Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr23 January maq. 1-8
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lihloohoana
  • LA 2-8 JANUARY
  • LA 9-15 JANUARY
  • LA 16-22 JANUARY
  • LA 23-29 JANUARY
  • LA 30 JANUARY–LA 5 FEBRUARY
  • LA 6-12 FEBRUARY
  • LA 13-19 FEBRUARY
  • LA 20-26 FEBRUARY
  • LA 27 FEBRUARY–LA 5 MARCH
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2023
mwbr23 January maq. 1-8

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

© 2022 Christian Congregation of Jehovah’s Witnesses

LA 2-8 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 22-23

“Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ikokobetsa?”

w00 9/15 29-30

Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova

Ho tloha esale hoseng, ba lokisang tempele ba sebetsa ka khothalo. Ka sebele Josiase o leboha Jehova hore ebe basebetsi ba lokisa tšenyo eo ba bang ba baholo-holo ba hae ba khopo ba ileng ba e etsa ntlong ea Molimo. Ha mosebetsi o ntse o tsoela pele, Shafane a tla tlaleha. Empa o tšoere’ng? Ka sebele, o tšoere moqolo! O hlalosa hore Moprista ea Phahameng Hilkia o fumane “buka ea molao oa Jehova e fanoeng ka letsoho la Moshe.” (2 Likronike 34:12-18, NW) Ho sibolotsoe ntho e kaakang​—eo ho seng pelaelo ea hore ke kopi ea pele ea Molao!

Josiase o labalabela ho utloa lentsoe le leng le le leng la buka ena. Ha Shafane a ntse a bala, morena o leka ho bona kamoo taelo ka ’ngoe e sebetsang kateng ho eena le ho sechaba. Haholo-holo o khahloa ke tsela eo ka eona buka ena e totobatsang borapeli ba ’nete kateng le ho bolela esale pele likotlo le botlamuoa tse neng li tla tla haeba sechaba se ne se kopanela bolumeling ba bohata. Joale ha a hlokomela hore hase litaelo tsohle tsa Molimo tse phethiloeng, Josiase o hahola liaparo tsa hae ’me o fa Hilkia, Shafane le ba bang taelo ena: ‘Le mpotsetse Jehova, . . . holim’a litaba tsa buka ena . . . etsoe Jehova o re halefetse haholo ka baka la hobane bo-ntat’a rona ha ba ka ba mamela litaba tsa buka ena.’​—2 Marena 22:11-13; 2 Likronike 34:19-21.

w00 9/15 30 ¶2

Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova

Eaba manģosa a Josiase a ea Jerusalema ho Hulda moprofeta oa mosali ’me a khutla le tlaleho. Hulda o fetisitse lentsoe la Jehova, a bontša hore litlokotsi tse tlalehiloeng bukeng e sa tsoa fumanoa li tla oela sechaba seo sa bakoenehi. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho ikokobetsa ka pel’a Jehova Molimo, Josiase a ke ke a oeloa ke tlokotsi ena. O tla orohela ho baholo-holo ba hae ’me a isoe lebitleng ka khotso.​—2 Marena 22:14-20; 2 Likronike 34:22-28.

Matlotlo a Patiloeng

w01 4/15 26 ¶3-4

U ka Atleha ho sa Tsotellehe Kamoo U Hōlisitsoeng Kateng

Ho sa tsotellehe maemo a sithabetsang a bongoaneng ba hae, Josiase o ile a tsoela pele ho etsa se setle mahlong a Jehova. ’Muso oa hae o ne o atlehile hoo Bibele e reng: “Pele ho eena ha hoa ka ha e-ba le morena ea joaloka eena ea ileng a khutlela ho Jehova ka pelo ea hae eohle le ka moea oa hae oohle le ka mafolofolo a hae ’ohle, ho ea ka molao oohle oa Moshe; leha e le hore ka mor’a hae ho ile ha hlaha ea joaloka eena.”​—2 Marena 23:19-25.

Josiase ke mohlala o khothatsang hakaakang ho bohle ba ileng ba tšoanela ho mamella bongoana bo bosula! Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae? Ke eng e ileng ea thusa Josiase ho khetha tsela e nepahetseng le ho lula ho eona?

LA 9-15 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 24-25

“Lula U Lebetse”

w01 2/15 12 ¶2

Letsatsi la Jehova la Kahlolo le Haufi!

2 Ntle ho pelaelo ho profeta ha Sofonia ho ile ha etsa hore Josiase e monyenyane a elelloe haholoanyane hore ho hlokahala hore ho tlosoe borapeli bo sa hloekang Juda. Leha ho le joalo, ha Josiase a tlosa bolumeli ba bohata ka hare ho naha ha a ka a felisa bokhopo bohle har’a sechaba, hape ha a ka a felisa libe tsa ntat’ae-moholo, Morena Manase, ea ‘neng a tlatsitse Jerusalema ka mali a hlokang molato.’ (2 Marena 24:3, 4; 2 Likronike 34:3) Ka hona, letsatsi la Jehova la kahlolo le ne le tla fela le tle.

w07 3/15 11 ¶10

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Jeremia

E ne e le ka selemo sa 607 B.C.E. Tsedekia o ne a le selemong sa bo11 sa borena ba hae. Morena Nebukadnezare oa Babylona o ne a thibeletse Jerusalema ka likhoeli tse 18. Ka letsatsi la bosupa khoeling ea bohlano ea selemo sa bo19 sa puso ea Nebukadnezare, Nebuzaradane, mookameli oa balebeli, o ile ‘a tla’ Jerusalema, kapa a fihla teng. (2 Marena 25:8) Mohlomong a le liahelong tsa hae tse neng li le ka ntle ho marako a motse, Nebuzaradane o ile a hlahloba boemo ’me a rera hore na a nke bohato bofe. Matsatsi a mararo hamorao, ka la leshome la khoeli, o ile a ‘kena’ Jerusalema, ’me a qala ho chesa motse.​—Jeremia 52:12, 13.

Matlotlo a Patiloeng

w05 8/1 12 ¶2

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Bobeli

24:3, 4. Jehova “ha a ka a lumela ho tšoarela” Juda ka lebaka la molato oa mali oa Manase. Molimo o hlompha mali a ba se nang molato. Re ka kholiseha hore Jehova o tla phetetsa mali a se nang molato ka ho felisa ba molato oa ho a tšolla.​—Pesaleme ea 37:9-11; 145:20.

LA 16-22 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 1-3

“Bibele ke Buka ea ’Nete Eseng ea Litšomo”

w09 9/1 14 ¶1

Adama le Eva​—Na Ruri ba Kile ba Phela?

Ka mohlala, nahana ka tlaleho ea Bibele e bukeng ea Pele ea Likronike, khaolo ea 1 ho ea ho ea 9, le e Kosepeleng ea Luka, khaolo 3 e thathamisang leloko la Bajuda. Litlaleho tsena li thathamisitse ka ho hlaka maloko a 48 le a 75 ka ho latellana ha ’ona. Buka ea Luka e lokolisa leloko labo Jesu Kreste, ha Likronike e tlaleha ka leloko la borena le la baprista la sechaba sa Iseraele. Mathathamo ao ka bobeli a na le mabitso a batho ba tsebahalang joaloka Solomone, Davida, Jakobo, Isaka, Abrahama, Noe, hammoho le Adama. Mabitso a mathathamong ana ka bobeli a hlahisitse batho ba kileng ba phela, ’me ho ’ona ka bobeli Adama ke eena oa pele.

w08 6/1 3 ¶4

Taba ea Noe le Moroallo—Ke ’Nete, Hase Tšomo Feela

Litlaleho tse peli tse ka Bibeleng tse thathamisang maloko li bontša hore Noe o kile a phela. (1 Likronike 1:4; Luka 3:36) Esdrase le Luka, ba ngotseng litlaleho tseo, ba ile ba batlisisa ka hloko pele ba li ngola. Luka o ile a latellisa leloko la Jesu Kreste ho ea fihla ho Noe.

w09 9/1 14-15

Adama le Eva​—Na Ruri ba Kile ba Phela?

Ka mohlala, nahana ka thuto ea Bibele eo batho ba bangata ba kenang kereke ba e nkang e le ea bohlokoa​—e leng sehlabelo sa thekollo. Ho latela thuto ena, Jesu Kreste o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo e le hore a pholose batho libeng tsa bona. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Joalokaha re tseba, thekollo ke ho fana ka tefo e lekanang le ea ntho e u lahlehetseng kapa eo u neng u se u e tetse, e le ho e lokolla kapa ho e reka hape. Ke kahoo Bibele e hlalosang Jesu e le “thekollo e lekanang.” (1 Timothea 2:6) Re ka ’na ra ipotsa, ke thekollo e lekanang le eng? Bibele ea araba: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:22) Bophelo bo phethahetseng boo Jesu a ileng a fana ka bona e le ho rekolla moloko oa batho ba tšepahalang bo lekana le bo phethahetseng boo Adama a ileng a bo lahla ka lebaka la sebe seo a ileng a se etsa Edene. (Baroma 5:12) Ho hlakile hore haeba Adama ha a ka a phela, seo se ne se tla bolela hore ho hang sehlabelo sa Kreste sa thekollo ha se na molemo.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 911 ¶3-4

Leloko

Mabitso a Basali. Ka linako tse ling basali ba ne rehoa mabitso ho ea ka maloko haeba ho ne ho e-na le mabaka a ho etsa joalo. Lebitso la Sara lea hlaha ho Genese 11:29, 30 hobane Peo e tšepisitsoeng e ne e tla ba teng ka eena eseng ka mosali e mong oa Abrahama. Ho ka etsahala hore Milka le eena o hlaha litemaneng tsona tseo hobane e ne e le nkhono oa Rebeka mosali oa Isaka. Kahoo taba ena e bontša hore Rebeka o ne a tsoa lelokong la Abrahama kaha Isaka o ne sa lokela ho nyala mosali oa molichaba. (Ge 22:20-23; 24:2-4) Ho Genese 25:1, ho hlaha lebitso la mosali e mong oa Abrahama e leng Ketura. Sena se bontša hore Abrahama o ile a nyala hape ka mor’a hore Sara a hlokahale. Hape o ne a ntse a e-na le bokhoni ba ho ba le bana lilemo tse 40 ka mor’a hore Jehova a etse hore ba be le ngoana ka mohlolo. (Bar 4:19; Ge 24:67; 25:20) Taba ena e boetse e bontša hore na meloko e meng ea Maarabia le Bamidiane e ne e amana joang le Baiseraele.

Ho boetse ho hlaha lebitso la Lea, Ragele, lirethe tsa Jakobo hammoho le bara bao ba ileng ba e-ba le bona. (Ge 35:21-26) Sena se re thusa ho utloisisa tsela eo ka eona Molimo a ileng a sebelisana le bara bana hamorao. Ho na le mabitso a basali ba bang a hlahang tatellanong ea maloko ka mabaka a kang ana. Haeba ba ne ba hlaha lethathamong la batho ba lokelang ho fuoa lefa, ho ne ho ka boleloa mabitso a bona. (Nu 26:33) Ke ’nete hore Tamare, Rahaba le Ruthe bona baa ikhetha. E mong le e mong oa bona o na le tsela e ikhethang eo e ileng ea e-ba karolo ea leloko leo Mesia e leng Jesu Kreste, a ileng a hlaha ho lona. (Ge 38; Ru 1:3-5; 4:13-15; Mat 1:1-5) Maemo a mang ao mabitso a basali a hlahang ho ’ona ha ho thathamisoa leloko ke a ho 1 Likronike 2:35, 48, 49; 3:1-3, 5.

LA 23-29 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 4-6

“Lithapelo Tsa ka li Bontšang ka ’Na?”

w10 10/1 23 ¶3-7

“Ea Utloang Thapelo”

Jabeze e ne e le motho ea rapelang haholo. O qalile thapelo ea hae ka ho kopa Molimo hore a mo hlohonolofatse. Ka mor’a moo o ile a kopa lintho tse tharo tse bontšang hore o ne a e-na le tumelo e matla.

Ea pele, Jabeze o ile a kopa Molimo, a re: “U eketse naha ea ka.” (Temana ea 10) Monna enoa ea hlomphehang o ne a se meharo ea ho ba le sebaka se seholo, a bile a sa khalle lintho tsa batho ba bang. E tlameha ebe kopo ea hae e matla e ne e sa amane le sebaka hakaalo empa e ne e amana le batho. E ka ’na eaba o ne a kopa hore a ekeletsoe sebaka sa hae ka tsela e ke keng ea tsosa moferefere e le hore ho ka ba le batho ba bangata ba tla rapela Molimo oa ’nete.

Ea bobeli, Jabeze o ile a kopa hore “letsoho” la Molimo le be le eena. Letsoho la tšoantšetso la Molimo ke matla a hae ao a a sebelisetsang ho thusa barapeli ba hae. (1 Likronike 29:12) E le hore Jabeze a arabeloe likopong tseo a neng a li etsa ho tsoa pelong, o ne a tšepile Molimo eo letsoho la hae le seng lekhutšoanyane ho ba bontšang tumelo ho eena.​—Esaia 59:1.

Ea boraro, Jabeze o ile a rapela, a re: ‘U mpoloke tlokotsing, e le hore e se ke ea ’ntša kotsi.’ Poleloana e reng “e le hore e se ke ea ’ntša kotsi” e ka bolela hore Jabeze ha a ka a rapella hore a balehisoe tlokotsing, empa o ile a rapella hore a se ke a tšoenyeha kapa hore a se ke a imeloa ke liphello tsa bokhopo.

Thapelo ea Jabeze ea bontša hore o ne a amehile ka hore ho be le borapeli ba ’nete ebile e bontša hore o ne a e-na le tumelo ho Ea Utloang thapelo le hore oa mo tšepa. Jehova o ile a arabela joang? Tlaleho ena e khutšoanyane e fella ka mantsoe a reng: “Ka lebaka leo Molimo a phethahatsa seo a neng a se kopile.”

Matlotlo a Patiloeng

w05 10/1 9 ¶7

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Likronike Tsa Pele

5:10, 18-22. Mehleng ea Morena Saule, meloko e ka bochabela ho Jordane e ile ea hlola Bahagare le hoja ba ne ba e feta ka palo ka makhetlo a fetang a mabeli. Meloko eo e ile ea ba hlola hobane banna ba eona ba sebete ba ne ba tšepile Jehova ’me ba itšetlehile ka eena hore a ba thuse. Le rona a re tšepeng Jehova ka ho feletseng ha re ntse re hlanaka ntoa ea rona ea moea.—Baefese 6:10-17.

LA 30 JANUARY–LA 5 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 7-9

“Ka Thuso ea Jehova Re ka Etsa Mesebetsi e Boima eo re e Fuoang”

w05 10/1 9 ¶8

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Likronike Tsa Pele

9:26, 27. Balebeli ba liheke ba Balevi ba ne ba tšepetsoe boikarabelo bo boholo. Ba ne ba fuoe senotlolo se ba lumellang ho kena libakeng tse halalelang tsa tempele. Ba ne ba bula liheke ka botšepehi letsatsi le letsatsi. Re fuoe mosebetsi oa ho batla batho tšimong ea rona le ho ba thusa hore ba tle borapeling ba Jehova. Na le rona ha rea lokela ho ba batho ba tšepahalang le ba ka tšeptjoang joaloka balebeli ba liheke ba Balevi?

w11 9/15 32 ¶7

Na U ka Etsisa Finease ha U Thulana le Mathata?

Finease o ne a jere boikarabelo bo boima Iseraeleng ea boholo-holo; leha ho le joalo kaha o ne a le sebete, a e-na le temohisiso a bile a tšepile Molimo, o ile a hlola mathata. Hape, kaha Finease o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela phutheho ea Molimo o ile a amoheloa ke Jehova. Lilemo tse 1 000 hamorao, Esdrase o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe ana: “Ke Finease mora oa Eleazare eo e neng e le moeta-pele oa bona nakong e fetileng. Jehova o ne a e-na le eena.” (1 Likron. 9:20) E se eka ho ka ba joalo ka bohle ba etellang pele har’a batho ba Molimo kajeno, ha e le hantle, ho Bakreste bohle ba mo sebeletsang ka botšepehi.

Matlotlo a Patiloeng

w10 12/15 21 ¶6

Binelang Jehova!

6 Ka sebele, Jehova o ile a laela barapeli ba hae hore ba mo rorise ka lipina a sebelisa baprofeta ba hae. Libini tsa leloko la baprista li ne li bile li filoe tumello ea hore li se ke tsa etsa mesebetsi eo ho neng ho lebeletsoe hore Balevi ba bang ba e etse, e le hore li ne li ka sebelisa nako e lekaneng li qapa ’mino, mohlomong li bile li ikoetlisa.​—1 Likron. 9:33.

LA 6-12 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 10-12

“Ikemisetse ho Etsa Thato ea Molimo”

w12 11/15 6 ¶12-13

“Nthute ho Etsa Thato ea Hao”

12 Davida o ne a utloisisa hore na melao-motheo e sebetsa joang ’me o ne a batla ho e latela bophelong ba hae, kahoo, e ka ba hantle hore re mo etsise tabeng ena. Nahana ka se ileng sa etsahala ha Davida a ne a bolela hore o nyoretsoe “metsi a tsoang selibeng sa Bethlehema.” Banna ba bararo ba Davida ba ile ba kena ka mahahapa motseng oo ka nako eo ho neng ho lula Bafilista, eaba ba tla le metsi. Leha ho le joalo, “Davida ha aa ka a lumela ho a noa, empa [o ile] a a qhalla fatše bakeng sa Jehova.” Hobane’ng? Davida o ile a re: “Ke ho sa utloahaleng, mabapi le Molimo oa ka, hore ke etse sena! Na ke lokela ho noa mali a banna baa ka ho beha meea ea bona kotsing? Etsoe ba a tlisitse ka ho beha meea ea bona kotsing.”​—Likron 11:15-19.

13 Davida o ne a tseba hore ho latela Molao, mali a lokela ho qhalloa fatše bakeng sa Jehova eseng hore a jeoe. O ne a boetse a utloisisa hore na ke hobane’ng ha sena se ne se lokela ho etsoa. Davida o ne a tseba hore “moea oa nama o maling.” Leha ho le joalo, banna bao ba ne ba tlile le metsi eseng mali. Ke hobane’ng ha Davida a ile a hana ho a noa? Ke hobane o ne a utloisisa molao-motheo o tsoang molaong o mabapi le mali. Davida o ne a nka metsi ao e le a bohlokoa joaloka mali a banna bao ba bararo. Ka lebaka leo, e ne e le ho sa utloahaleng hore a noe metsi ao. Ho e-na le hore a a noe, o ile a etsa qeto ea hore a a qhalle fatše.​—Lev. 17:11; Deut. 12:23, 24.

w18.06 17 ¶5-6

Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao

5 E le hore melao ea Molimo e re tsoele molemo, ha rea lokela ho e bala le ho e tseba feela. Re lokela ho e rata le ho e hlompha. Lentsoe la Molimo le re: “Hloeang se sebe, le rate se molemo.” (Amose 5:15) Empa re ka etsa joalo joang? Ntlha ea bohlokoa ke hore re ithute ho sheba lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. Mohlala: Nka hore u sitoa ho robala hantle bosiu. Ngaka e u fa litaelo tsa hore u je hantle, u ikoetlise le hore u etse liphetoho tse ling. Ka mor’a hore u mamele litaelo tseo, oa hlokomela hore li u tsoela molemo. Ha ho pelaelo hore u ne u tla ananela hore ebe ngaka e u thusitse hore u ntlafatse bophelo ba hao.

6 Ka tsela e tšoanang, ’Mopi oa rona o re file melao e re sireletsang hore re se ke ra khola litholoana tse bosula tsa sebe e le hore re ntlafatse bophelo ba rona. Nahana kamoo u ka ruang molemo kateng ha u latela melao ea Bibele e akarelletsang ho qoba lintho tse kang: Ho bua leshano, ho qhekella, ho utsoa, ho kopanela liphate kantle ho lenyalo, ntoa le ho sebelisana le bademona. (Bala Liproverbia 6:16-19; Tšen. 21:8) Ha Jehova a re hlohonolofatsa ka lebaka la ho etsa lintho ka tsela eo a e batlang, re mo rata ho tsoa pelong ebile re ananela melao ea hae.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 1058 ¶5-6

Pelo

Ho Sebeletsa ‘ka Pelo Eohle.’ E le hore pelo e khone ho sebetsa hantle, e lokela ho fella empa pelo ea tšoantšetso eona e ka khona ho ba lipelo li peli. Davida o ile a rapela a re: “Etsa hore ke tšabe lebitso la hao ka pelo ea ka eohle,” sena se bontša hore pelo ea motho e ka khona ho arohana ka lebaka la maikutlo a rona le lintho tseo re li tšabang. (Pes 86:11) Motho ea joalo a ka ba le ‘pelo e sa fellang’ kapa a ba foofo ha a sebeletsa Molimo. (Pes 119:113; Tše 3:16) Motho a ka khona ho ba le “lipelo tse peli,” a leke ho sebeletsa marena a mabeli kapa a ithetse ka hore o rata ntho e ’ngoe empa a nahanne ka e itseng. (1Kr 12:33; Pes 12:2, nal) Jesu o ne a hloile baikaketsi.​—Mat 15:7, 8.

Motho ea batlang ho thabisa Molimo ha aa lokela ho ba le pelo e sa fellang kapa a be le lipelo tse peli empa o lokela ho mo sebeletsa ka pelo eohle. (1Kr 28:9) Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore pelo ea rona e se ke ea e-ba meharo ’me ea re susumetsa ho etsa lintho tse mpe. (Jer 17:9, 10; Ge 8:21) Lintho tse ka re thusang hore re lule re e-na le pelo e felletseng ke ho rapela ho tsoa pelong (Pes 119:145; Lil 3:41), ho bala Lentsoe la Molimo kamehla (Esd 7:10; Pr 15:28), ho sebetsa ka mafolo-folo mosebetsing oa boboleli (bapisa le Jer 20:9), le ho etsa setsoalle le batho ba ratang Jehova ka pelo e felletseng.​—Bapisa le 2Ma 10:15, 16.

LA 13-19 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 13-16

“Ho Latela Tataiso ho Lebisa Katlehong”

w03 5/1 10-11

Na ua Ipotsa Hore na “Jehova o Hokae?”

12 Ha Areka ea selekane e se e khutliselitsoe Iseraele ebile e qetile lilemo tse ngata Kiriathe-jearime, Morena Davida o ile a lakatsa ho e isa Jerusalema. O ile a batla keletso ho marena a sechaba ’me a re Areka e tla tlosoa “haeba ho bonahala ho le molemo ho [bona] ’me e le ho amohelehang ho Jehova.” Ha aa ka a batla ka ho lekaneng hore a tsebe thato ea Jehova tabeng ena. Haeba a ne a ile a batla ho e tseba, Areka e ka be e sa ka ea belesoa koloing. E ka be e ile ea jaroa ke Balevi ba Bakohathe, joalokaha Molimo a ne a laetse ka ho hlaka. Le hoja hangata Davida a ne a botsa ho Jehova, lekhetlong lena ha aa ka a etsa joalo ka tsela e loketseng. Liphello e bile tse sisimosang. Hamorao Davida o ile a lumela a re: “Jehova Molimo oa rona o ile a re qhalakanya, etsoe ha rea ka ra mo batla ho ea ka tloaelo.”​—1 Kr 13:1-3; 15:11-13; Nu 4:4-6, 15; 7:1-9.

w03 5/1 11 ¶13

Na ua Ipotsa Hore na “Jehova o Hokae?”

13 Ha qetellong Balevi ba jara Areka ho e tlosa ntlong ea Obed-edomo ba e isa Jerusalema, ho ile ha binoa pina e neng e qapiloe ke Davida. E ne e e-na le khopotso ena e tlohang pelong: “Batlang Jehova le matla a hae, batlang sefahleho sa hae kamehla. Hopolang liketso tsa hae tse hlollang tseo a li entseng, mehlolo ea hae le liqeto tsa boahloli tsa molomo oa hae.”​—1 Kr 16:11, 12.

Matlotlo a Patiloeng

w14 1/15 10-11 ¶14

Rapela Jehova Morena oa Bosafeleng

14 Davida o ile a tlisa areka ea selekane e halalelang Jerusalema. Ketsahalong eo e thabisang, Balevi ba ile ba bina pina ea thoriso e nang le mantsoe a monate, a tlalehiloeng ho 1 Likronike 16:31, a reng: ‘E reng har’a lichaba, “Jehova ke morena!”’ Motho a ka ’na a ipotsa, ‘Kaha Jehova ke Morena oa bosafeleng, e bile Morena joang ka nako eo?’ Jehova e bile Morena ha a bonahatsa bobusi ba hae kapa a theha mokhatlo o tla mo emela ka nako e itseng kapa ho sebetsana le boemo bo itseng bo tobileng. Liphello tse tlisoang ke tšobotsi ena ea borena ba Jehova e tla ba tsa nako e telele. Pele Davida a shoa, Jehova o ile a mo tšepisa hore borena ba hae bo tla tsoela pele ka ho sa feleng a re: “Ke tla hlahisa peō ea hao ka mor’a hao, e tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare; ruri ke tla tiisa ’muso oa hae ka thata.” (2 Sam. 7: 12, 13) “Peō” eo ea Davida e qeteletse e hlahile lilemo tse fetang 1 000 hamorao. E ipakile ho ba mang, hona e ne e tla ba Morena neng?

LA 20-26 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 17-19

“Lula U Thabile Leha Maemo a U Nyahamisa”

w06 7/15 19 ¶1

Nahanisisa ka Molemo oa Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova

DAVIDA oa Iseraele ea boholo-holo ke e mong oa batho ba hlaheletseng ka ho fetisisa bao ho buuoang ka bona ka Mangolong a Seheberu. Davida enoa eo e neng e le molisa, sebini, moprofeta ebile e le morena o ne a tšepa Jehova Molimo ka botlalo. Kamano e haufi eo Davida a neng a e-na le eona le Jehova e ile ea mo tsosetsa takatso ea ho hahela Molimo ntlo. Ntlo eo, kapa tempele, e ne e tla ba setsi sa borapeli ba ’nete Iseraele. Davida o ne a tseba hore litokisetso tse amanang le tempele li ne li tla tlisetsa batho ba Molimo thabo le melemo. Ka hona, Davida o ile a bina a re: “Ho thaba eo [uena Jehova] u mo khethang le ho etsa hore a atamele, e le hore a ka lula mabaleng a hao. Ka sebele re tla khotsofalla molemo oa ntlo ea hao, sebaka se halalelang sa tempele ea hao.”​—Pesaleme ea 65:4.

w21.08 22-23 ¶11

E-ba le Thabo e Tlisoang ke ho Sebeletsa Jehova

11 Ka ho tšoanang, re ka eketsa thabo ea rona ka hore re amehe ka mosebetsi le ha e le ofe oo re o fuoeng tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, “tšoareha ka matla haholo” mosebetsing oa boboleli ’me u sebetse ka thata ka phuthehong. (Lik. 18:5; Baheb. 10:​24, 25) Lokisetsa hantle e le hore u fane ka likarabo tse matlafatsang ha u le libokeng. Nka ka ho teba mosebetsi o mong le o mong oo u fuoang libokeng tsa har’a beke. Haeba u kopuoa hore u etse mosebetsi o itseng ka phuthehong tšepahala ’me o u etse ka nako. U se ke oa nahana hore mosebetsi oo o u fuoang ha o bohlokoa haholo ’me o tla u senyetsa nako. Leka ka matla ho ntlafatsa bokhoni ba hao. (Liprov. 22:29) Ha u leka kahohle ho sebeletsa Jehova ka thata, u tla thaba le ho feta ebile u tla atleha tšebeletsong ea hae. (Bagal. 6:4) Ho tla boela ho be bonolo hore u thabe le batho ba bang haeba ba fuoa mosebetsi oo u neng u ka rata ho o etsa.​—Bar. 12:15; Bagal. 5:26.

Matlotlo a Patiloeng

w20.02 12, lebokose

Re Rata Ntate oa Rona Haholo

Na Jehova o Nkela Hloko?

Na u kile oa ipotsa hore na har’a batho ba libilione ba phelang lefatšeng moo, ke hobane’ng ha Jehova a u ela hloko? Haeba ho joalo, ha se uena feela ea ipotsang potso eo. Morena Davida o ile a re: “Jehova, motho ke eng hore u mo hlokomele, mora oa motho ea shoang ke eng hore u mo ele hloko?” (Pes. 144:3) Davida o ne a kholisehile hore Jehova o mo tseba hantle. (1 Likron. 17:​16-18) A sebelisa Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae, Jehova o u tiisetsa hore o bona kamoo u mo ratang kateng. Hlokomela litemana tsena tse hlahang ka Lentsoeng la Hae tse re kholisang hore taba ena ke ’nete:

• Jehova o u tsebile le pele u hlaha.​—Pes. 139:16.

• Jehova oa tseba hore na u nahana’ng le hore na u ikutloa joang.​—1 Likron. 28:9.

• Jehova o mamela thapelo e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.​​—Pes. 65:2.

• Lintho tseo u li etsa’ng li ka thabisa Jehova kapa tsa mo koatisa.​—Liprov. 27:11.

• Jehova o u thusitse hore u mo sebeletse.​—Joh. 6:44.

• Jehova o tla u tsosa leha u ka shoa hobane o u tseba hantle. O tla u fa ’mele, kelello le maikutlo le menahano tse batlang li tšoana le tseo u nang le tsona hona joale.​—Joh. 11:21-26, 39-44; Lik. 24:15.

LA 27 FEBRUARY–LA 5 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 20-22

“Thusa Bacha Hore ba Atlehe”

w17.01 29 ¶8

“Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”

8 Bala 1 Likronike 22:5. E ka ’na eaba Davida o ile a nahana hore Solomone a ke ke a khona ho phetha kabelo eo ea bohlokoa. Etsoe tempele e ne e “lokela ho ba e hlollang ka mokhoa o fetisisang ka botle” ’me ka nako eo Solomone o ne a sa le ‘mocha ’me a se na boiphihlelo.’ Leha ho le joalo, Davida o ne a tseba hore Jehova o tla tšehetsa Solomone. Kahoo Davida o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho tšehetsa Solomone, ka ho hlophisa lintho tsohle tse hlokahalang.

w17.01 29 ¶7

“Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”

7 Davida o ile a tšehetsa Solomone ho haha tempele, a sa tsotelle hore na thoriso e tla ea ho mang. ’Me ka sebele mohaho oo o ile oa tsebahala e le tempele ea Solomone, e seng ea Davida. Le hoja lintho li sa ka tsa tsamaea ka tsela eo Davida a neng a lebeletse ka eona, Davida o ile a tšehetsa Solomone. Davida o ile a thusa ka hore a hlophise basebetsi le ho bokella tšepe, koporo, silevera, khauta, le patsi. Ho ekelletsa moo, o ile a khothatsa Solomone a re ho Eena: “Joale, mora oa ka, e se eka Jehova a ka ba le uena, ’me o atlehe ’me o hahe ntlo ea Jehova Molimo oa hao, feela joalokaha a buile malebana le uena.”—1 Likron. 22:11, 14-16.

w18.03 11-12 ¶14-15

Batsoali, na le Thusa Bana ho Itokisetsa ho Kolobetsoa?

14 Baholo ba ka thusa batsoali ka hore ba khothalletse bana ho sebeletsa Jehova. Morali’abo rona e mong o hopola ha a le lilemo li tšeletseng, a bua le mor’abo rona Russell. Le hoja puisano eo e nkile metsotso e 15 feela, mantsoe a mor’abo rona Russell a ile a mo susumelletsa hore a sebeletse e le pula-maliboho ka lilemo tse fetang 70. Ho hlakile hore mantsoe a khothatsang a ka ba le tšusumetso e ntle esita le ka mor’a nako e telele. (Liprov. 25:11) Baholo ba ka boela ba sebetsa le batsoali le bana Holong ea ’Muso. Ba ka fa bana mesebetsi e itseng ho latela lilemo tsa bona le bokhoni ba bona.

15 Batho ba bang ka phuthehong ba ka khothatsa bacha ka hore ba bontše hore baa ba thahasella. Empa ba lokela ho etsa joalo ka tsela e amohelehang. Mohlala, sheba lintho tse bontšang hore mocha o ntse a atamela haufi le Jehova. Na o fane ka karabo e monate eo a e lokiselitseng hantle kapa o fane ka puo hamonate libokeng tsa har’a beke? Na o ile a bua ka Bibele le bana bao a kenang sekolo le bona kapa a etsa ntho e nepahetseng ho e-na le ho etsa e fosahetseng? Haeba ho joalo, potlakela ho mo babatsa ho tloha pelong. U ka ikemisetsa ho bua le mocha ea itseng pele liboka li qala kapa ka mor’a tsona. Ha u etsa joalo, bana ba tla ikutloa e le karolo ea ‘phutheho e kholo’ ea Jehova.—Pes. 35:18.

Matlotlo a Patiloeng

w05 10/1 11 ¶6

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Likronike Tsa Pele

21:13-15. Jehova o ile a laela lengeloi hore le emise kotlo hobane O qenehela batho ba Hae ha ba utloa bohloko. Ha e le hantle, “mehauhelo ea hae e mengata haholo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela