Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr22 January maq. 1-9
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lihloohoana
  • LA 3–9 JANUARY
  • LA 10–16 JANUARY
  • LA 17–23 JANUARY
  • LA 24–30 JANUARY
  • LA 31 JANUARY–LA 6 FEBRUARY
  • LA 7–13 FEBRUARY
  • LA 14–20 FEBRUARY
  • LA 21-27 FEBRUARY
  • LA 28 FEBRUARY–LA 6 MARCH
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2022
mwbr22 January maq. 1-9

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 3–9 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 15-16

“Ho Eka ke Ntho e Mpe!”

w12 4/15 8 ¶4

Ho Eka ke Pontšo e Tšosang ea Mehla ea Bofelo!

4 Oa pele, nahana ka Delila oa lehlaba-phio eo Moahloli Samsone a neng a mo rata. Samsone o ne a ikemiselitse ho loantša Bafilista lebitsong la batho ba Molimo. Kaha mohlomong marena a mahlano a Bafilista a ne a tseba hore Delila o ne a hlile a sa rate Samsone, a ile a mo fa tjotjo e ngata e le hore a fumane lekunutu la hore na matla a Samsone a ne a tsoa hokae e le hore marena ao a tle a mo tlose tseleng. Delila ea meharo ea chelete o ile a amohela tjotjo eo, empa boiteko ba hae ba ho sibolla lekunutu la Samsone bo ile ba hlōleha ka makhetlo a mararo. Ka mor’a moo, o ile a qophella Samsone “ka mantsoe a hae ka nako eohle ’me a tsoela pele ho mo phehella.” Qetellong, “moea oa [Samsone o ile] oa fela pelo ho isa makhatheng a lefu.” Ke moo a ileng a bolella Delila hore ha aa e-s’o kutoe moriri le ka mohla le hore haeba a ka o kutoa, matla a hae a ne a tla fela. Ha Delila a se a tseba seo, o ile a beha hlooho ea Samsone liropeng tsa hae eaba oa mo beola ha a ne a robetse, eaba ka mor’a moo o mo neha lira tsa hae hore li etse borata ka eena. (Baahl. 16:4, 5, 15-21) Ruri o ile a etsa ntho e mpe haholo! Ka lebaka la meharo feela, Delila o ile a eka monna ea neng a mo rata.

w05 1/15 27 ¶4

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Baahloli

14:16, 17; 16:16. Ho hatella motho e mong ka ho lla kapa ka ho mo emella ka ntho e le ’ngoe ho ka senya likamano.—Liproverbia 19:13; 21:19.

w12 4/15 11-12 ¶15-16

Ho Eka ke Pontšo e Tšosang ea Mehla ea Bofelo!

15 Banyalani ba ka etsa joang hore e mong a lule a tšepahala ho e mong? Lentsoe la Molimo le re: “U thabe le mosali [kapa monna] oa bocha ba hao,” ’me le boetse le re, “Thabela bophelo le mosali [kapa monna] eo u mo ratang.” (Liprov. 5:18; Moek. 9:9) Ha balekane ba lenyalo ba ntse ba hōla, ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho matlafatsa kamano ea bona, ba hlokomelane ’meleng le maikutlong. Sena se bolela hore e mong o lokela ho ela e mong hloko, ba lokela ho qeta nako hammoho le hore ba be le kamano e haufi haholoanyane. Ba lokela ho tsepamisa likelello tsa bona tabeng ea ho sireletsa lenyalo la bona le ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova. E le hore banyalani ba finyelle seo, ba lokela ho ithuta Bibele hammoho, ba sebetse tšimo hammoho khafetsa ba be ba rapelle tlhohonolofatso ea Jehova hammoho.

LULA U TŠEPAHALA HO JEHOVA

16 Ho na le litho tsa phutheho tse entseng libe tse tebileng tse ileng tsa khalemeloa “ka tieo, e le hore [li] ka phela hantle tumelong.” (Tite 1:13) Ba bang bona ho ile ha hlokahala hore ba khaoloe ka lebaka la boitšoaro ba bona. “Ba koetlisitsoeng ke [taeo],” e ba thusitse hore ba lokise kamano ea bona le Molimo. (Baheb. 12:11) Re tla etsa joang haeba re e-na le mong ka rona kapa motsoalle ea haufi ea khaotsoeng? Ha ho le joalo, re tlameha ho bontša hore na re tšepahala ho Molimo kapa ho motho eo. Jehova o re shebile ho bona hore na re tla mamela taelo ea hae ea hore re se ke ra itsoakanya le mang kapa mang ea khaotsoeng.​—Bala 1 Bakorinthe 5:11-13.

Matlotlo a Patiloeng

w05 3/15 27 ¶6

Samsone o Hlola ka Matla a Jehova!

Samsone o ne a e-na le sepheo ha a ne a hahamalla pakane ea hae ea ho loantša Bafilista. Ho lula ha hae ka tlung ea letekatse Gaza e ne e le ka morero oa ho loantša lira tsa Molimo. Samsone o ne a hloka sebaka seo a neng a ka robala ho sona motseng oa sera, ’me se ne se fumaneha ntlong ea letekatse. Samsone o ne a sa nahana ka boitšoaro bo bobe. O ile a tloha ntlong ea mosali eo har’a mp’a bosiu, a tšoara liheke tsa motse le lipalo tse peli tse lehlakoreng, eaba oa li jara ’me o li nyollela tlhorong ea thaba e pel’a Hebrone, e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 60. O ile a etsa sena ka tumello ea Molimo le ka matla ao a neng a a filoe ke Molimo.​—Baahloli 16:1-3.

LA 10–16 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 17-19

“Ho se Mamele Melao ea Molimo ho re Bakela Mathata”

it-2-E 390-391

Mikea

1. Monna oa Efraime. Mikea o ile a utsoa likotoana tsa silevera tse 1 100 ho ’mè oa hae ’me ka ho etsa joalo o ile a tlola molao oa borobeli ho Melao e Leshome. (Ex 20:15) Mikea o ile a bolela phoso ea hae ’me a li khutlisa eaba ’mè oa hae o re: “Ruri ke tla halaletsa silevera ena e letsohong la ka ho Jehova bakeng sa mora oa ka, e le hore ke etse setšoantšo se betliloeng le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa; joale ke tla e khutlisetsa ho uena.” Eaba ka mor’a moo o nka likotoana tse 200 tsa silevera, o li isa ho setei sa silevera se ileng “sa etsa setšoantšo se betliloeng le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa” ’me qetellong li ile tsa ba ka ntlong ea Mikea. Mikea ea neng a e-na le “ntlo ea melimo” o ile a etsa efoda le terafime ’me a khetha e mong oa bara ba hae hore e be moprista. Le hoja a entse lintho tsena tsohle hobane a nahana hore o hlompha Jehova, li ne li nyonyeha hobane li ne li le khahlanong le molao oa Molimo oa ho se rapele litšoantšo (Ex 20:4-6) ebile o ne a sa hlomphe tokisetso ea Molimo ea borapeli. (Bhl 17:1-6; De 12:1-14) Hamorao Mikea o ile a hira Molevi ea mocha lilemong e leng Jonathane mora oa Gershome, mora oa Moshe hore e tl’o ba moprista oa hae. (Bhl 18:4, 30) Mikea o ne a nahana hore o entse ntho e ntle, kahoo o ile a re: “Joale kea tseba hore Jehova o tla nketsa se molemo.” (Bhl 17:7-13) Empa Jonathane o ne a sa tsoe lelokong la Arone kahoo o ne a sa tšoanelehe hore a ka sebeletsa e le moprista. Taba ena e ile ea eketsa liphosong tsa Mikea.​—Nu 3:10.

it-2-E 391 ¶2

Mikea

Nakoana ka mor’a moo, Mikea le banna bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba latela Badane. Ha ba fihla ho bona, Badane ba ile ba ba botsa hore na molato ke’ng ’me Mikea o ile a re: “Le nkile melimo ea ka eo ke e entseng, le eena moprista, ’me lea tsamaea, ke sa tla hlola ke e-ba le eng?” Ha ba utloa sena, bara ba Dane ba ile ba re haeba Mikea a ka tsoela pele ho ba latela le ho ipelaetsa ba ne ba tla ba hlasela. Mikea o ile a khutlela hae hobane o ile a hlokomela hore Badane ba ne ba le matla ho mo feta. (Bhl 18:22-26) Ka mor’a moo, Badane ba ile ba hlasela le ho chesa motse oa Laishe ’me ba haha motse oa Dane hona hona moo. Jonathane le bara ba hae ba ile ba sebeletsa e le baprista ba Badane ba ileng “ba ’na ba itlhomela setšoantšo se betliloeng sa Mikea, seo a neng a se entse, ka matsatsi ’ohle ao ntlo ea Molimo oa ’nete [tabernakele] e bileng Shilo ka ’ona.”​—Bhl 18:27-31.

Matlotlo a Patiloeng

w15 12/15 11 ¶6

Phetolelo e Hlakileng ea Lentsoe la Molimo

6 Kajeno, ho na le bopaki bo eketsehileng ba hore re lokela ho sebelisa lebitso Jehova. Khatisong ea 2013 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 7 216. Le kentsoe litemaneng tse ling tse tšeletseng. Ho tse hlano tsa tsona, le kentsoe hobane lebitso la Molimo le fumanoe Meqolong ea Leoatle le Shoeleng e phatlalalitsoeng morao tjena. Le kentsoe ho 1 Samuele 2:25; 6:3; 10:26; 23:14, 16. Temana ea botšelela ke Baahloli 19:18, moo le kentsoeng ka mor’a ho hlahlobisisa libuka tse tšepahalang tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele.

LA 17–23 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 20-21

“Tsoela pele U Batla Tataiso ea Jehova”

w11 9/15 32 ¶2

Na U ka Etsisa Finease ha U Thulana le Mathata?

Ka mor’a hore serethe sa monna e mong oa Molevi se betoe se be se bolaoe ka sehloho ke banna ba Gibea, ba moloko oa Benjamine, meloko e meng e ile ea itokisetsa ho futuhela Babenjamine. (Baahl. 20:1-11) Pele ba loana ba ile ba rapela hore Jehova a ba thuse, empa ba ile ba hloloa ka makhetlo a mabeli, ka tlholo e kholo. (Baahl. 20:14-25) Na ba ne ba ka fihlela qeto ea hore lithapelo tsa bona li ne li sa arabeloa? Na ka sebele Jehova o ne a batla hore ba nke khato ka bobe bo neng bo entsoe?

w05 1/15 27 ¶8

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Baahloli

20:17-48​—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Babenjamine hore ba hlole meloko e meng habeli, le hoja e ne e le bona ba neng ba lokela ho fuoa kotlo? Ka ho lumella hore meloko e tšepahalang e lahleheloe haholo ka lekhetlo la pele, Jehova o ile a leka boikemisetso ba bona ba ho fothola bobe Iseraele.

w11 9/15 32 ¶4

Na U ka Etsisa Finease ha U Thulana le Mathata?

Ke’ng eo re ka ’nang ra ithuta eona ho see? Mathata a mang a hlahang ka phuthehong a tsoela pele ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba baholo le ho rapella hore Molimo a ba thuse. Haeba sena se etsahala, ke hantle hore baholo ba hopole mantsoe a Jesu a reng: “Le ’ne le kope [kapa le rapele], ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.” (Luka 11:9) Esita le haeba ho bonahala eka Jehova o lieha ho arabela thapelo, balebeli ba lokela ho kholiseha hore o tla e arabela ka nako ea hae e loketseng.

Matlotlo a Patiloeng

w14 5/1 11 ¶4-6

Re U Lome Tsebe?

Matjeketjane a ne a sebelisoa joang lintoeng tsa mehleng ea boholo-holo?

Davida o ile a bolaea Goliathe oa senatla ka letjeketjane. Ho bonahala Davida a ile a ithuta ho sebelisa sebetsa sena lilemong tsa ha e sa le molisa.​—1 Samuele 17:40-50.

Letjeketjane le bonahala litšoantšong tse takiloeng tsa Baegepeta le Baassyria tsa mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Sebetsa sena e ne e le mokotla o monyenyane oa letlalo kapa oa lesela o nang le marapo kapa lithapo tse peli. Motho ea tjeketjelang o ne a ka kenya majoe a boreleli a chitja, a bophara ba lisenthimithara tse 5 ho ea ho tse 7,5 ’me a le boima ba ligrama tse 250. Joale o ne a tla tsoka letjeketjane, a lokolle thapo e le ’ngoe ebe lejoe leo le tsoa ka matla a maholo ’me le ea hantle moo a korotseng teng.

Ha ho epolloa lintho tsa khale Bochabela bo Hare, ho fumanoe majoe a mangata a matjeketjane a nakong ea lintoa tsa boholoholo. E ka ’na eaba bahlabani ba ntoa ba ne ba betsa majoe ao ka lebelo la lik’hilomithara tse 160 ho ea ho tse 240 ka hora. Litsebi ha li lumellane tabeng ea hore na letjeketjane le ne le e na le bokhoni ba ho bolaea joalo ka seqha kapa che, empa ho bonahetse hore letjeketjane le lona le ne le khona ho bolaea.​—Baahloli 20:16.

LA 24–30 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | RUTHE 1-2

“Bontša Lerato le Tšepahalang”

w16.02 10 ¶5

Etsisang Metsoalle e Haufi ea Jehova

5 Ba habo Ruthe ba ne ba lula Moabe. O ne a ka khutlela ho bona, ’me ba ne ba ka ’na ba mo hlokomela. O ne a tseba batho ba Moabe, a bile a tseba puo le setso sa teng. Naomi o ne a tseba hore maemo a ke ke a tšoana ha ba fihla Bethlehema. Hape o ne a tšoenyehile hore Ruthe a ke ke a fumana motho ea tla mo nyala kapa ea tla mo hlokomela. Kahoo, Naomi o ile a mo kopa hore a khutlele Moabe. Rea hopola hore Orpa o ile ‘a khutlela ho batho ba habo le ho melimo ea habo.’ (Ruthe 1:9-15) Empa Ruthe o ile a hana ho khutlela ho batho ba habo ba rapelang melimo ea bohata.

w16.02 10 ¶6

Etsisang Metsoalle e Haufi ea Jehova

6 Ho bonahala eka Ruthe o ile a ithuta ka Jehova ho monna oa hae kapa ho Naomi. O ile a ithuta hore Jehova o fapane le melimo ea Moabe. O ne a rata Jehova a bile a tseba hore o lokela ho mo rapela. Kahoo, Ruthe o ile a etsa qeto e nepahetseng. O ile a re ho Naomi: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Rea hlolloa ha re nahana kamoo Ruthe a neng a rata Naomi kateng. Empa ntho e hlollang le ho feta ke ho bona kamoo Ruthe a neng a rata Jehova kateng. Sena se ile sa khahla Boaze, ’me hamorao a mo babatsa ka hore ebe o ile a ‘batla setšabelo tlas’a mapheo a Jehova.’ (Bala Ruthe 2:12.) Mantsoe a Boaze a ka ’na a re hopotsa kamoo lelinyane la nonyana le itšireletsang kateng tlas’a mapheo a ’m’a lona. (Pesaleme ea 36:7; 91:1-4) Ka tsela e tšoanang, Jehova o ile a sireletsa Ruthe a ba a mo putsa ka lebaka la tumelo ea hae. Ha ho mohla Ruthe a ileng a ikoahlaela qeto eo a e entseng.

Matlotlo a Patiloeng

w05 3/1 27 ¶1

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ruthe

1:13, 21​—Na Jehova o ile a sulafalletsa Naomi bophelo le ho mo bakela tlokotsi? Che, ebile Naomi ha aa ka a beha Molimo molato ka phoso leha e le efe. Leha ho le joalo, ka lebaka la sohle se neng se mo hlahetse, o ile a nahana hore Jehova o ne a le khahlanong le eena. O ile a utloa bohloko a ba a felloa ke tšepo. Ho feta moo, mehleng eo tholoana ea mpa e ne e nkoa e le tlhohonolofatso ea Molimo, ha ho ba nyopa ho ne ho nkoa e le thohako. Ka lebaka la ho hloka litloholo le ho shoeloa ke bara ba babeli, Naomi o ne a ka ’na a nka hore ho nepahetse ho nahana hore Jehova o ne a mo tlotlolotse.

LA 31 JANUARY–LA 6 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | RUTHE 3-4

“Lula U Iketsetsa Lebitso le Letle”

w12 10/1 22 ¶5

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

Ha Boaze a bua, ha ho pelaelo hore lentsoe la hae le bonolo le le khathollang le ile la tšelisa Ruthe. O ile a re: “E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa, morali oa ka. U bontšitse mosa oa hao o lerato hamolemo lekhetlong la ho qetela ho feta lekhetlong la pele, ka ho se sale bahlankana morao ebang ke ba tlaase kapa ba ruileng.” (Ruthe 3:10) ‘Lekhetlo la pele’ ke ha Ruthe a ne a bontša lerato ka botšepehi ka ho khutlela le Naomi Iseraele le ka ho mo hlokomela. ‘Lekhetlo la ho qetela’ ke ketsahalong eona ena. Boaze o ile a hlokomela hore mosali e mocha joaloka Ruthe a ka be a ile a ipatlela monna har’a banna ba bacha, ebang ke barui kapa mafutsana. Ho e-na le hoo, o ne a batla ho etsa se molemo, eseng ho Naomi feela empa le ho monna oa Naomi ea shoeleng, e leng ho tsosetsa monna eo ea shoeleng lebitso naheng ea habo. Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha Boaze a ile a khahloa ke boitelo ba mosali enoa e mocha.

w12 10/1 23 ¶1

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

E tlameha ebe Ruthe o ile a khotsofala hakaakang ha a nahanisisa ka seo Boaze a se buileng​—hore o ne a tsejoa ke batho bohle hore ke “mosali ea khabane ka ho fetisisa”! Ha ho pelaelo hore o ile a ba le botumo bo joalo ka lebaka la hore o ne a chesehela ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa. Ho feta moo, o ne a le mosa ho Naomi le ho sechaba sa habo ebile a ba nahanela hape ka boithatelo a phela ka mekhoa le litloaelo tseo ntle ho pelaelo a neng a sa li tsebe. Haeba re etsisa tumelo ea Ruthe, re tla hlompha batho ba bang ka ho tebileng re be re hlomphe mekhoa le litloaelo tsa bona. Ha re etsa joalo, le rona re tla ba le botumo bo botle.

w12 10/1 24 ¶2

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

Boaze o ile a nyala Ruthe. Ka mor’a moo, re bala ho re: “Jehova a mo lumella ho emola ’me a tsoala mora.” Basali ba Bethlehema ba ile ba thoholetsa Naomi ’me ba babatsa Ruthe ka hore o molemo ho feta bara ba supileng. Hamorao, re ithuta hore mora oa Ruthe e ile ea e-ba moholo-holo oa Morena Davida ea tsebahalang. (Ruthe 4:11-22) Davida eena e ile ea e-ba moholo-holo oa Jesu Kreste​—Matheu 1:1.

Matlotlo a Patiloeng

w05 3/1 29 ¶3

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ruthe

4:6​—Ke joang morekolli a neng a ka “senya” lefa la hae ka ho rekolla? Ntlha ea pele, haeba motho eo e bang mofutsana a ne a rekisitse tšimo ea hae eo e leng lefa, morekolli o ne a lokela ho reka tšimo eo ka chelete ho itšetlehile ka hore na ho setse lilemo tse kae pele ho Jubile e latelang. (Levitike 25:25-27) Ho etsa joalo ho ne ho tla fokotsa leruo la hae. Ho feta moo, haeba Ruthe a ne a ka tsoala mora, lefa la tšimo e rekolotsoeng le ne le tla jeoa ke mora eo, eseng litho tse teng tse haufi tsa lelapa la morekolli

LA 7–13 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 1-2

“Tšollela Pelo ea Hao ho Jehova ha U Rapela”

ia 55 ¶12

O ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela

12 Kahoo, Anna o ile a behela bahlanka bohle ba Molimo mohlala o motle tabeng ea thapelo. Ka mosa, Jehova o khothalletsa batho hore ba bue le eena ba lokolohile, ba sa tsilatsile ha ba mo bolella matšoenyeho a bona, joalokaha ngoana a ne a ka bua le motsoali oa hae ea lerato hobane a mo tšepa. (Bala Pesaleme ea 62:8; 1 Bathesalonika 5:17.) Moapostola Petrose o ile a susumetsoa hore a ngole mantsoe ana a khothatsang mabapi le ho rapela Jehova, a reng: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lona ho eena, hobane oa le tsotella.’​—1 Pet. 5:7.

w07 3/15 16 ¶4

Kamoo Anna a Ileng a Fumana Khotso Kateng

Re ka ithuta eng ho see sohle? Ha re rapela Jehova ka lintho tseo re tšoenyehileng ka tsona, re ka mo tsebisa kamoo re ikutloang kateng ’me ra mo kopa ho tloha pelong. Haeba ho se ho se letho leo re ka le etsang ho rarolla bothata boo, re lokela ho tlohela litaba matsohong a hae. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka e latelang.—Liproverbia 3:5, 6.

Matlotlo a Patiloeng

w05 3/15 21 ¶5

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Samuele oa Pele

2:10​—Ke hobane’ng ha Anna a ile a rapela hore Jehova a “[fe] morena oa hae matla” kaha ho ne se na morena oa motho ea busang Iseraele? Taba ea hore Baiseraele ba ne ba tla ba le morena oa motho e ile ea boleloa esale pele Molaong oa Moshe. (Deuteronoma 17:14-18) Boprofeteng ba hae ba ha a le makhatheng a lefu, Jakobo o ile a re: “Lere la borena [le tšoantšetsang taolo ea borena] le ke ke la sutha ho Juda.” (Genese 49:10) Ho feta moo, mabapi le Sara​—e leng moholo-holo oa Baiseraele​—Jehova o ile a re: “Marena a lichaba a tla tsoa ho eena.” (Genese 17:16) Kahoo, Anna o ne a rapella morena oa ka moso.

LA 14–20 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 3-5

“Jehova oa Nahanela”

w18.09 24 ¶3

O Matla ’Ohle Empa oa re Qenehela

3 Samuele o ile a qala ho “sebeletsa Jehova” tabernakeleng a sa le monyane. (1 Sam. 3:1) Bosiung bo bong ha a ntse a robetse ho ile ha etsahala ntho e sa tloaelehang. (Bala 1 Samuele 3:2-10.) O ile a utloa motho a mo bitsa eaba o ea ho Moprista Eli a matha a nahana hore ke eena. Ha a fihla ho eena o ile a re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa Moprista a re haa mo bitsa. Kaha ntho eo e ile ea etsahala ka makhetlo a mang a mabeli, Moprista o ile a hlokomela hore Samuele o ntse a bitsoa ke Molimo eaba oa mo bolella hore na a re’ng ha a araba. Mohlomong oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a sebelisa lengeloi ho bolella Samuele hore ha se Moprista Eli ea ntseng a bua le eena. Bibele ha e hlakise taba ena, empa tsela eo Jehova a ileng a etsa lintho ka eona e bontša hore u ne a nahanela Samuele.

w18.09 24 ¶4

O Matla ’Ohle Empa oa re Qenehela

4 Bala 1 Samuele 3:11-18. Jehova o laela bana hore ba hlomphe batho ba holileng, haholo-holo ba nang le matla a bolaoli. (Ex. 22:28; Lev. 19:32) Joale ak’u nahane hore na Samuele o ne a ka ikutloa joang ha a ne a se a tlameha ho ea ho Moprista Eli ho ea mo bolella kahlolo ea Jehova. Bibele e re “Samuele o ne a tšaba ho bolella Eli se hlahileng.” Empa Jehova o ile a etsa hore Moprista Eli a hlakeloe hore ke eena ea bitsang Samuele. Kahoo, Moprista eo o ile a re Samuele a mo bolelle na ho etsahetse’ng le hore a ‘se ke a mo patela’ letho. Kaha Samuele o ne a mo hlompha o ile a “mo bolella mantsoe ’ohle.”

Matlotlo a Patiloeng

w05 3/15 21 ¶6

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Samuele oa Pele

3:3​—Na kannete Samuele o ile a robala ka Sehalalelisisong? Che. Samuele e ne e le Molevi oa lelapa leo e seng la baprista, e leng la Bakohathe. (1 Likronike 6:33-38) Kahoo, o ne a sa lumelloa ho “kena ho tla bona lintho tse halalelang.” (Numere 4:17-20) Karolo feela ea sehalalelo eo Samuele a neng a lumeletsoe ho e sebelisa e ne e le lebala la tabernakele. E tlameha ebe o ne a robala moo. Kamoo ho bonahalang kateng, Eli le eena o ne a robala kae-kae lebaleng. Ho ka etsahala hore ebe polelo e reng “moo areka ea Molimo e neng e le hona teng” e bua ka sebaka sa tabernakele.

LA 21-27 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 6-8

“Morena oa Hao ke Mang?”

it-2-E 163 ¶1

’Muso oa Molimo

Ba ikopela ho Busoa ke Motho. Lilemo tse ka bang 400 ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe Egepeta, le tse ka bang ka holimo ho 800 Molimo a entse selekane le Abrahama, Baiseraele ba ile ba batla ho busoa ke motho feela joaloka lichaba tse ba potolohileng. Ntho ena e ile ea bontša hore ha ba batle ha Jehova e le eena ’musi oa bona. (1Sa 8:4-8) Ke ’nete hore batho ba ne ba lebelletse hore Molimo o tla theha ’muso tumellanong le tšepiso eo a neng a fane ka eona ho Abrahama le Jakobo. Tšepo ea bona e ile ea tiea le ho feta ha ba hopola boprofeta bo mabapi le Juda boo Jakobo a ileng a bua ka bona pele a hlokahala (Gen 49:8-10), mantsoeng ao Jehova a ileng a a bua ho Baiseraele ka mor’a hore ba tsoe Egepeta (Ex 19:3-6), lipehelong tsa Molao oa selekane (De 17:14, 15) esita le molaetseng oo Molimo a ileng a susumetsa moprofeta Balame hore a o bue (Nu 24:2-7, 17). Anna ea tšepahalang e leng ’mè oa Samuele o ile a bua ka tšepo ena thapelong ea hae. (1Sa 2:7-10) Leha ho le joalo, Jehova o ne a e-s’o hlakise ka botlalo lintlha tse mabapi le “sephiri se halalelang” sa ’Muso hape o ne a sa bua ka hore na o tla se sibolla neng kapa hore na sephiri seo se tla phethahala lefatšeng kapa leholimong le hore na se tla akarelletsa’ng. Kahoo, kannete batho bao ba ne ba le sebete ha ba ne ba ipatlela morena ka nako eo.

w11 1/1 27 ¶1

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

Hlokomela hore na Jehova o ile a arabela joang ha Samuele a mo bolella bothata bona thapelong: “Mamela lentsoe la sechaba seo mabapi le sohle seo se u bolellang sona; kaha ha sea lahla uena, empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa sona.” Le hoja mantsoe ao a ile a tšelisa Samuele, ketso ea batho bao e ne e qholotsa Molimo ea Matla ’Ohle hakaakang! Jehova o ile a bolella moprofeta eo oa hae hore a lemose Baiseraele hore na ba ne ba tla khola litholoana life ka ho ba le morena oa motho. Ha Samuele a ba bolella, ba ile ba ngangabala, ba re: “Che, empa re tla ba le morena.” Kaha Samuele o ne a lula a mamela Molimo oa hae, o ile a ea tlotsa morena eo Jehova a neng a mo khethile.​—1 Samuele 8:7-19

w10 1/15 30 ¶9

Puso ea Jehova e Tlosoa Qoso!

9 Histori e ile ea bontša hore temoso ea Jehova e ne e le ’nete. Ho busoa ke morena oa motho ho ile ha tlisetsa Baiseraele mathata a maholo, haholo-holo ha morena eo a ne a bontša hore ha a tšepahale. Ha re nahana ka mohlala oo oa Baiseraele, ha re makale hore ebe ka lilemo, mebuso ea batho ba sa tsebeng Jehova e ’nile ea hloleha ho tlisa melemo e tšoarellang. Ke ’nete hore bo-ralipolotiki ba bang ba kopa hore Molimo a hlohonolofatse boiteko ba bona ba ho tlisa khotso le tšireletseho, empa Molimo a ka hlohonolofatsa batho ba sa ikokobeletseng puso ea hae joang?​—Pes. 2:10-12

Matlotlo a Patiloeng

w02 4/1 12 ¶13

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?

13 Re lokela ho sokoloha pele re kolobetsoa re le Lipaki tsa Jehova. Tšokoloho ke ketso ea boithatelo e etsoang ka bolokolohi ke motho ea entseng qeto e tlohang pelong ea ho latela Kreste Jesu. Batho ba joalo ba lahla tsela ea bona e fosahetseng ea nako e fetileng ’me ba ikemisetsa ho etsa se lokileng mahlong a Molimo. Ka Mangolong, maetsi a Seheberu le a Segerike a amanang le tšokoloho a na le moelelo oa ho furalla kapa ho reteleha. Ketso ena e bontša ho furalla tsela e fosahetseng le ho retelehela ho Molimo. (1 Marena 8:33, 34) Tšokoloho e hloka hore ho be le “mesebetsi e tšoanelang pako.” (Liketso 26:20) E hloka hore re lahle borapeli ba bohata, re sebetse tumellanong le litaelo tsa Molimo ’me re fe Jehova boinehelo bo eang ho eena a ’notsi. (Deuteronoma 30:2, 8-10; 1 Samuele 7:3) Tšokoloho e fella ka hore re fetole monahano oa rona, lipakane tsa rona le botho ba rona. (Ezekiele 18:31) Rea ‘sokoloha’ ha mekhoa e mebe e nkeloa sebaka ke botho bo bocha.​—Liketso 3:19; Baefese 4:20-24; Bakolose 3:5-14.

LA 28 FEBRUARY–LA 6 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 9-11

“Saule o Ile a Qala a Ikokobelitse Hape a Inyenyefalitse”

w20.08 10 ¶11

Ikokobetse Hape U Inyenyefatse ha U Tsamaea le Molimo

11 Na u sa hopola hore na Morena Saule o ile a hlaheloa ke’ng? Ha a sa le mocha, e ne e le motho ea ikokobelitseng. O ne a hlokomela moo matla a hae a fellang teng a bile a le lesisitheho hore a ka amohela boikarabelo bo eketsehileng. (1 Sam. 9:21; 10:20-22) Empa ha nako e ntse e-ea, o ile a qala ho etsa lintho tseo a neng a se na tokelo ea ho li etsa. O ile a bontša sebopeho sena se sebe nakoana ka mor’a hore e be morena. Athe boemong bo bong teng o ile a felloa ke pelo ha a ntse a emetse moprofeta Samuele. Ho e-na le hore ka boikokobetso a tšepe hore Jehova o tla etsa lintho bakeng sa sechaba sa hae, Saule o ile a etsa nyehelo ea secheso eo a neng a se na matla kapa tokelo ea ho e etsa. Kahoo, Jehova ha aa ka a hlola a amohela Saule eaba le borena boa mo fella. (1 Sam. 13:8-14) Re tla be re bontša hore re bohlale haeba re ithuta mohlaleng ona hore re qobe ho etsa lintho tseo re se nang tokelo ea ho li etsa.

w14 3/15 9 ¶8

Kamoo re ka Lulang re E-na le Moea oa Boitelo

8 Mohlala oa Morena Saule oa Iseraele o re lemosa kamoo boithati bo ka fokolisang moea oa boitelo kateng. Ha Saule a qala ho busa o ne a ikokobelitse. (1 Sam. 9:21) Ka boikokobetso o ile a ikhethela hore a se ke a otla Baiseraele ba neng ba bua hampe ka puso ea hae, le hoja ba ne ba phephetsa bolaoli boo Molimo a mo fileng bona. (1 Sam. 10:27) O ile a lumella moea oa Molimo ho mo tataisa hore a etelle Baiseraele pele ha ba ne ba hlola Baammone. Ka mor’a moo, ka boikokobetso o ile a isa thoriso ho Jehova ka tlholo ea hae.​—1 Sam. 11:6, 11-13.

w95 12/15 10 ¶1

Baammone​—Batho ba Ileng ba Buseletsa Mosa ka Bora

Le lekhetlong lena Baammone ba ne ba buselelitse mosa oa Jehova ka bora. Jehova ha aa ka a iphapanyetsa tšokelo ena e mabifi. “Eaba moea oa Molimo o tšoara Saule, ha a utloa taba tseo [tsa Nahashe], a halefa haholo.” Tlas’a tataiso ea moea oa Molimo, Saule o ile a bokella lebotho la banna ba loanang ba 330 000 bao ka ho feletseng ba ileng ba ripitla Baammone hoo ho ileng “ha ba ha hlokahala ba tsamaeang ka bobeli.”​—1 Samuele 11:6, 11.

Matlotlo a Patiloeng

w05 3/15 22 ¶8

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Samuele oa Pele

9:9​—Polelo e reng “moprofeta oa kajeno o ne a bitsoa seboni linakong tsa pele” e bontša eng? Mohlomong mantsoe ana a bontša hore ha baprofeta ba ntse ba tuma haholoanyane mehleng ea Samuele le mehleng ea marena a Iseraele, lentsoe “seboni” le ile la nkeloa sebaka ke lentsoe “moprofeta.” Samuele o nkoa e le eena oa pele lesikeng la baprofeta.​—Liketso 3:24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela