, Vologda, Sverdlovsk, Bashkortostan, Yakutiya, le Primorye. Na see ha se utloahale se tšoana le se etsahetseng moo pele e neng e le Yugoslavia—Serbia, moo Croatia, le Slovenia li thehiloeng ’me ho ntse ho ka thehoa linaha tse ling?
Mongoli oa naha oa United States Warren Christopher o ile a bua ka “ho rōpōha ha liqhoebeshano tseo e leng khale li hateletsoe tsa merabe, bolumeli le sebaka” ’me a botsa: “Haeba re ke ke ra fumana tsela e itseng ea hore lihlopha tsa merabe e fapaneng li phele hammoho naheng, ho tla ba le linaha tse kae?” O ile a re ho ka ba le tse likete.
Likarohano Hohle
U nahana hore ho bile le liqhoebeshano tse kae tsa merabe, bolumeli, le libaka mathoasong a selemo se fetileng? Na u ka re tse 4, 7, 9, 13, kapa mohlomong esita le tse 15? Ka February, The New York Times e ile ea thathamisa kakaretso ea tse 48! Thelevishene e ka ’na ea se ke ea u bontša litšoantšo tsa litōpō tse tletseng mali le bana ba tletseng tšabo liketsahalong tseo tsohle tse 48, empa na seo se etsa hore liketsahalo tseo tse sehlōhō e se be tsa sebele hakaalo ho bahlaseluoa?
Ha ho sekhutlo sa lefatše seo ho sona ho bonahalang eka ntoa e ke ke ea qhoma. Naha ea Afrika Bophirima ea Liberia ka ho tšoanang e sentsoe ke pefo ea merabe. Moeta-pele e mong oa likhukhuni o ile a fumana tšehetso melokong ea Gio le Mano bakeng sa ho ketola mopresidente, eo e neng e le oa sehlopha sa morabe sa Krahn. Ho ile ha e-shoa batho ba fetang 20 000 ntoeng ea lehae, ’me ba likete tse makholo ba ile ba lelekoa malapeng a bona.
Afrika Boroa, ba basoeu le ba batšo baa loantšana khohlanong ea ho batla taolo ea lipolotiki. Empa ntoa ha e feela lipakeng tsa ba batšo le ba basoeu. Ka 1992 feela, ba ka bang 3 000 ba ile ba bolaoa ntoeng e neng e le lipakeng tsa lihlopha tsa batho ba batšo tse qothisanang lehlokoa.
Somalia ho ile ha e-shoa ba ka bang 300 000 ’me ba ka bang milione ba ile ba siuoa ba se na mahae ha ntoa ea batho ba liboko tse fapaneng e fetoha ntoa ea lehae. Burundi le Rwanda, likhohlano tsa merabe lipakeng tsa Mahutu le Matutsi li bakile mafu a likete lilemong tse sa tsoa feta.
Ntoa e bonahala e sa lale lipakeng tsa Bajode le Maarabo Iseraele, lipakeng tsa Mahindu le Mamosleme India, le lipakeng tsa Maprostanta le Mak’hatholike Ireland. Pefo ea merabe e boetse e qhomme ka 1992 Los Angeles, California, ’me ha e-shoa batho ba fetang 40. Hohle moo batho ba merabe e fapaneng, bochaba, kapa bolumeli ba phelang hammoho ba atamelane, hangata ho hlaha likhohlano tse sehlōhō.
Na batho ba ka rarolla tlokotsi ee ea qabang ea merabe?
Boiteko bo Kopanetsoeng ba Batho
Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala boitekong ba moo pele e neng e le Yugoslavia le moo pele e neng e le Soviet Union. Ka 1929, Yugoslavia e ile ea thehoa ka boiteko ba ho tlisa bonngoe naheng e le ’ngoe lihlopha tsa merabe e fapaneng e phelang Europe e boroa-bochabela. Soviet Union ka ho tšoanang e ile ea thehoa ka ho kopanya batho ba fapaneng ba limelo tse fapaneng tsa morabe, bolumeli, le bochaba. Ka mashome a mangata a lilemo ka bobeli linaha tseo li ne li na le mebuso e matla e li momahantseng, ’me qetellong ho ne ho bonahala eka baahi ba tsona ba ithutile ho phela hammoho.
E mong oa baeta-pele Serbia o ile a hlalosa: “’Mapa oa merabe oa Bosnia pele ho ntoa, haesita le oa Yugoslavia pele ho ntoa, e ne eka letlalo la jaguar. Batho ba ne ba kopane ka tsela eo ba neng ba ke ke ba arohanngoa.” Ha e le hantle, hoo e ka bang karolo ea 15 lekholong ea manyalo Yugoslavia e ne e le lipakeng tsa batho ba lihlopha tsa merabe e fapaneng. Boemo bo tšoanang ba hoo e bonahalang eka ke bonngoe bo ne bo thehiloe ka ho kopanngoa ha batho ba lihlopha tsa merabe Soviet Union.
Kahoo, batho ba ile ba tšoha haholo ha, ka mor’a lilemo tse mashome a mangata tsa ho bonahalang eka ke khotso, pefo ea merabe e qhoma. Kajeno, joalokaha moqolotsi e mong oa litaba a ile a ngola, batho ba se ba “arola seo pele e neng e le Yugoslavia ka morabe, bolumeli le bochaba.” Ke hobane’ng ha, nakong eo mebuso eo e matla e oang, linaha tsee li ile tsa arohana?
Lisosa
Ka tlhaho batho ha ba hloee batho ba sehlopha sa morabe o mong. Joalokaha pina e ’ngoe e tummeng e kile ea bolela, u lokela ‘ho rutoa ka hloko pele e e-ba morao haholo, pele u e-ba lilemo li tšeletseng kapa li supileng kapa li robeli, ho hloea batho bohle bao beng ka uena ba ba hloileng.’ Pina ena e ne e bua ka banyalani ba bacha ba nang le liphapang tsa morabe tse bonahalang. Empa, ho latela setsebi sa kelello Zarka Kovac, batho ba moo pele e neng e le Yugoslavia ba na le “liphapang tse fokolang haholo tsa ’mele haeba li le teng.” Leha ho le joalo, pefo e ngata ho feta kamoo ho ka utloisisoang ka teng. Kovac o ile a re: “U retla motho eo u ’molaileng e le hore u tle u se ke ua hlokomela ngoan’eno.”
Ka ho hlakileng, lehloeo le joalo la merabe le bochaba ha lea bōpelloa ka hare ho batho. Batho ba ’nile ba rutoa ka hloko ke ba fetisang lithuto le beng ka bona ba hopolang lihlōhō tsa nako e fetileng. Ke mang eo e ka bang o susumetsa see sohle? Ka ho leka ho utloisisa lihlōhō tsa ntoa, rakhoebo e mong oa Sarajevo o ile a susumeletsoa ho etsa qeto: “Ka mor’a hore ntoa ea Bosnia e qete selemo ke lumela hore Satane ke eena ea tšoereng marapo. Hona ke bohlanya feela.”
Le hoja ba bangata ba sa lumele hore Satane Diabolose o teng, Bibele e supa boteng ba motho ea sa bonahaleng, ea nang le matla a ka holimo ho a batho ea nang le tšusumetso e fosahetseng ka ho feletseng boitšoarong ba moloko oa batho. (Mattheu 4:1-11; Johanne 12:31) Ha u nahana ka hona—ka khethollo, lehloeo, le pefo tse se nang motheo kaofela—mohlomong u ka ’na ua lumela hore Bibele ha e bue tsa eona ha e re: ‘Ea bitsoang Diabolose le Satane, o thetsa lefatše kaofela.’—Tšenolo 12:9; 1 Johanne 5:19.
Lehlaseli la Tšepo
Ha re hlahloba mofere-fere oa lefatše oa morao tjena, toro ea moloko oa batho o nang le bonngoe e bonahala e le hōle ho feta leha e le neng pele. Likhohlano tsa bochaba le tsa merabe li sokela boteng ba motho ho feta leha e le neng pele. Empa leha ho le joalo, le har’a lefifi lena la lefatše lohle, lehlaseli la tšepo lea khanya. Nakong ea lehlabula la 1993, sehlopha sa batho ba lihlopha tse loantšanang tsa merabe se ile sa bonahatsa tlamo e tšoanang e ileng ea se lumella ho behella ntoa ea merabe ka thōko le ho sebetsa hammoho ka lerato le bonngoe.
Ha e le hantle, tlamo ena ho bonahala e le eona ntho e ’nileng ea arohanya moloko oa batho hangata—bolumeli. Makasine oa Time o ile oa tlaleha: “Haeba motho a fatisisa khethollong e sehlōhō ea meloko, kapa bochaba, hangata u fumana hore bolumeli bo ntse bo kentse letsoho . . . Lehloeo la bolumeli le qetella le hloka mohau ’me le se na lithibelo.” Ka tsela e tšoanang, India Today e ile ea re: “Bolumeli e ’nile ea e-ba tšireletso eo tlas’a eona ho ’nileng ha hlohleletsoa litlōlo tsa molao tse tšabehang ka ho fetisisa. . . . Bo hlahisa pefo e sehlōhō ka ho fetisisa ’me ke matla a senyang haholo.”
Ka sebele, bolumeli bo ’nile ba ipaka e le karolo ea bothata, eseng tharollo. Empa sehlopha sena sa bolumeli se boletsoeng ka holimo—sehlopha sa lipalo tse khōlō—se bontšitse hore bolumeli bo ka tlisa bonngoe, ba se ke ba arola. Feela ke bo-mang bao e leng litho tsa sehlopha see? Hona ke hobane’ng ha ba ’nile ba thabela katleho e hlollang moo ba bang ba hlōlehileng? Ho araba re u mema hore u bale lihlooho tse latelang. Ho etsa joalo ho ka u fa pono e ncha mabapi le bokamoso ba moloko oa batho.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Graveyard in Bosnia. Haley/Sipa Press