Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 4-LA 10 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 JOHANNE 1-5
“Le se ke la Rata Lefatše Kapa Lintho Tse Lefatšeng”
(1 Johanne 2:15, 16) Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. 16 Hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.
Khomarelang Mohlala o Behiloeng ke Jesu
13 Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e fosahetseng. Le haeba ho joalo, ho ka ba bonolo hore lefatše le lintho tsa lona tse khahlang, le re sitise ho sebeletsa Jehova. Ebile ha ho letho leo lefatše le fanang ka lona le reretsoeng ho re atametsa ho Molimo. Kahoo, re tla be re le kotsing haeba re ka ba le lerato la lintho tse lefatšeng, esita le haeba e le lintho tseo e ka ’nang eaba ha li phoso ka botsona. (1 Timothea 6:9, 10) Ntle ho moo, ’nete ke hore lintho tse ngata tsa lefatše li mpe ’me li ka re silafatsa. Haeba re shebella libaesekopo kapa mananeo a thelevishene a khothaletsang pefo, lerato la lintho tse bonahalang, kapa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, lintho tsena li ka bonahala li amoheleha eaba lia re leka. Haeba re tloaelana le batho ba amehileng haholo ka ho ntlafatsa mekhoa ea bona ea bophelo kapa ka ho batla menyetla ea khoebo, le rona re ka qetella re nka lintho tseo e le tsa bohlokoa haholo.—Matheu 6:24; 1 Bakorinthe 15:33.
(1 Johanne 2:17) Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.
Nahana Hore na U Tšoanela ho ba Motho oa Mofuta Ofe
18 Ntho e ’ngoe e re thusang hore re hane “lintho tse lefatšeng” ke hore re lule re hopola mantsoe ana a Johanne a bululetsoeng: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Tsamaiso ea Satane e bonahala eka ke ea sebele ebile e tla hlola ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng e tla fela. Ha ho letho leo lefatše la Satane le ka re fang lona le tla tšoarella ka ho sa feleng. Ho hopola seo ho tla re thusa hore re se ke ra qhekelloa ke Diabolose.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(1 Johanne 2:7, 8) Baratuoa, ha ke le ngolle taelo e ncha, empa taelo ea khale eo le bileng le eona ho tloha tšimolohong. Taelo ena ea khale ke lentsoe leo le ileng la le utloa. 8 Hape, ke le ngolla taelo e ncha, taba ea ’nete ho eena le ho lona, hobane lefifi lea feta ’me leseli la ’nete le se le ntse le khanya.
Likhopotso Tsa Jehova Lia Tšepahala
14 Mangolo a Segerike a Bakreste a na le likhopotso tse ngata tsa kamoo re ka bontšanang lerato kateng. Jesu o ile a re taelo ea bobeli e kholo ka ho fetisisa ke hore motho a ‘rate moahelani oa hae joalokaha a ithata.’ (Mat. 22:39) Ka ho tšoanang, mor’abo Jesu e leng Jakobo o ile a re lerato ke “molao oa borena.” (Jak. 2:8) Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Baratuoa, ha ke le ngolle taelo e ncha, empa taelo ea khale eo le bileng le eona ho tloha tšimolohong.” (1 Joh. 2:7, 8) Johanne o ne a bolela’ng ha a bua ka “taelo ea khale”? O ne a bua ka taelo ea ho rata batho ba bang. Taelo eo e ne e le ea “khale” kaha Jesu o ne a fane ka eona lilemo tse mashome pejana, “ho tloha tšimolohong.” Empa e ne e boetse e le “ncha” ka kutloisiso ea hore e ne e hloka hore barutuoa ba be le lerato le bontšang boitelo le neng le ka ’na la ba thusa maemong a macha ao ba neng ba tla tobana le ’ona. Kaha re barutuoa ba Kreste, na ha re ananele litemoso tse re thusang hore re qobe ho bontša moea oa boithati o atileng haholo lefatšeng kajeno, o ka re sitisang ho bontša lerato ho baahisani?
(1 Johanne 5:16, 17) Haeba leha e le mang a re heli! ’me a bona mor’abo a etsa sebe se sa tliseng lefu, o tla kopa, ’me o tla fana ka bophelo ho eena, e, ho ba sa etseng sebe e le hore ba itlisetse lefu. Ho na le sebe se tlisang lefu. Ha ke mo bolelle hore a etse kopo malebana le sebe seo. 17 Ho se loke hohle ke sebe; leha ho le joalo ho na le sebe se sa tliseng lefu.
it-1-E 862 ¶5
Tšoarelo
Ke taba e ntle haeba re rapella batho ba bang hore Molimo a ba tšoarele, esita le ho rapella phutheho kaofela. Moshe o ile a rapella sechaba sa Iseraele, a bolela sebe seo sechaba se se entseng a ba a se kopela tšoarelo ho Jehova ’me Jehova o ile a utloa thapelo eo. (Nu 14:19, 20) Hape, ha ho ne ho khakoloa tempele, Solomone o ile a rapela Jehova hore ha sechaba se entse sebe ebile se bakela liphoso tseo, Jehova a se tšoarele. (1Ma 8:30, 33-40, 46-52) Esdrase o ile a pepesa libe tsa Bajuda ba neng ba khutliselitsoe naheng ea ha bo bona. Likhothatso tseo Esdrase a ileng a li etsa le thapelo ea hae e tlohang botebong ba pelo, li ile tsa thusa Bajuda hore ba bakele liphoso tsa bona e le hore Jehova a ba tšoarele. (Esd 9:13–10:4, 10-19, 44) Jakobo o ile a khothalletsa hore motho eo setsoalle sa hae le Jehova se khoehlang, a ee ho banna ba baholo ba phutheho e le hore ba ka mo rapella ’me “haeba a entse libe, o tla tšoareloa.” (Jak 5:14-16) Leha ho le joalo, hona le sebe seo ka boomo motho a se etsang e leng ho siteloa moea o halalelang. Ke “sebe se tlisang lefu” ’me ho hang se ke ke sa tšoareloa. Mokreste haa lokela ho rapella motho ea entseng sebe sena.—1Jo 5:16; Mat 12:31; Heb 10:26, 27; sheba le SIN, I; SPIRIT.
’Malo oa Bibele
(1 Johanne 1:1–2:6) Se neng se le teng ho tloha tšimolohong, seo re se utloileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se shebileng ka hloko ’me matsoho a rona a se ama, malebana le lentsoe la bophelo, 2 (e, bophelo bo ile ba bonahatsoa, ’me re bone ’me re paka le ho le tlalehela bophelo bo sa feleng bo neng bo le ho Ntate le bo ileng ba bonahatsoa ho rona,) 3 re boetse re le tlalehela seo re se boneng le seo re se utloileng e le hore le lona le ka ba le kabelo le rona. Ho feta moo, kabelo ena ea rona e ho Ntate le ho Mora oa hae Jesu Kreste. 4 Kahoo re ngola lintho tsena e le hore thabo ea rona e ka ba ka tekanyo e tletseng. 5 Ona ke molaetsa oo re o utloileng ho eena ’me re le tsebisa oona, hore Molimo ke leseli ’me ha ho na lefifi ho hang bonngoeng le eena. 6 Haeba re re: “Re na le kabelo le eena,” leha ho le joalo re tsoela pele ho tsamaea lefifing, re bua leshano ’me ha re sebelise ’nete. 7 Leha ho le joalo, haeba re tsamaea leseling joalokaha eena a le leseling, re fela re abelana, ’me mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle. 8 Haeba re re: “Ha re na sebe,” rea ithetsa ’me ’nete ha e eo ho rona. 9 Haeba re bolela libe tsa rona, oa tšepahala ’me o lokile hore a re tšoarele libe tsa rona le ho re hloekisa ho se lokeng hohle. 10 Haeba re re: “Ha rea etsa sebe,” re mo etsa ea leshano, ’me lentsoe la hae ha le eo ho rona. 2 Bana ba ka ba banyenyane, ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng. 2 Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rona, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rona feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle. 3 Ka sena re na le tsebo ea hore rea mo tseba, e leng, haeba re tsoela pele ho boloka litaelo tsa hae. 4 Ea reng: “Kea mo tseba,” leha ho le joalo a sa boloke litaelo tsa hae, o leshano, ’me ’nete ha e eo ho motho enoa. 5 Empa mang kapa mang ea felang a boloka lentsoe la hae, kannete ho motho enoa lerato la Molimo le entsoe le phethahetseng. Ka sena re na le tsebo ea hore re bonngoeng le eena. 6 Ea reng o lula bonngoeng le eena o tlamehile hore a tsoele pele ho tsamaea feela joalokaha eo a ile a tsamaea.
LA 11-LA 17 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 JOHANNE 1-13; 3 JOHANNE 1-14–JUDA 1-25
“Re Lokela ho Loanela ho Lula re Sebeletsa Jehova”
(Juda 3) Baratuoa, le hoja ke ne ke etsa boiteko bo bong le bo bong ba ho le ngolla ka poloko eo re nang le eona bohle, ke ile ka fumana ho hlokahala ho le ngolla ho le eletsa hore le loane ntoa e thata bakeng sa tumelo eo hang le ka ho ke keng ha phetoa ho ileng ha nehelanoa ka eona ho bahalaleli.
“Le Tsoele Pele ho Fumana Matla Moreneng”
8 Re tseba merero ea Satane hobane Mangolo a senola maqiti a hae a ka sehloohong. (2 Bakorinthe 2:11) Diabolose o ile a hlasela monna ea lokileng Jobo ka mathata a maholo a moruo, ka mafu a baratuoa ba hae, ka khanyetso e tsoang ka lapeng, ka ho opeloa le ka ho soloa ntle ho lebaka ke metsoalle ea bohata. Jobo o ile a nyahama ’me a nahana hore Molimo o mo furaletse. (Jobo 10:1, 2) Le hoja kajeno Satane a ke ke a baka likhathatso tsena ka ho toba, mathata a mofuta ona a ama Bakreste ba bangata, ’me Diabolose a ka a sebelisa molemong oa hae.
9 Lintho tse kotsi moeeng li atile haholo nakong ena ea bofelo. Re phela lefatšeng le hahamallang lintho tse bonahalang ho feta lipakane tsa moea. Nako le nako mecha ea litaba e bontša ho kopanela liphate ho sa lumelloang ka molao e le mohloli oa thabo eseng oa masisa-pelo. ’Me batho ba bangata ‘ba rata menyaka ho e-na le ho rata Molimo.’ (2 Timothea 3:1-5) Haeba re sa “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo,” empa re nahana ka tsela ena, re ka ba kotsing ea ho khothometseha moeeng.—Juda 3.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Juda 4) Lebaka la ka ke hore batho ba itseng ba kene ka sekhukhu bao e leng khale ba khethetsoe kahlolo ena ke Mangolo, batho ba se nang bomolimo, ba fetolang mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rona boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng le ba se nang ’nete ho eo e leng eena feela Monghali le Morena oa rona, Jesu Kreste.
(Juda 12) Ke mafika a patiloeng ka tlas’a metsi meketeng ea lona ea lerato ha ba ntse ba keteka le lona, ke balisa ba iphepang ntle ho tšabo; ke maru a se nang metsi a isoang koana le koana ke meea; ke lifate qetellong ea lehoetla, empa tse se nang litholoana, tse shoeleng habeli, tse fothotsoeng;
it-2-E 279
Mekete ea Lerato
Bibele ha e re letho ka mekete ena ea lerato ebile ha e re letho ka hore na e ne tšoaroa khafetsa hakae. (Juda 12) Morena Jesu kapa baapostola ba hae ha baa ka ba laela hore mekete ena e ketekoe kahoo, ho hlakile hore ha se setlamo hore e etsoe. Batho ba bang ba re Bakreste ba neng ba hafa ka nkatana ba ne ba etsa mekete ebe ba mema Bakreste-’moho le bona ba kollang ntsi hanong. Bana ba se nang bo-ntate, bahlolohali, barui le ba sa atlehang haholo ba ne ba ja hammoho ho bontša hore ba momahane.
it-2-E 816
Lefika
Lentsoe le leng la Segerike e leng spi·lasʹ, le ka boela la bolela lefika le ka tlas’a metsi. Juda o ile a bapisa banna ba neng ka kene ka phuthehong ka sepheo se fosahetseng le mafika ao. Joalokaha mafika ao a tlas’a metsi a ne a ka senya likepe, banna bao le bona ba ne ba le kotsi ho batho ba bang ka phuthehong. O re: “Ke mafika a patiloeng ka tlas’a metsi meketeng ea lona ea lerato ha ba ntse ba keteka le lona.”—Juda 12.
(Juda 14, 15) E, oa bosupa ka tlhahlamano ho tloha ho Adama, Enoke, o ile a profeta le ka bona, ha a re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.”
‘O Ile a Khahlisa Molimo’
Boprofeta ba Enoke bo ne bo re’ng? Bo ne bo re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) U tla hlokomela hore mona, Enoke o bua ka lintho tseo a neng a profeta ka tsona joalokaha eka li se li etsahetse. Ena ke tsela eo boprofeta bo bongata bo ileng ba latela ka mor’a moo bo ileng ba ngoloa ka eona. Ho tloha ka nako eo, boprofeta bo ile ba bua ka lintho tseo Molimo a tla li phethahatsa joalokaha eka li se li ntse li phethahetse!—Esaia 46:10.
‘O Ile a Khahlisa Molimo’
Tumelo ea Enoke e ka re thusa ho itlhahloba hore na re talima lefatše leo re phelang ho lona ka tsela eo Jehova a le talimang ka eona. Molaetsa oa kahlolo oo Enoke a neng a o bolela o ntse o sebetsa le mehleng ena, ha oa siuoa ke nako. Jehova o ile a fela a phethahatsa mantsoe ao a neng a a buile ka moprofeta oa hae Enoke, eaba o tlisa Moroallo lefatšeng. Empa seo e ne e se letho ha se bapisoa le seo Molimo a tla se etsa lefatšeng haufinyane ho batho ba sa mo mameleng. (Matheu 24:38, 39; 2 Petrose 2:4-6) Feela joaloka mehleng eo, le kajeno Jehova le mangeloi a hae ba se ba ntse ba itokiselitse ho ahlola lefatše lena la batho ba sa mameleng. E mong le e mong o lokela ho nka ka ho teba keletso ea Enoke ’me a bolelle ba bang molaetsa oo. Ho ka etsahala hore beng ka rona ba re fetohele. Ka linako tse ling re ka ikutloa eka re lahliloe kherehloa. Jehova ha aa ka a lahla Enoke, ’me le uena a ke ke a u lahla haeba u lula u tšepahala!
’Malo oa Bibele
(2 Johanne 1-13) Monna e moholo, ho mofumahali ea khethiloeng le ho bana ba hae, bao ke ba ratang kannete, eseng ’na feela, empa le bohle ba tsebang ’nete, 2 ka lebaka la ’nete e lulang ho rona, ’me e tla ba le rona ka ho sa feleng. 3 Ho rona ho tla ba le mosa o sa tšoanelang, mohau le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le ho Jesu Kreste Mora oa Ntate, ka ’nete le lerato. 4 Ke thaba haholo hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaea ’neteng, feela joalokaha re ile ra amohela taelo e tsoang ho Ntate. 5 Kahoo joale kea u kopa, mofumahali, joaloka motho ea u ngollang, eseng taelo e ncha, empa eo re bileng le eona ho tloha tšimolohong, ea hore re ratane. 6 Sena ke seo lerato le se bolelang, hore re tsoele pele ho tsamaea ho ea ka litaelo tsa hae. Ena ke taelo, feela joalokaha le utloile ho tloha tšimolohong, hore le lokela ho tsoela pele ho tsamaea ka eona. 7 Etsoe bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng, batho ba sa boleleng Jesu Kreste e le ea tlang ka nama. Enoa ke mothetsi le mohanyetsi oa Kreste. 8 Itlhokomeleng, hore le se ke la lahleheloa ke lintho tseo re sebelelitseng ho li hlahisa, empa hore le ka fumana moputso o tletseng. 9 E mong le e mong ea iketelletsang pele ’me a sa lule thutong ea Kreste ha a na Molimo. Ea lulang thutong ena ke eena ea nang le Ntate le Mora. 10 Haeba leha e le mang a tla ho lona ’me a sa tlise thuto ena, le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lona kapa la mo lumelisa. 11 Etsoe ea mo lumelisang o kopanela mesebetsing ea hae e khopo. 12 Le hoja ke e-na le lintho tse ngata tseo nka le ngollang tsona, ha ke lakatse ho etsa joalo ka pampiri le enke, empa ke tšepa ho tla ho lona le ho bua le lona lifahleho li talimane, e le hore thabo ea lona e ka ba ka tekanyo e tletseng. 13 Bana ba morali’eno, mokhethoa, ba u romela litumeliso.
LA 18-LA 24 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TŠENOLO 1-3
“Ke Tseba Liketso Tsa Hao”
(Tšenolo 1:20) Ha e le sephiri se halalelang sa linaleli tse supileng tseo u li boneng letsohong la ka le letona, le sa liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng: Linaleli tse supileng li bolela mangeloi a liphutheho tse supileng, ’me liluloana tsa mabone tse supileng li bolela liphutheho tse supileng.
U Bontša Moea oa Mofuta Ofe?
8 Re ka qoba ho ba le maikutlo a joalo haeba re hopola hore ka Bibeleng ho boleloa hore “ka letsohong la hae le letona [Jesu] o ne a e-na le linaleli tse supileng.” “Linaleli” tseo li emela balebeli ba tlotsitsoeng hammoho le balebeli bohle ba phutheho. Jesu a ka tataisa “linaleli” tse ka letsohong la hae ka tsela efe kapa efe eo a bonang e hlokahala. (Tšen. 1:16, 20) Kahoo, kaha Jesu ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste, ke eena ea laolang lihlopha tsohle tsa baholo. Haeba e mong sehlopheng sa baholo a hloka ho khalemeloa, Jesu eo “mahlo a hae a [leng] joaloka lelakabe la mollo,” o tla tiisa hore sena se phethoa ka nako ea Hae le ka tsela ea hae. (Tšen. 1:14) Pele seo se etsahala, re lokela ho lula re hlompha ba khethiloeng ke moea kaha Pauluse o ile a ngola a re: “Mamelang ba etellang pele har’a lona ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lona joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lona.”—Baheb. 13:17.
(Tšenolo 2:1, 2) “Ngolla lengeloi la phutheho e Efese u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea tšoereng linaleli tse supileng ka letsohong la hae le letona, ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng, 2 ‘Ke tseba liketso tsa hao, le mosebetsi le mamello ea hao, le hore ha u mamelle batho ba babe, le hore u leka ba reng ke baapostola, empa e se bona, ’me u ile ua ba fumana e le ba leshano.
Jehova o re Sireletsa Bakeng sa Poloko
11 Ponong e tlalehiloeng ho Tšenolo khaolo ea 2 le ea 3, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o hlahloba liphutheho tse supileng tsa Asia Minor. Ponong ena Kreste o bua ka lintho tse neng li etsahala ebile o bua ka batho ba itseng ka ho khetheha. Maemong a mang ebile o bolela batho ka mabitso, o fana ka pabatso e loketseng kapa keletso. See se bontša’ng? Ha pono eo e phethahatsoa, liphutheho tse supileng li emela Bakreste ba tlotsitsoeng, ka mor’a 1914, ’me keletso e fuoang liphutheho tseo tse supileng e sebetsa le ho liphutheho tsohle tsa batho ba Molimo lefatšeng lohle kajeno. Kahoo, ho loketse hore re fihlele qeto ea hore Jehova o sebelisa Mora oa hae ho tataisa batho ba hae. Re ka etsa joang hore tataiso eo e re tsoele molemo?
Khema le Mokhatlo oa Jehova
20 Ho khema le mokhatlo oa Jehova o tsoelang pele ho hloka hore re hlokomele karolo eo Molimo a e abetseng Jesu Kreste ea ho ba “hlooho ea phutheho.” (Baefese 5:22, 23) Re lokela hore re boele re hlokomele Esaia 55:4, moo re bolelloang sena: “Bonang! [’Na Jehova] ke fane ka eena e le paki ho lichaba, e le moeta-pele le molaoli oa lichaba.” Ka sebele Jesu o tseba ho etella pele. O tseba linku tsa hae le liketso tsa tsona. Ha e le hantle, ha a ne a hlahloba liphutheho tse supileng tsa Asia Minor, ka makhetlo a mahlano o ile a re: “Ke tseba liketso tsa hao.” (Tšenolo 2:2, 19; 3:1, 8, 15) Jesu o boetse o tseba seo re se hlokang, joalokaha Ntate oa hae, Jehova, a se tseba. Pele a bua ka Thapelo ea Mohlala, Jesu o ile a re: “Molimo Ntat’a lona oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang.”—Matheu 6:8-13.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tšenolo 1:7) Bonang! O tla ka maru, ’me leihlo le leng le le leng le tla mo bona, le ba mo hlabileng; ’me meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka ho sareloa ka lebaka la hae. E, Amen.
’Muso oa Molimo o Felisa Lira Tsa Oona
10 Ho phatlalatsa kahlolo. Lira tsa ’Muso oa Molimo li tla qobelleha ho bona ketsahalo e tla li hlokofatsa le ho feta. Jesu o re: “Ba tla bona Mor’a motho a tla ka maru ka matla a maholo le khanya.” (Mar. 13:26) Limakatso tsena tse matla li tla bontša hore Jesu o se a fihlile ho tla ahlola. Karolong e ’ngoe ea boprofeta boo e mabapi le matsatsi a ho qetela, Jesu o re fa lintlha tse eketsehileng ka kahlolo e tla phatlalatsoa ka nako eo. Re fumana lintlha tseo papisong ea linku le lipoli. (Bala Matheu 25:31-33, 46.) Batšehetsi ba tšepahalang ba ’Muso oa Molimo ba tla ahloloa joaloka “linku” ’me ba tla ‘phahamisa lihlooho tsa bona,’ ba hlokomela hore “topollo ea [bona] ea atamela.” (Luka 21:28) Leha ho le joalo, bahanyetsi ba ’Muso ba tla ahloloa joaloka “lipoli” ’me ba tla “ikotla ka ho sareloa” hobane ba elelloa hore ba letetsoe ke ‘pheliso e sa feleng.’—Mat. 24:30; Tšen. 1:7.
(Tšenolo 2:7) Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho: Ea hlolang ke tla mo neha ho ja sefate sa bophelo, se paradeiseng ea Molimo.’
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Tšenolo—I
2:7—‘Paradeise ea Molimo’ ke eng? Kaha mantsoe ana a lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, e tlameha ebe mona paradeise e bolela sebaka sa paradeise sa leholimong—moo Molimo ka boeena a leng teng. Batlotsuoa ba tšepahalang ba tla putsoa ka ho ja “sefate sa bophelo.” Ba tla amohela ho se shoe.—1 Bakor. 15:53.
’Malo oa Bibele
(Tšenolo 1:1-11) Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane. O ile a roma lengeloi la hae ’me a e hlahisa ka lipontšo ka lona ho lekhoba la hae Johanne, 2 ea ileng a paka lentsoe leo Molimo a faneng ka lona le bopaki boo Jesu Kreste a faneng ka bona, esita le lintho tsohle tseo a ileng a li bona. 3 Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona; etsoe nako e behiloeng e haufi. 4 Johanne ho liphutheho tse supileng tse seterekeng sa Asia:E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho “Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang,” le e tsoang ho meea e supileng e ka pel’a terone ea hae, 5 le e tsoang ho Jesu Kreste, “Paki e Tšepahalang,” “Letsibolo ho tsoa bafung,” le “ ’Musi oa marena a lefatše.” Ho ea re ratang le ea ileng a re lokolla libeng tsa rona ka mali a hae— 6 ’me a etsa hore re be ’muso, baprista ho Molimo le Ntat’ae—e, ho eena e be khanya le bonatla ka ho sa feleng. Amen. 7 Bonang! O tla ka maru, ’me leihlo le leng le le leng le tla mo bona, le ba mo hlabileng; ’me meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka ho sareloa ka lebaka la hae. E, Amen. 8 “Ke ’na Alfa le Omega,” ho bolela Jehova Molimo, “Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang, Ea Matla ’Ohle.” 9 ’Na Johanne, mor’abo lona le ea kopanelang le lona matšoenyehong le ’musong le mamellong hammoho le Jesu, ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitsoang Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu. 10 Ka pululelo ke ile ka ba letsatsing la Morena, ’me ka mor’a ka ka utloa lentsoe le matla le joaloka la terompeta, 11 le re: “Seo u se bonang u se ngole moqolong ’me u se romele liphuthehong tse supileng, e Efese le e Smyrna le e Pergame le e Thyatire le e Sarda le e Filadelfia le e Laodisia.”
LA 25 NOVEMBER–LA 1 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | Tšenolo 4-6
“Bapalami ba Bane ba Lipere”
(Tšenolo 6:2) Ka talima, ’me, bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlolang le hore a phethe tlholo ea hae.
Bapalami ba Bane ba Lipere Ke Bo-mang?
Mopalami oa pere e tšoeu ke mang? Re fumana karabo bukeng ea Tšenolo, e mo hlalosa e le “Lentsoe la Molimo.” (Tšenolo 19:11-13) Tlotla eo e tšoanela Jesu Kreste hobane Bibele e re ke ’muelli oa Molimo. (Johanne 1:1, 14) E boetse e re ke “Morena oa marena le Khosi ea likhosi”, hape o bitsoa ea “Tšepahalang le oa ’Nete.” (Tšenolo 19:16) Ho hlakile hore ke morena oa mohlabani, empa ha a sebelise matla a hae hampe kapa hona ho hatella ba bang.
Bapalami ba Bane ba Lipere Ke Bo-mang?
Bapalami ba lipere ba ile ba qala ho li palama neng? Hlokomela hore mopalami oa pele e leng Jesu, o qalile ho palama ha a fuoa ’Muso leholimong. (Tšenolo 6:2) Jesu o ile a hlomamisoa neng e le Morena leholimong? Ha ea ka ea e-ba morena hang-hang ka mor’a hore a tsosetsoe leholimong. Bibele e bontša hore o ile a leta pele. (Baheberu 10:12, 13) Jesu o ne a ile a bolella balateli ba hae hore na ba tla bona ka’ng hore o se a qalile ho busa leholimong. O ile a ba bolella hore ha a qala ho busa maemo a lefatše a ne a tla mpefala le ho feta. Ho ne ho tla ba le lintoa, khaello ea lijo le mafu a seoa. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11) Hang feela ka mor’a hore Ntoa ea Pele ea Lefatše e qhome ka 1914, ho ile ha hlaka hore nako eo e fihlile, eleng nako eo Bibele e reng ke “matsatsi a ho qetela.”—2 Timothea 3:1-5.
(Tšenolo 6:4-6) E ’ngoe ea tsoa, pere e ’mala oa mollo; ea e palameng a nehoa hore a tlose khotso lefatšeng e le hore ba ka bolaeana; ’me a fuoa sabole e kholo. 5 Ha e bula tiiso ea boraro, ka utloa sebopuoa se phelang sa boraro se re: “Tloo!” Ka talima, ’me, bonang! pere e ntšo; ea lutseng holim’a eona o ne a tšoere sekala letsohong. 6 Ka utloa lentsoe le joalokaha eka le har’a libopuoa tse phelang tse ’nè le re: “Lithara ea koro ka denari, le lilithara tse tharo tsa harese ka denari; ’me u se ke ua senya oli ea mohloaare le veine.”
Bapalami ba Bane ba Lipere Ke Bo-mang?
Mopalami enoa o tšoantšetsa ntoa. Hlokomela hore o tlosa khotso, e seng fela ho batho ba itseng empa lefatšeng lohle. Ka 1914, ho ile ha qhoma ntoa ea pele ea lefatše. Hamorao ho ile ha latela ntoa ea bobeli ea lefatše, e ileng ea baka tšenyo le ho feta. Ho hakanngoa hore ho hlokahetse batho ba ka fetang limilione tse lekholo ka lebaka la lintoa ho tloha ka 1914, ha ba bangata ba bona ba ile ba tsoa likotsi tse tšabehang.
Bapalami ba Bane ba Lipere Ke Bo-mang?
“Ka talima, ’me, bonang! pere e ntšo; ea lutseng holim’a eona o ne a tšoere sekala letsohong. Ka utloa lentsoe le joalokaha eka le har’a libopuoa tse phelang tse ’nè le re: ‘Lithara ea koro ka denari, le lilithara tse tharo tsa harese ka denari; ’me u se ke ua senya oli ea mohloaare le veine.’ ”—Tšenolo 6:5, 6.
Mopalami oa pere e ntšo, o tšoantšetsa tlala. Mehleng ea Johanne, motho o ne a ka reka lithara ea koro ka denari eleng moputso oa letsatsi. (Matheu 20:2) Denari e ne e boetse e ka reka lilithara tse tharo tsa harese, eleng lijo thollo tsa boleng bo tlaase ho koro. U se u ka inahanela hore na e tlameha ebe ho ne ho le thata hakae ho hlokomela lelapa ka lijo tse fokolang hakaalo. Batho ba ne ba hlokomelisoa hore ba baballe lijo tseo ba li sebelisang kamehla, joaloka oli ea mohloaare le veine.
(Tšenolo 6:8) Ka talima, ’me, bonang! pere e botala bo bosehla; ’me lebitso la ea e palameng e ne e le Lefu. Hadese e ne e mo latela haufi-ufi. Tsa fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše, hore li bolaee ka sabole e telele le ka khaello ea lijo le ka lefu la seoa le bolaeang le ka libatana tsa lefatše.
Bapalami ba Bane ba Lipere Ke Bo-mang?
Mopalami oa bone, o tšoantšetsa lefu le bang teng ka lebaka la mafu a seoa le ka mabaka a mang. Nakoana ka mor’a 1914, mokakallane oa Spain o ile oa bolaea batho ba limilione tse mashome. Ho ka etsahala hore ebe batho ba limilione tse ka bang 500 ba ile ba tšoaetsoa ke lefu lena.
Empa mokakallane oo oa Spain, e ne e le qalo feela. Litsebi li hakanya hore batho ba limilione tse makholo, ba bolailoe ke boloetse ba sekholopane lilemong tsa bo-1900. Ho fihlela lena le holimo, batho ba limilione ba bolaoa ke AIDS, lefuba le malaria, ho sa tsotellehe khatelo pele e teng ho tsa bongaka.
Batho baa shoa ka lebaka la lintoa, tlala le mafu a seoa. Ba bangata ba lahlehetsoe ke tšepo bophelong kaha lefu le qoleng ea kobo.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tšenolo 4:4) Ho pota-pota terone ho na le literone tse mashome a mabeli a metso e mene, ’me literoneng tsena ka bona ho lutse baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba apere liaparo tsa ka ntle tse tšoeu, ’me ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona.
(Tšenolo 4:6) Ka pel’a terone ho na le ho joaloka leoatle le kang khalase le joaloka kristale. Har’a terone le ho pota terone ho na le libopuoa tse phelang tse ’nè tse tletseng mahlo ka pele le ka morao.
Khanya e Tsotehang ea Terone ea Leholimo ea Jehova
8 Johanne o ne a tseba hore baprista ba ne ba khethetsoe ho sebeletsa tabernakeleng ea boholo-holo. Kahoo e ka ’na eaba o ile a makatsoa ke ha a bona seo joale a se hlalosang: “Ho pota-pota terone ho na le literone tse mashome a mabeli a metso e mene, ’me literoneng tsena ka bona ho lutse baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba apere liaparo tsa ka ntle tse tšoeu, ’me ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona.” (Tšenolo 4:4) E, ho e-na le baprista, ho na le baholo ba 24, ba lutseng literoneng ’me ba roetse meqhaka joaloka marena. Baholo baa ke bo-mang? Ke batlotsuoa ba phutheho ea Bokreste, ba tsositsoeng le ba lutseng boemong boo Jehova a ba tšepisitseng bona leholimong. Re tseba see joang?
Khanya e Tsotehang ea Terone ea Leholimo ea Jehova
19 Libopuoa tsee li tšoantšetsa eng? Pono e tlalehiloeng ke moprofeta e mong, e leng Ezekiele, e re thusa ho fumana karabo. Ezekiele o ile a bona Jehova a lutse teroneng ea koloi ea leholimo, e neng e e-na le libopuoa tse phelang tse nang le litšobotsi tse tšoanang le tse hlalositsoeng ke Johanne. (Ezekiele 1:5-11, 22-28) Hamorao, Ezekiele o ile a boela a bona terone eo ea koloi hammoho le libopuoa tse phelang. Leha ho le joalo, lekhetlong lena o ile a re libopuoa tse phelang e ne e le likerubime. (Ezekiele 10:9-15) Libopuoa tse phelang tse ’nè tseo Johanne a li bonang e tlameha ebe li emela likerubime tse ngata tsa Molimo—e leng libopuoa tsa boemo bo phahameng mokhatlong oa Hae o hlophisitsoeng oa moea. Johanne o ne a ke ke a ho nka e ho sa tloaelehang ho bona likerubime li le haufi-ufi le Jehova joalo, kaha tokisetsong ea boholo-holo ea tabernakele, likerubime tse peli tsa khauta li ne li le holim’a sekoahelo sa areka ea selekane, e neng e emela terone ea Jehova. Pakeng tsa likerubime tsena, lentsoe la Jehova le ne le ntša litaelo tse eang ho sechaba.—Exoda 25:22; Pesaleme ea 80:1.
(Tšenolo 5:5) Empa e mong oa baholo o re ho ’na: “Khaotsa ho lla. Bona! Tau ea moloko oa Juda, motso oa Davida, e hlotse e le hore e bule moqolo le litiiso tsa oona tse supileng.”
“Bona! Tau ea Moloko oa Juda”
5 Tau e atisa ho amahanngoa le sebete. Na u kile ua tjamelana le tau e tona e holileng? Haeba u se u kile ua tjamelana le eona, ho ka etsahala hore ebe ho ne ho e-na le ntho lipakeng e u sirelelitseng, mohlomong terata e kampetseng sebaka seo tau e bolokiloeng ho sona. Leha ho le joalo, phihlelo eo e ka ba e tšosang. Ha u ntse u shebile sebata sena sa setonanahali se matla, ’me le sona se u kentse mahlo, ho thata ho nahana hore ho na le mohla tau e ka balehang ntho leha e le efe. Bibele e bua ka “tau, e matla ka ho fetisisa har’a liphoofolo le e sa khutleng ka pel’a mang kapa mang.” (Liproverbia 30:30) Kreste le eena o sebete ka tsela e tšoanang le eo.
6 A re tšohleng litsela tse tharo tseo ka tsona Jesu a ileng a bonahatsa sebete se kang sa tau: ha a sireletsa ’nete, ha a emela toka le ha a tobana le khanyetso. Le rona re tla bona hore e mong le e mong oa rona—ebang o sebete ka tlhaho kapa che—a ka etsisa Jesu tabeng ea ho bonahatsa sebete.
’Malo oa Bibele
(Tšenolo 4:1-11) Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! monyako o bulehileng leholimong, ’me lentsoe la pele leo ke ileng ka le utloa le ne le le joaloka la terompeta, le bua le ’na, le re: “Nyolohela mona, ’me ke tla u bontša lintho tse tla etsahala.” 2 Ka mor’a lintho tsena kapele-pele ka ba matleng a moea: bonang! terone e ne e le boemong ba eona leholimong, ’me ho na le ea lutseng teroneng. 3 Ea lutseng, ka ponahalo, o joaloka lejoe la jaspere le lejoe la bohlokoa le ’mala o mofubelu, ’me ho pota-pota terone ho na le mookoli o joaloka emeralde ka ponahalo. 4 Ho pota-pota terone ho na le literone tse mashome a mabeli a metso e mene, ’me literoneng tsena ka bona ho lutse baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba apere liaparo tsa ka ntle tse tšoeu, ’me ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona. 5 Teroneng ho tsoa mahalima le mantsoe le lialuma; ’me ho na le mabone a supileng a mollo a tukang ka pel’a terone, ’me a bolela meea e supileng ea Molimo. 6 Ka pel’a terone ho na le ho joaloka leoatle le kang khalase le joaloka kristale. Har’a terone le ho pota terone ho na le libopuoa tse phelang tse ’nè tse tletseng mahlo ka pele le ka morao. 7 Sebopuoa se phelang sa pele se joaloka tau, ’me sebopuoa se phelang sa bobeli se joaloka pohoana, ’me sebopuoa se phelang sa boraro se na le sefahleho se joaloka sa motho, ’me sebopuoa se phelang sa bone se joaloka ntsu e fofang. 8 Ha e le libopuoa tse phelang tse ’nè, se seng le se seng sa tsona se na le mapheo a tšeletseng; ho li pota-pota le ka tlaase li tletse mahlo. Bosiu le motšehare ha li phomole ha li ntse li re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng le ea tlang.” 9 Neng kapa neng ha libopuoa tse phelang li fana ka thoriso le tlhompho le liteboho ho Ea lutseng teroneng, Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, 10 baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba itihela fatše ka pel’a Ea lutseng teroneng ’me ba rapela Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, ’me ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a terone, ba re: 11 “Jehova, Molimo oa rona, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bopile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa boptjoa.”