Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr20 April maq. 1-7
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2020
  • Lihloohoana
  • LA 13-LA 19 APRIL
  • LA 20-LA 26 APRIL
  • LA 27 APRIL–LA 3 MAY
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2020
mwbr20 April maq. 1-7

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 13-LA 19 APRIL

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 31

“Jakobo le Labane ba Etsa Selekane sa Khotso”

(Genese 31:​44-46) Joale, tloo, a re hlabe selekane, ’na le uena, ’me e tla ba bopaki pakeng tsa ka le uena.” 45 Tumellanong le hoo Jakobo a nka lejoe ’me a le hloma e le sefika. 46 Joale Jakobo a re ho barab’abo: “Nkang majoe!” Eaba ba qala ho nka majoe le ho etsa mokolokotoane. Ka mor’a moo ba jella moo mokolokotoaneng.

it-1-E 883 ¶1

Galede

Jakobo le Labane ba ile ba etsa selekane kamor’a ho hore ba buisane ka lintlha tseo ba neng ba sa utloane ka tsona ’me ba bopa khotso. Ka lebaka lena, Jakobo o ile a nka lejoe ’me a le emisa hore ebe sefika eaba o laela barab’abo hore ba etse mokolokotoane, mohlomong o kang tafole, eaba ka mor’a moo ba jella lijo tsa selekane holim’a oona. Kamor’a moo, Labane o ile a rehella sebaka seo ka mokolokotoane oo, a se fa lebitso la Searame eleng Jegare-sahadutha. Jakobo eena o ile a se rehella ka lebitso la Seheberu eleng Galede, lentsoe le nang le moelelo o tšoanang le Jegare-sahadutha. Eaba kamor’a moo, Labane a re: “Mokolokotoane [Heb., gal] ona ke bopaki [Heb., ʽedh] pakeng tsa ka le uena kajeno.” (Gen 31:​44-48) Sefika sena le mokolokotoane, e ne e tla ba bopaki ho batho bohle ba li bonang. Ho ile ha e-ba joalokaha temana ea 49 e bolela ha e bua ka “Tora ea ho Lebela” hobane e ne e tla ba bopaki ba hore Labane le Jakobo ba bopile khotso le hore malapa a bona a ne a tla sebelisana hantle. (Gen 31:​50-53) Hamorao, majoe a ile a sebetsa ka tsela e tšoanang hore a bontše bopaki ba ntho e itseng.​—Jos 4:​4-7; 24:​25-27.

(Genese 31:​47-50) Labane a qala ho o bitsa Jegare-sahadutha, empa Jakobo a o bitsa Galede. 48 Eaba Labane o re: “Mokolokotoane ona ke bopaki pakeng tsa ka le uena kajeno.” Ke ka lebaka leo a o rehileng lebitso la Galede, 49 le Tora ea ho Lebela, hobane a itse: “Jehova a ke a lebele pakeng tsa ka le uena ha re lutse re sa bonahale e mong ho e mong. 50 Haeba u hlorisa barali ba ka le haeba u nka basali ba bang ho phaella ho barali ba ka, ha ho motho ea nang le rona. Bona! Molimo ke paki pakeng tsa ka le uena.”

it-2-E 1172

Tora ea ho Lebela

Jakobo o ile a etsa mokolokotoane oa majoe ’me a o bitsa “Galede” e bolelang (“mokolokotoane oa bopaki”) le “Tora ea ho lebela.” Labane o ile a re: “Jehova a ke a lebele pakeng tsa ka le uena ha re lutse re sa bonahale e mong ho e mong.” (Gen 31:​45-49) Mokolokotoane ona e ne e tla ba bopaki ba hore Jehova o ne a shebelletse ha Jakobo le Labane ba boloka selekane seo sa khotso.

(Genese 31:​51-53) Eaba Labane o tsoela pele ho re ho Jakobo: “Mokolokotoane ke ona le sefika ke sena seo ke se emisitseng pakeng tsa ka le uena. 52 Mokolokotoane ona ke bopaki, ’me sefika sena ke ntho e pakang, hore nke ke ka feta mokolokotoane ona khahlanong le uena le hore u ke ke ua feta mokolokotoane ona le sefika sena khahlanong le ’na ho ’ntša kotsi. 53 Molimo oa Abrahama le molimo oa Nakore a ke a ahlole pakeng tsa rona, molimo oa ntat’a bona.” Empa Jakobo a hlapanya ka Tšabo ea ntat’ae Isaka.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Genese 31:​19) Joale Labane o ne a il’o kuta linku tsa hae. Ho sa le joalo Ragele a utsoa literafime tsa ntat’ae.

it-2-E 1087-1088

Terafime

Lintho tseo baepolli ba lintho tsa khale ba li fumaneng Mesopotamia le libakeng tse haufi le eona li bontša hore haeba motho a ne a e-na le litšoantšo tsa terafime, e ne e le pontšo ea hore ke eena mojalefa. Ho latela letlapa le fumananoeng Nuzi, haeba mokhoenyana a ne a e-na le melingoana ea lelapa, tlas’a maemo a itseng o ne a ka khona ho hlaha ka pel’a lekhotla a tseka lefa la mohoe oa hae ea hlokahetseng. (Ancient Near Eastern Texts, e hlahlojuoe ke J. Pritchard, 1974, pp. 219, 220, le ftn 51) Mohlomong Ragele o ile a utloa a e-na le tokelo ea ho nka terafime ea ntat’ae hobane Labane a ile a sebelisana le monna oa hae Jakobo ka bolotsana. (Bapisa le Gen 31:​14-16.) Taba ea hore terafime e ne e le ea bohlokoa haholo tabeng ea lefa e re thusa hore re utloisise hore na hobane’ng ha Labane a ile a li batla ka mahlo a matšo hoo a ileng a ba a nka barab’abo ’me ba lelekisa Jakobo leeto la matsatsi a supileng kaofela. (Gen 31:​19-30) Ho hlakile hore Jakobo o ne a sa tsebe ntho ena eo Ragele a ileng a etsa (Gen 31:​32) hape, ha ho moo ho bontšoang hore Jakobo o ile a sebelisa terafime eo ho inkela lefa la bara ba Labane. Jakobo o ne a sa rapele litšoantšo. Hamorao, ha ba ntlo ea Jakobo ba mo fa melingoana eo ba neng ba e-na le eona, o ne a tla lahlella terafime eo le melingoana eo tlas’a sefate se seholo se haufi le Shikeme.​—Gen 35: 1-4.

(Genese 31:​41, 42) Ke lilemo tse mashome a mabeli ke le ka tlung ea hao. Ke u sebelelitse lilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa barali ba hao ba babeli le lilemo tse tšeletseng bakeng sa mohlape oa hao, ’me u ’nile ua fetola moputso oa ka ka makhetlo a leshome. 42 Hoja Molimo oa Ntate, Molimo oa Abrahama le Tšabo ea Isaka, a ne a sa ka a ba lehlakoreng la ka, u ka be u itse ke tsamaee ke sa nka letho. Molimo o bone ho sohlokeha ha ka le ho sehla ha matsoho a ka, ’me kahoo o u khalemetse bosiung ba maobane.”

(1 Petrose 2:​18) Bahlanka ba ntlo ba ke ba ipehe tlas’a beng ba bona ka tšabo eohle e lokelang, eseng feela ba molemo le ba nang le kahlolo e molemo, empa le bao ho leng thata ho ba khahlisa.

w13 3/15 21 ¶8

Jehova ke Sebaka sa Rona sa Bolulo

8 Ha Jakobo a fihla Harane, malome oa hae Labane o ile a mo amohela ka mofuthu, ’me hamorao a mo fa Lea le Ragele hore e be basali ba hae. Empa ha nako e ntse e ea, Labane o ile a leka ho hanyapetsa Jakobo, a fetola moputso oa hae ka makhetlo a leshome! (Gen. 31:​41, 42) Leha ho le joalo, Jakobo o ile a mamella ho hloka toka hona, a kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho mo hlokomela​—’me O ile a fela a mo hlokomela! Ha e le hantle, ha Molimo a bolella Jakobo hore a khutlele Kanana, mopatriareka eo o ne a e-na le “mehlape e mengata le makhabunyane le bahlanka le likamele.” (Gen. 30:​43) Jakobo o ile a rapela ka pelo e tletseng kananelo, a re: “Ha ke tšoaneloe ke mosa oohle o lerato le botšepehi bohle boo u bo bontšitseng mohlanka oa hao, etsoe ke tšetse Jordane ena ke e-na le lere la ka feela ’me joale ke fetohile lihlopha tse peli.”​—Gen. 32:10.

’Malo oa Bibele

(Genese 31:​1-18) Ka mor’a nako a utloa mantsoe a bara ba Labane, ba re: “Jakobo o nkile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Ntate; ’me o bokeletse leruo lena lohle la hae ka seo e leng sa Ntate.” 2 Ha Jakobo a talima sefahleho sa Labane, bonang! o ne a se a se joaloka pele. 3 Qetellong Jehova a re ho Jakobo: “Khutlela naheng ea bo-ntat’ao le ho beng ka uena, ’me ke tla tsoela pele ke e-na le uena.” 4 Joale Jakobo a romeletsa ’me a bitsetsa Ragele le Lea tšimong hore ba tle mohlapeng oa hae, 5 eaba o re ho bona: “Ke bona sefahleho sa ntat’a lona, hore ho ’na ha a sa le joaloka pele; empa Molimo oa Ntate o na le ’na. 6 Ka sebele lea tseba hore ke sebelelitse ntat’a lona ka matla a ka ’ohle. 7 Ntat’a lona o nkentse ka mano ’me o fetotse moputso oa ka ka makhetlo a leshome, empa Molimo ha aa ka a mo lumella ho nketsa hampe. 8 Haeba ka lehlakoreng le leng a ne a re, ‘Tse thobosha e tla ba moputso oa hao,’ joale mohlape oohle o ne o hlahisa tse thobosha; empa haeba ka lehlakoreng le leng a ne a re, ‘Tse mechato e tla ba moputso oa hao,’ joale mohlape oohle o ne o hlahisa tse mechato. 9 Kahoo Molimo o ’nile a nka mohlape oa ntat’a lona ’me a mpha oona. 10 Qetellong eitse nakong ea ha mohlape o palesa ka phahamisa mahlo ’me ka bona pono torong ’me bonang! liphooko tse tlolelang mohlape li ne li le mechato, li le thobosha ’me li le matheba. 11 Joale lengeloi la Molimo oa ’nete la re ho ’na torong, ‘Jakobo!’ eaba ke re, ‘Ke ’na enoa.’ 12 Eaba le tsoela pele, ‘Ka kopo, phahamisa mahlo, u bone liphooko tsohle tse tlolelang mohlape hore li mechato, li thobosha ’me li matheba, etsoe ke bone sohle seo Labane a u etsang sona. 13 Ke ’na Molimo oa ’nete oa Bethele, moo u tlotsitseng sefika le moo u entseng boitlamo ho ’na. Joale ema, tloha naheng ena ’me u khutlele naheng eo u tsoaletsoeng ho eona.’ ” 14 Eaba Ragele le Lea baa araba ’me ba re ho eena: “Na ho sa ntse ho e-na le karolo ea lefa la rona ka tlung ea Ntate? 15 Na ruri ha re nkoe re le basele ho eena kaha o re rekisitse, hoo a ntseng a ja ka ho tsoelang pele esita le chelete eo re e ntšelitsoeng? 16 Etsoe maruo ’ohle ao Molimo a a nkileng ho Ntate ke a rona le bana ba rona. Kahoo joale u etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a u boleletseng eona.” 17 Joale Jakobo a ema ’me a palamisa bana ba hae le basali ba hae likameleng; 18 eaba o qala ho khanna mohlape oohle oa hae le thepa eohle eo a e bokeletseng, mohlape oo a o fumaneng oo a o bokeletseng Padane-arame, e le hore a ee ho ntat’ae Isaka naheng ea Kanana.

LA 20-LA 26 APRIL

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 32-33

“Na U Loanela Hore U Hlohonolofatsoe?”

(Genese 32:​24) Qetellong Jakobo a sala a le mong. Joale monna e mong a qala ho betana le eena ho fihlela ha mafube a hlaha.

w03 8/15 25 ¶3

Na U Batla Jehova ka Tieo?

Mangolo a na le mehlala e mengata ea ba ileng ba ikitlaelletsa ho batla Jehova. E mong oa bona ke Jakobo, ea ileng a betana le lengeloi la Molimo le tlileng ka ’mele oa motho ho fihlela mafube a hlaha. Ka lebaka leo, Jakobo o ile a rehoa Iseraele (Ea Loantšanang le Molimo) kaha o ile a ‘loana,’ kapa a phehella, a ikitlaetsa, a qophella Molimo. Lengeloi le ile la mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho ikitlaetsa ha hae.​—Genese 32:​24-30.

(Genese 32:​25, 26) Ha a bona hore ha aa mo hlola, joale a ama komiki ea lenonyello la serope sa hae; ’me komiki ea lenonyello la serope sa Jakobo ea tsoa malulong nakong eo a ntseng a betana le eena. 26 Ka mor’a moo a re: “Ntlohele ke tsamaee, etsoe mafube a se a hlahile.” Eaba o re: “Nke ke ka u tlohela ho fihlela u ntlhohonolofatsa pele.”

it-2-E 190

Ho Holofala

Ho Holofala ha Jakobo. Ha Jakobo a le lilemo 97, o ile a loana le lengeloi la Jehova bosiu kaofela. O ile a atleha ho thibela lengeloi leo la Molimo ho tsamaea ho fihlela le mo hlohonolofatsa. Ha ba ntse ba loana, lengeloi la Molimo le ile la tšoara komiki ea lenonyello la serope sa hae eaba le tsoa malulong hoo Jakobo a ileng a qetella a se a hlotsa. (Gen 32:​24-32; Ho 12: 2-4) Kamor’a moo, o ile lula a hopola hore le hoja “a loanne le Molimo le batho hoo qetellong a ileng a hlola,” o ne a sa hlola lengeloi le matla la Molimo. Ho e-na le hoo, Molimo o ne a lumelletse hore a loane le lengeloi e le bopaki ba hore o ne a ananela tlhohonolofatso ea Jehova.

(Genese 32:​27, 28) Kahoo a re ho eena: “Lebitso la hao u mang?” eaba o re: “Ke Jakobo.” 28 Joale a re: “Lebitso la hao ha e sa tla hlola e e-ba Jakobo empa e tla ba Iseraele, etsoe u loanne le Molimo le batho hoo qetellong u hlotseng.”

it-1-E 1228

Iseraele

1. Molimo o ile a fa Jakobo lebitso lena ha a le lilemo li 97 a qeta ho loana le lengeloi. E ne e le ha a tšela leliboho la Jaboko a le tseleng a il’o kopana le Esau. Molimo o ile a hlohonolofatsa Jakobo ka ho mo fa lebitso la Iseraele hobane a ile a mamella ha a ntse a loana le lengeloi. E le ho ikhopotsa liketsahalo tseo, Jakobo o ile a reha sebaka seo Peniele kapa Penuele. (Gen 32:​22-31; bona JAKOBO No. 1.) Hamorao ha Jakobo a le Bethele, Jehova o ile a tiisa lebitso leo ’me ho tloha ka nako eo lebitso leo le ile la sebelisoa hangata ho fihlela Jakobo a shoa. (Gen 35:​10, 15; 50:2; 1Likr 1:​34) Ho buuoa ka Iseraele ka makhetlo a ka holimo ho 2 000 empa boholo ba makhetlo ao ho buuoa ka Iseraele e le sechaba.​—Ex 5: 1, 2.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Genese 32:​11) Kea u rapela, ntopolle letsohong la mor’eso, letsohong la Esau, hobane ke tšaba hore o tla tla ’me ka sebele a ntlhasele, ’mè hammoho le bana.

(Genese 32:​13-15) A ’na a lula moo bosiung boo. A nkela Esau mor’abo mpho ho se neng se le letsohong la hae: 14 lipoli tse tšehali tse makholo a mabeli le liphooko tse mashome a mabeli, linku tse tšehali tse makholo a mabeli le lipheleu tse mashome a mabeli, 15 likamele tse mashome a mararo tse anyesang le manamane a tsona, likhomo tsa lithole tse mashome a mane le lipoho tse leshome, liesele tse tšehali tse mashome a mabeli le liesele tse holileng ka ho feletseng tse leshome.

w10 6/15 22 ¶10-11

Ho Bua ka Mosa ho Tsoala Kutloano

10 Ha batho ba buisana ka mosa ’me ba phetlelana lifuba ba tla utloana ’me ba phelisane ka khotso. Ha e le hantle, ha re ikitlaelletsa ho lokisa likamano le batho ba bang, seo se tla re thusa hore re ntlafatse tsela eo re buisanang le bona ka eona. Ho ikitlaelletsa ho etsetsa ba bang lintho tse bontšang mosa​—tse kang ho batla menyetla ea ho ba thusa, ho ba fa limpho ka moea o motle, ho ba amohela ka mofuthu ha ba re etetse​—ho ka etsa hore re phetlelane lifuba. Re ka ba ra ba “bokella mashala a mollo” e leng se ka ’nang sa etsa hore litšobotsi tsa bona tse ntle li totobale, kahoo ha e-ba bonolo hore re buisane le bona ka bolokolohi.​—Bar. 12:​20, 21.

11 Mopatriareka Jakobo o ne a utloisisa hore ke habohlokoa ho etsetsa ba bang lintho tse bontšang mosa. Lefahla la hae, e leng Esau, le ne le mo halefetse hoo Jakobo a ileng a baleha a tšaba hore Esau o tla mo bolaea. Jakobo o ile a khutla ka mor’a lilemo tse ngata. Eaba Esau o mo khahlanyetsa a e-na le banna ba 400. Jakobo a rapela Jehova hore a mo thuse. Ke moo a ileng a romela Esau mpho ea mohlape o moholo. Mpho eo e ile ea finyella morero oa eona. Ha Jakobo le Esau ba kopana, Esau o ne a se a fetohile, ’me a mathela Jakobo a mo kopa.​—Gen. 27:​41-44; 32:​6, 11, 13-15; 33:​4, 10.

(Genese 33:​20) Ka mor’a moo a hloma aletare moo ’me a e bitsa Molimo, Molimo oa Iseraele.

it-1-E 980

Molimo, Molimo oa Iseraele

Ka lebaka la se ileng sa etsahala Peniele pakeng tsa Jakobo le lengeloi la Jehova, Molimo o ile a fa Jakobo lebitso Iseraele. Kamor’a hore a bope khotso le Esau, o ile a lula Sukothe eaba o ea Shikeme ’me a reka tšimo ho bara ba Hamore eaba o hloma tente teng. (Gen 32:​24-30; 33: 1-4, 17-19) “Ka mor’a moo a hloma aletare moo ’me a e bitsa Molimo, Molimo oa Iseraele” kapa “Molimo ke Molimo oa Iseraele.” (Gen 33:​20) Jakobo o ile a bontša hore o amohela le ho ananela lebitso leo a le fuoeng ka hore a rehelle aletare ka lebitso leo. Hape o ne a bontša hore o ananela hore ebe Jehova o ile a mo lebisa naheng e tšepisitsoeng a sireletsehile. Poleloana ena “Molimo, Molimo oa Iseraele” e hlaha hanngoe feela ka mangolong.

’Malo oa Bibele

(Genese 32:​1-21) Ha e le Jakobo, a tsamaea, eaba joale mangeloi a Molimo a kopana le eena. 2 Kapele-pele Jakobo a re, ha a a bona: “Lena ke lebotho la Molimo!” Kahoo a reha sebaka seo lebitso la Mahanaime. 3 Joale Jakobo a romela manģosa hore a mo etelle pele ho ea ho Esau mor’abo naheng ea Seire, naha ea Edomo, 4 a a laela, a re: “Le tle le re ho moren’a ka, Esau, ‘Mohlanka oa hao Jakobo o itse: “Ke lutse le Labane ke le mojaki ’me ke lutse ka nako e telele ho fihlela joale. 5 Ke na le lipoho le liesele, linku, bahlanka le makhabunyane, ’me ke rata ho romeletsa ho tsebisa moren’a ka, e le hore nka fumana kamohelo mahlong a hao.” ’ ” 6 Ka mor’a nako manģosa a khutlela ho Jakobo, a re: “Re fihlile ho mor’eno Esau, ’me le eena o tseleng ho u khahlanyetsa, hammoho le banna ba makholo a mane.” 7 Eaba Jakobo o tšoha haholo ’me oa tšoenyeha. Kahoo a arola batho bao a nang le bona, le mehlape ea likhutšoane le likhomo le likamele ka lihlopha tse peli, 8 eaba o re: “Haeba Esau a ka tla sehlopheng se seng a se hlasela, joale ka sebele ho tla ba le sehlopha se setseng se tla pholoha.” 9 Ka mor’a moo Jakobo a re: “Molimo oa Ntate Abrahama le Molimo oa Ntate Isaka, Jehova, ea reng ho ’na, ‘Khutlela naheng ea heno le ho beng ka uena ’me ke tla sebetsana hantle le uena,’ 10 ha ke tšoaneloe ke mosa oohle o lerato le botšepehi bohle boo u bo bontšitseng mohlanka oa hao, etsoe ke tšetse Jordane ena ke e-na le lere la ka feela ’me joale ke fetohile lihlopha tse peli. 11 Kea u rapela, ntopolle letsohong la mor’eso, letsohong la Esau, hobane ke tšaba hore o tla tla ’me ka sebele a ntlhasele, ’mè hammoho le bana. 12 Uena, u itse, ‘Ntle ho pelaelo ke tla sebetsana hantle le uena ’me ke tla etsa hore peo ea hao e be joaloka lehlabathe la leoatle, le ke keng la baloa ka bongata.’ ” 13 A ’na a lula moo bosiung boo. A nkela Esau mor’abo mpho ho se neng se le letsohong la hae: 14 lipoli tse tšehali tse makholo a mabeli le liphooko tse mashome a mabeli, linku tse tšehali tse makholo a mabeli le lipheleu tse mashome a mabeli, 15 likamele tse mashome a mararo tse anyesang le manamane a tsona, likhomo tsa lithole tse mashome a mane le lipoho tse leshome, liesele tse tšehali tse mashome a mabeli le liesele tse holileng ka ho feletseng tse leshome. 16 Eaba o neha bahlanka ba hae mehlape ka ho latellana ’me ka ho pheta-pheta a re ho bahlanka ba hae: “Tšelang pele ho ’na, ’me le siee sebaka pakeng tsa mohlape ka mong.” 17 Ho ekelletsa moo a laela oa pele, a re: “Haeba mor’eso Esau a ka kopana le uena ’me a u botsa, a re, ‘U oa mang, ’me u ea hokae ’me tsena tse ka pel’a hao ke tsa mang?’ 18 joale u re, ‘Ke tsa mohlanka oa hao, Jakobo. Ke mpho, e rometsoeng ho moren’a ka, ho Esau, ’me bona! le eena o ka mor’a rona.’ ” 19 Eaba o tsoela pele ho laela le oa bobeli, le oa boraro, le bohle ba latelang mehlape, o re: “Le bue ho ea ka lentsoe lena le Esau ha le teana le eena. 20 Hape le re, ‘Mohlanka oa hao Jakobo ke enoa ka mor’a rona.’ ” Etsoe o ile a ipolella ho re: “Nka bopa khotso le eena ka mpho e nketellang pele, ’me ka mor’a moo ke tla bona sefahleho sa hae. Mohlomong o tla nkamohela ka mosa.” 21 Kahoo mpho ea tšela pele ho eena, empa a lula liahelong bosiung boo.

LA 27 APRIL–LA 3 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 34-35

“Liphello Tsa ho ba le Metsoalle e Mebe”

(Genese 34:1) Joale Dina morali oa Lea, eo a mo tsoaletseng Jakobo, o ne a ee a tsoe ho ea bona banana ba naha eo.

w97 2/1 30 ¶4

Shekeme​—Motse o Phuleng

Bahlankana ba motse oo ba ne ba tla talima moroetsana eo ea neng a chakela motse oa bona joalo-joalo joang​—eo ho bonahalang hore o ne a tsamaea a le mong? Mora oa morena o ile a “ ’mona a mo nka, a robala le eena, a mo senya.” Ke hobane’ng ha Dina a ile a mema kotsi ka ho kopana le Bakanana ba boitšoaro bo litšila? Na ke hobane a ne a ikutloa a hloka botsoalle ba banana ba lithaka tsa hae? Na o ne a le manganga ’me a itaola joaloka tse ling tsa likhaitseli tsa hae? Bala tlaleho ea Genese, ’me u leke ho utloisisa bohloko le sekhobo tseo Jakobo le Lea ba tlamehang ba ile ba li utloa ka lebaka la liphello tse bohloko tsa ho chakela ha morali oa bona Shekeme.​—Genese 34:​1-31; 49:​5-7; hape bona Molula-Qhooa, June 15, 1985, leqepheng la 31.

(Genese 34:2) Eaba Shikeme mora oa Hamore Moheve, morenana oa naha, oa mo bona a ntan’o mo nka a robala le eena ’me a mo beta.

lv 9 103¶14

“Balehelang Bohlola”

14 Ho ka etsahala hore ebe Dina o ne a sa nahana ka ho kopanela liphate ha a ne a bona Shikeme. Leha ho le joalo, Shikeme eena o ile a etsa seo Bakanana ba bangata ba neng ba tla nka hore ke tlhaho ha ba tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate. Ho hana ha Dina ka tsela leha e le efe ka motsotso oo oa ho qetela ha hoa ka ha thusa letho, hobane o ile a “mo nka” ’me “a mo beta.” Ho bonahala eka hamorao Shikeme o ile a “rata” Dina, empa seo ha sea ka sa fetola seo a neng a mo entse sona. (Genese 34:​1-4) Ho feta moo, hase Dina feela ea ileng a utloa bohloko ka lebaka la ketso eo. Ka lebaka la metsoalle eo a ileng a e khetha, ho ile ha qaleha liketsahalo tse ileng tsa tlisetsa lelapa lohle labo lihlong le sekhobo.​—Genese 34:​7, 25-31; Bagalata 6:​7, 8.

(Genese 34:7) Bara ba Jakobo ba khutla naheng hang ha ba utloa ka hona; ’me banna bana ba utloa bohloko ’me ba halefa haholo, hobane a entse booatla bo nyelisehang khahlanong le Iseraele ka ho robala le morali oa Jakobo, athe ha hoa tšoanela hore ho etsoe ntho e joalo.

(Genese 34:​25) Leha ho le joalo, eitse ka letsatsi la boraro, ha ba opeloa, bara ba babeli ba Jakobo, Simeone le Levi, likhaitseli tsa Dina, ba nka e mong le e mong sabole ea hae ba ea motseng ba sa belaelloe ’me ba bolaea e mong le e mong e motona.

w09 9/1 21 ¶1-2

Haeba U Utloisitsoe Bohloko

Hangata batho ba iphetetsa e le hore feela ba ntše bohloko boo ba bo utloileng. Ka mohlala, Bibele e re bolella hore ha bara ba mopatriareka oa Moheberu, Jakobo, ba utloa hore Shikeme oa Mokanana o betile khaitseli ea bona Dina, ba ile ba “utloa bohloko ’me ba halefa haholo.” (Genese 34:​1-7) Bara ba babeli ba Jakobo ba ile ba lohela Shikeme le ba ntlo ea hae leano e le hore ba iphetetse ka khaitseli ea bona. Simeone le Levi ba ile ba loha leqheka le ileng la etsa hore ba khone ho kena motseng oa Kanana ’me ba bolaee monna e mong le e mong, ho akarelletsa le eena Shikeme.​—Genese 34:​13-27.

Na litaba li ile tsa loka ka mor’a hore ba tšolle mali? Ha Jakobo a utloa ka se entsoeng ke bara bao ba hae, o ile a ba khalemela a re: “Le ntliselitse khathatso ka ho nketsa seputa ho baahi ba naha, . . . ka sebele ba tla mpokanela ba ntlhasele ’me ke tla felisoa, ’na le ba ntlo ea ka.” (Genese 34:​30) Ho e-na le hore lintho li loke, ho iphetetsa ha bona ho ile ha senya litaba le ho feta; joale lelapa la Jakobo le ne le tla lokela ho lula le itebetse e le hore le se hlaseloe ke baahisani ba halefileng. Mohlomong e le ho qoba hore lelapa la Jakobo le hlaseloe, Molimo o ile a mo laela hore a tlohe le lelapa la hae sebakeng seo ’me ba ee Bethele.​—Genese 35:​1, 5.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Genese 35:8) Hamorao Debora mosali ea hlokomelang Rebeka a shoa ’me a patoa mosikong oa Bethele tlas’a sefate sa setonanahali. Kahoo a se reha lebitso la Alone-bakuthe.

it-1-E 600 ¶4

Debora

1. Mohlokomeli oa Rebeka. Debora o ile a tsamaea le Rebeka ha a tloha ntlong ea ntat’ae Bethuele a nyaloa ke Isaka a e-ea Palestina. (Gen 24:​59) Kamor’a ho sebetsa ntlong ea Isaka lilemo tse ngata, Debora o ile a ea ntlong ea Jakobo mohlomong ka mor’a lefu la Rebeka. Kamoo ho bonahalang kateng, lilemo tse ka bang 125 kamor’a lenyalo la Rebeka le Isaka, Debora o ile a shoa ’me a patoa tlas’a sefate se seholo se Bethele. Lebitso le ileng la fuoa sefate seo (eleng Alone-bakuthe e bolelang “Sefate se Seholo sa Lillo”) le bontša hore Jakobo le lelapa la hae ba ne ba rata Debora haholo.​—Gen 35:8.

(Genese 35:​22-26) Eitse ha Iseraele a sa ntse a lutse ka nakoana naheng eo ka lekhetlo le leng Rubene a ea ’me a robala le Bilha serethe sa ntat’ae, eaba Iseraele o utloa ka hona. Kahoo bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e ’meli. 23 Bara ba Lea e ne e le Rubene letsibolo la Jakobo le Simeone le Levi le Juda le Isakare le Zabulone. 24 Bara ba Ragele e ne e le Josefa le Benjamine. 25 Bara ba Bilha, lekhabunyane la Ragele, e ne e le Dane le Nefthali. 26 Bara ba Zilpa, lekhabunyane la Lea, e ne e le Gade le Ashere. Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tsoaletsoeng Padane-arame.

w17.12 14

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Na motho e ne e lokela ho ba letsibolo e le hore Mesia a hlahe lesikeng la hae?

Nakong e fetileng re ne re lumela joalo. Lebaka leo re neng re fana ka lona le ne le bonahala le lumellana le mantsoe a hlahang ho Baheberu 12:​16. Temana eo e re Esau “ea sa ananeleng lintho tse halalelang”, o ile a “fana ka litokelo tsa hae [ho Jakobo] joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” Ho ne ho bonahala eka ka mor’a hore Jakobo a fumane “litokelo tsa hae joaloka letsibolo,” e ile ea e-ba e mong oa baholo-holo ba Mesia.​—Mat. 1:​2, 16; Luka 3:​23, 34.

Leha ho joalo, litlaleho tsa Bibele li re motho e ne e sa lokela ho ba letsibolo hore e be moholo-holo oa Jesu. Nahana ka bopaki bo latelang:

Rubene e ne e le letsibolo la Lea le Jakobo, e leng Iseraele. Hamorao letsibolo la Jakobo ka mosali oa hae Ragele eo a neng a mo ratang ka ho fetisisa e bile Josefa. Empa ha Rubene a etsa bohlola, tokelo ea ho ba letsibolo e ile ea fetisetsoa ho Josefa. (Gen. 29:​31-35; 30:​22-25; 35:​22-26; 49:​22-26; 1 Likron. 5:​1, 2) Leha ho le joalo, Jesu ha aa hlaha lesikeng la Rubene kapa Josefa. O hlahile lesikeng la Juda, e leng mora oa bone oa Jakobo le Lea.​—Gen. 49:10.

’Malo oa Bibele

(Genese 34:​1-19) Joale Dina morali oa Lea, eo a mo tsoaletseng Jakobo, o ne a ee a tsoe ho ea bona banana ba naha eo. 2 Eaba Shikeme mora oa Hamore Moheve, morenana oa naha, oa mo bona a ntan’o mo nka a robala le eena ’me a mo beta. 3 Moea oa hae oa qala ho khomarela Dina morali oa Jakobo, a qala ho rata moroetsana eo ’me a ’na a bua le moroetsana ka mokhoa o susumetsang. 4 Qetellong Shikeme a re ho ntat’ae Hamore: “Mphumanele mofumahatsana enoa hore e be mosali oa ka.” 5 Eaba Jakobo oa utloa hore o silafalitse morali oa hae Dina. Bara ba hae ba ne ba le naheng le mohlape oa hae; Jakobo a khutsa ho fihlela ba kena. 6 Hamorao Hamore, ntat’a Shikeme, a ea ho Jakobo ho ea bua le eena. 7 Bara ba Jakobo ba khutla naheng hang ha ba utloa ka hona; ’me banna bana ba utloa bohloko ’me ba halefa haholo, hobane a entse booatla bo nyelisehang khahlanong le Iseraele ka ho robala le morali oa Jakobo, athe ha hoa tšoanela hore ho etsoe ntho e joalo. 8 Hamore a bua le bona, a re: “Ha e le mora oa ka Shikeme, moea oa hae o khomaretse morali oa lona. Ka kopo, mo feng eena hore e be mosali oa hae, 9 ’me le etse selekane sa lenyalo le rona. Le re fe barali ba lona, ’me le tla inkela barali ba rona. 10 Le tla lula le rona, ’me le tla fuoa naha. Lulang le hoebe ho eona ’me le ahe ho eona.” 11 Joale Shikeme a re ho ntat’a Dina le ho likhaitseli tsa hae: “A nke ke fumane kamohelo mahlong a lona, ’me ke tla fana ka eng kapa eng eo le tla mpolella eona. 12 Nyollang chelete ea bohali haholo le mpho e batloang ho ’na, ’me ke itokiselitse ho fana ho ea ka seo le tla mpolella sona; feela le mphe moroetsana enoa hore e be mosali oa ka.” 13 Bara ba Jakobo ba qala ho araba Shikeme le ntat’ae Hamore ka thetso le ho bua joalo hobane a silafalitse khaitseli ea bona Dina. 14 Eaba ba tsoela pele ho re ho bona: “Re ke ke ra etsa ntho e joalo, ho fana ka khaitseli ea rona ho monna ea nang le ntlha ea letlalo la setho sa botona, hobane hona ke nyeliso ho rona. 15 Ke feela ka tumellano ena re ka lumelang, hore le be joaloka rona, ka hore e mong le e mong e motona ho lona a bolle. 16 Joale ka sebele re tla le fa barali ba rona, ’me re tla inkela barali ba lona, ’me re tla lula le lona re fetohe sechaba se le seng. 17 Empa haeba le sa re mamele hore le bolle, joale re tla nka morali oa rona re tsamaee.” 18 Mantsoe a bona a bonahala a le molemo mahlong a Hamore le mahlong a Shikeme, mora oa Hamore, 19 ’me mohlankana ha aa ka a lieha ho etsa ho ea ka tumellano, hobane a khahliloe ke morali oa Jakobo ’me mohlankana e ne e le ea hlomphehang ka ho fetisisa ho bohle ba ntlo ea ntat’ae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela