Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
La 1-7 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 17-19
“Na U Bona Batho ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona?”
Na U Tla Tšepa Lintho Tse Ngotsoeng?
7 Ha re ke re boneng mohlala oa mora oa Asa e leng Josafate. Josafate o ne a e-na le lintho tse ngata tse ntle tseo a neng a li etsa. O ne a tšepa Jehova haholo. Leha ho le joalo, o ile a etsa liqeto tse booatla. Ka mohlala, o ile a etsa tumellano ea hore mora oa hae a nyale morali oa Morena Akabe ea neng a le khopo. Hape Josafate ha aa ka a mamela temoso e tsoang ho moprofeta Mikaia, o ile a tsamaea le Akabe ho ea loantša Basyria. O ile a phonyoha ka lesoba la nale ntoeng. Ka mor’a moo o ile a khutlela Jerusalema. (2 Likron. 18:1-32) Kahoo, moprofeta Jehu o ile a mo botsa a re: “Na ke ba khopo ba lokelang ho thusoa, ’me na ke ba hloileng Jehova bao u lokelang ho ba rata?”—Bala 2 Likronike 19:1-3.
Thuisa ka Lerato la Jehova le Tšoarellang
8 Jehova o batla hore re tsebe hore o oa re rata le hore ha a talime mefokolo ea rona feela. O sheba le lintho tse ntle tseo re li etsang. (2 Likron. 16:9) A re boneng kamoo Jehova a ileng a sebetsana le Morena Josafate oa Juda kateng. Josafate o ile a etsa qeto e booatla, a ikopanya le Morena Akabe oa Iseraele ho loantša Basyria, Ramothe-gileade. Le hoja baprofeta ba 400 ba bohata ba ile ba bolella Akabe ea khopo hore o tla hlola ntoeng, moprofeta oa Jehova Mikaia o ile a bolella Josafate le Akabe hore haeba ba ka ea ntoeng, ba tla hloloa. ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo. Akabe o ile a bolaoa ntoeng, ’me Josafate a phonyoha ka sobana-la-nale. Ka mor’a ntoa, Jehova o ile a romela Jehu ho ea khalemela Josafate ka phoso eo a e entseng. Empa Jehu o ile a boela a re ho eena: “Ho na le lintho tse ntle tse fumanoeng ho uena.”—2 Likronike 18:4, 5, 18-22, 33, 34; 19:1-3.
9 Lilemo pejana ho moo, Josafate o ne a ile a laela likhosana, Balevi le baprista hore ba ee metseng eohle ea Juda ’me ba rute batho Molao oa Jehova. Ba ile ba atleha hoo le batho ba lichaba tse ling ba ileng ba ithuta ka Jehova. (2 Likronike 17:3-10) Kahoo, le hoja Josafate a ile a etsa qeto e booatla hamorao, Jehova ha aa ka a lebala lintho tse ntle tseo a li entseng. Mohlala oo o lokela ho re khothatsa, hobane ka linako tse ling re etsa liphoso. Jehova o tla lula a re rata haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo sebeletsa, ebile a ke ke a lebala lintho tse ntle tseo re li entseng.
Matlotlo a Patiloeng
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng!
10 Josafate mora oa Asa o ile “a ’na a tsamaea tseleng ea ntata’e Asa.” (2 Likron. 20:31, 32) Hobane’ng ha re bua joalo? Joaloka ntata’e, Josafate o ile a khothalletsa batho ho batla Jehova. O ile a etsa seo ka ho hlophisa hore Bajuda ba rutoe ho sebelisa “buka ea Molao oa Jehova.” (2 Likron. 17:7-10) O ile a ba a etela karolong e ka leboea ea Iseraele ho batho ba sebakeng se lithaba sa Efraime, ho ba “khutlisetsa ho Jehova.” (2 Likron. 19:4) Josafate e ne e le morena “ea ileng a batla Jehova ka pelo eohle ea hae.”—2 Likron. 22:9.
11 Kaofela ha rona re ka kenya letsoho mosebetsing oo Jehova a o hlophisitseng kajeno oa ho bolela litaba tse molemo. Na u ikemiselitse ho ruta batho Lentsoe la Molimo khoeli le khoeli, le ho ba khothalletsa ho sebeletsa Molimo? Na ke ntho eo u e rapellang? Ha u sebetsa ka thata hore u be le thuto ea Bibele, Molimo o tla u hlohonolofatsa. Na u nka seo e le sa bohlokoa hoo u ka telang nako ea hao? Hape, joalokaha Josafate a ile a ea Efraime ho ea thusa batho hore ba khutlele borapeling ba ’nete, le rona re ka leka ho thusa ba seng ba khaolitse ho sebeletsa Jehova. Ho ekelletsa moo, baholo ba etela batho ba khaotsoeng ho ba thusa ho khutlela ho Jehova.
La 8-14 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 20-21
“U Tšepe Jehova Molimo oa Hao”
Ho Feta Bofelo ba Lefatše Lena la Khale re Momahane
8 Mehleng ea Morena Josafate, batho ba Molimo ba ile ba futuheloa ke lebothohali le tšosang le tsoang metseng e haufi. (2 Likron. 20:1, 2) Ho babatsehang ke hore bahlanka ba Molimo ha baa ka ba leka ho loantša sera seo ka matla a bona. Ho e-na le hoo, ba ile ba tšepa Jehova. (Bala 2 Likronike 20:3, 4.) Ha baa ka ba iketsetsa lintho ka bomong, e mong le e mong a iketsetsa kamoo a ratang. Bibele e re: “Bajuda kaofela ba ne ba eme ka pel’a Jehova, esita le bana ba bona ba banyenyane, basali ba bona le bara ba bona.” (2 Likron. 20:13) Ba bacha le ba holileng ba ile ba momahana, ’me ba itšetleha ka Jehova hore a ba tataise, kahoo Jehova a ba sireletsa sereng sa bona. (2 Likron. 20:20-27) Ruri ona ke mohlala o motle o bontšang kamoo batho ba Molimo ba ka sebetsanang le mathata kateng!
Banyalani ba Bacha, Etelletsang Pele Tšebeletso ea Jehova
7 Jehova o ile a bua le Josafate a sebelisa Jahaziele oa Molevi a re: “Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lona.” (2 Likron. 20:13-17) Kannete oo ha se mokhoa o tloaelehileng oa ho loana. Leha ho le joalo, litaelo tseo li ne li tsoa ho Jehova eseng motho. Josafate o ne a tšepile Molimo kahoo o ile a etsa feela joalokaha a ne a laetsoe. Ha eena le sechaba ba ne ba il’o kopana le lira tsa bona, ha aa ka a beha masole a nang le bokhoni kapele empa o ile a beha libini tse neng li sa tšoara libetsa. Jehova ha aa ka a phoqa Josafate empa o ile a hlola lebotho leo joalokaha a ne a tšepisitse.—2 Likron. 20:18-23.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 1271 ¶1-2
Jorame
Jorame ha aa ka a phehella khotso joaloka ntate oa hae Josafate ka lebaka la tšusumetso e mpe ea mosali oa hae Athalia. (2Ma 8:18) Jorame o ile a bolaea bara babo ba tšeletseng le likhosana tsa Juda a ba a etsa hore sechaba se fetohele Jehova ’me se rapele melimo ea bohata. (2Kr 21:1-6, 11-14) Nakong eohle ea puso ea hae, ho ile ha e-ba le mathata a mangata haholo. Baedomo ba ile ba fetohela Bajuda eaba ka mor’a moo Libna le eona e etsa ntho e tšoanang. (2Ma 8:20-22) Moprofeta Elia o ile a ngolla Jorame ’me a re: “Ka lebaka leo, Jehova o tla otla sechaba sa hao, bara ba hao, basali ba hao le lintho tsohle tsa hao.” O ile a tsoela pele ho re ho Morena Jorame: “U tla tšoaroa ke maloetse a mangata, ho akarelletsa le boloetse ba mala, ho fihlela mala a hao a tsoela ka ntle ka lebaka la ho kula letsatsi le letsatsi.”—2Kr 21:12-15.
Ho ile ha etsahala feela joalo. Jehova o ile a lumella Maarabia le Bafilista hore ba hape naha ’me ba nke basali le bara ba Jorame. Ke mora oa Jorame e monyenyane e leng Joakaze feela (eo hape a bitsoang Akazia) eo Molimo a ileng a lumella hore a sale. O ile a lumella seo ka lebaka la selekane seo a neng a se entse le Davida. ‘Ka mor’a lintho tsena tsohle Jehova a otla [Jorame] ka boloetse ba mala bo sa foleng.’ Ka mor’a lilemo tse peli “mala a hae a tsoa” ’me a shoa ka mor’a hore a kule haholo. E bile eona tsela eo monna enoa ea khopo a ileng a shoa ka eona ’me “ha ho na motho ea ileng a utloa bohloko.” O ile a patoa motseng oa Davida, “empa eseng mabitleng a marena.” Mora oa hae Akazia e ile ea e-ba morena bakeng sa hae.—2Kr 21:7, 16-20; 22:1; 1Kr 3:10, 11.
La 15-21 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 22-24
“Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Sebete”
Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metsoalle e Mebe
E NE e le nako ea mahlomola Jerusalema, motse oo tempele ea Molimo e neng e le ho oona. Morena Akazia o ne a sa tsoa bolaoa. Ho thata ho lumela seo ’mè oa morena Akazia, e leng Athalia, a ileng a se etsa. O ile a bolaea bana ba Akazia—e leng litloholo tsa hae! Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha a ile a etsa seo?— O ne a batla hore ho buse eena, eseng e mong oa litloholo tsa hae.
Leha ho le joalo, setloholo se seng sa Athalia, e leng leseanyana Joase, se ile sa pholosoa ’me nkhono oa hae o ne a sa tsebe letho ka taba eo. Na u batla ho tseba hore na o ile a pholosoa joang?— Lesea leo le ne le e-na le rakhali ea bitsoang Josheba, ea ileng a pata Joase tempeleng ea Molimo. O ile a khona ho etsa sena hobane monna oa hae, Jehojada, e ne e le Moprista ea Phahameng. Ka hona, ba ile ba tiisa hore Joase oa sireletseha.
Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metsoalle e Mebe
Joase o ile a patoa tempeleng ka lilemo tse tšeletseng. Ha a le moo, o ile a rutoa lintho tsohle ka Jehova Molimo le melao ea hae. Qetellong ha Joase a tšoara selemo sa bosupa, Jehojada o ile a nka khato ea ho beha Joase boreneng. Na u ka rata ho tseba hore na Jehojada o ile a etsa see joang, le hore na ho ile ha etsahala’ng ka nkhono oa Joase, e leng Mofumahali Athalia ea khopo?—
Jehojada o ile a bokella balebeli ba khethehileng ka sekhukhu, ba neng ba sebeletsa marena a Jerusalema mehleng eo. O ile a ba bolella hore na eena le mosali oa hae ba pholositse mora oa Morena Akazia joang. Ho tloha moo Jehojada o ile a hlahisa Joase ho balebeli bao ba ileng ba mo nka e le eena morena ea loketseng. Joale ba ile ba rera hore na ba tla etsa’ng.
Na u nahana hore Joase o ile a tsoela pele a mamela Jehojada, a ba a ’na a etsa se lokileng?—O ile a etsa joalo ha Jehojada a ntse a phela. Joase o ile a ba a tiisa hore batho ba ntša chelete e le hore ho lokisoe tempele ea Molimo, eo ntate oa hae, Akazia, le ntate-moholo oa hae, Jorame, ba neng ba sa e tsotelle. Empa a re boneng hore na ho ile ha etsahala’ng ha Moprista e Moholo Jehojada a e-shoa.—2 Marena 11:1-16.
it-1-E 379 ¶5
Lepato, Libaka Tsa Lepato
Moprista ea Phahameng Jehojada o ile a fuoa tlotla ea ho patoa “le marena Motseng oa Davida.” E ile ea e-ba eena feela motho eo eseng oa lelapa la borena ea ileng a fuoa tlotla e joalo.—2Kr 24:15, 16.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 1223 ¶13
Zakaria
12. Mora oa Moprista ea Phahameng Jehojada. Ka mor’a lefu la Jehojada, Morena Joase o ile a furalla borapeli ba ’nete, a mamela likeletso tse fosahetseng ho e-na le ho mamela baprofeta ba Jehova. Zakaria motsoala oa Joase (2Kr 22:11), o ile a lemosa batho ka taba eo empa ho e-na le hore ba bake, ba ile ba mo tlepetsa ka majoe lebaleng le ka ntle ho tempele. Mantsoe a ho qetela a Zakaria a ne a re: “E se eka Jehova a ka u fa kotlo ka lebaka la sena seo u se entseng.” Kopo ena e ile ea phethahala, eseng feela ha Siria e ripitla Juda empa le nakong eo Joase a neng a bolaoa ke bahlanka ba hae ba babeli “hobane o ne a bolaile bara ba moprista Jehojada.” Septuagint ea Segerike le phetolelo ea Bibele ea Selatine ea Vulgate, li re Joase o ile a bolaoa hobane a bolaile “mora” oa Jehojada. Libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka mongolo oa Masorete le phetolelo ea Bibele ea Sesyriac e bitsoang Peshitta li bua ka “bara,” e leng lentsoe le bongateng mohlomong hobane lentsoe leo le bontša bohlokoa ba mora oa Jehojada e leng moprofeta Zakaria oa moprista.—2Kr 24:17-22, 25.
LA 22-28 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 25-27
“Jehova a ka U fa Lintho Tse Ngata ho Feta Tseo U li Tetseng”
it-1-E 1266 ¶6
Joase
Joase o ile boela a hirisetsa morena oa Juda masole a makholo a likete hore a e’o loantša Baedomo. Leha ho le joalo, ka lebaka la keletso ea “mohlanka oa Molimo oa ’nete,” masole ao a ile a khutlisoa. Le hoja a ne a patetsoe chelete e ka bang ka holimo ho limilione tse 11, a ile a halefa haholo ha a khutlisetsoa hae hobane a ne a e-na le tšepo ea hore a tla hapa thepa ea Baedomo ka mor’a hore ba ba hlole. Kahoo masole ao a ile a hlasela metse ea Juda, ho tloha Samaria ho ea fihla Bethe-horone ’me a hapa thepa e ngata.—2Kr 25:6-10, 13.
U ka ‘Latsoa’ Molemo oa Jehova Joang?
16 Tela lintho tse itseng bakeng sa Jehova. Ha se hore re lokela ho tela lintho tsohle tseo re li ratang e le hore re khahlise Jehova. (Moek. 5:19, 20) Leha ho le joalo, haeba re khetha hore re se ke ra sebeletsa Molimo haholoanyane hobane re sa batle ho tela lintho tse itseng tseo re li ratang, re tla be re etsa phoso e tšoanang le ea monna eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae ea ileng a sebetsa ka thata hore a be le lintho tse ngata tse ntle empa a se na taba le Molimo. (Bala Luka 12:16-21.) Mor’abo rona Christian ea lulang Fora o re: “Ke ne ke sa fe Jehova le lelapa la ka matla a ka ’ohle le nako ea ka.” Eena le mosali oa hae ba ile ba etsa qeto ea hore e be bo-pula-maliboho. Empa ba ile ba lokela ho tlohela mesebetsi ea bona e le hore e be bo-pula-maliboho. E le hore ba iphelise, ba ile ba qala khoebo e nyane ea ho hloekisa ’me ba khotsofalletse chelete e nyane eo ba e fumanang. Na baa ikoahlaea ka qeto eo ba e entseng? Mor’abo rona Christian o re: “Re thabela tšimo ho feta neng kapa neng le ho bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba ithuta ka Jehova.”
Matlotlo a Patiloeng
Na U na le Morupeli oa Moea?
UZIA e bile morena oa ’muso o ka boroa oa Juda a le lilemo li 16 feela. O ile a busa ka lilemo tse fetang 50, ho tloha ka 829 ho ea ho 778 B.C.E. A sa le monyenyane, o ile “a ’na a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Ke eng e ileng ea mo susumelletsa hore a latele tsela e nepahetseng? Tlaleho ea histori e re: “[Uzia] a sekamela ho batleng Molimo a sa khaotse matsatsing a Zakaria, morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete; ’me, matsatsing a ho batla ha hae Jehova, Molimo oa ’nete a mo atlehisa.”—2 Likronike 26:1, 4, 5.
Ha ho letho le lekaalo le tsejoang ka Zakaria, moeletsi oa morena, haese seo re se balang tlalehong ena ea Bibele. Leha ho le joalo, kaha e ne e le “morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete,” Zakaria o ile a susumelletsa ’musi eo e mocha hore a etse se nepahetseng. The Expositor’s Bible e re ho totobetse hore Zakaria e ne e le “motho ea tsebang Mangolo, ea nang le phihlelo e batsi ea lintho tsa moea, le ea khonang ho ruta ba bang.” Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re ka Zakaria: “E ne e le motho ea tsebang boprofeta hantle ’me . . . a le bohlale, a inehetse, a lokile; ’me, ho bonahala hore o ile a susumetsa Uzia haholo.”
LA 29 MAY–LA 4 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 28-29
“Sebeletsa Jehova Leha Batsoali ba Hao e sa ba Mehlala e Metle”
Etsisang Metsoalle e Haufi ea Jehova
8 Boemo ba Ezekiase bo ne bo fapane hōle le ba Ruthe. Sechaba sa habo se ne se inehetse ho Molimo. Empa ha se Baiseraele bohle ba ileng ba lula ba tšepahala. Ntate oa Ezekiase, e leng Morena Akaze, o ne a le khopo. O ne a sa hlomphe tempele ea Molimo, ’me a susumetsa batho hore ba rapele melimo e meng. O ile a boela a etsa bana ba hae ba bang sehlabelo ho melimo ea bohata. Ezekiase o ile a holela lelapeng le nang le mathata!—2 Mar. 16:2-4, 10-17;2 Likron. 28:1-3.
Etsisang Metsoalle e Haufi ea Jehova
9 Mohlala o mobe oa Akaze o ne o ka ’na oa etsa hore Ezekiase a halefele Jehova ’me a mo hloee. Kajeno, batho ba bang ba mameletseng mathata a fokolang ha a bapisoa le a Ezekiase, ba nka hore ba na le mabaka a utloahalang a ho “halefela Jehova,” kapa a ho hloea mokhatlo oa hae. (Liprov. 19:3) Ba bang ba nka hore tsela eo ba holisitsoeng ka eona e ka ba bakela mathata bophelong, kapa ba nahana hore ba tla pheta liphoso tsa batsoali ba bona. (Ezek. 18:2, 3) Empa na see ke ’nete?
10 Tsela eo Ezekiase a phetseng ka eona e bontša hore seo ha se ’nete! Ha ho mohla re ka bang le lebaka le utloahalang la ho halefela Jehova. Ha se eena ea etsang hore re hlaheloe ke lintho tse bohloko. (Jobo 34:10) Ke ’nete hore batsoali ba ka ruta bana ba bona hore ba etse lintho tse ntle kapa tse mpe. (Liprov. 22:6; Bakol. 3:21) Empa sena ha se bolele hore batsoali ba rona ba ka re khethela hore na re tla ba batho ba mofuta ofe. Hobane’ng? Hobane Jehova o re file bolokolohi ba ho khetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. (Deut. 30:19) Ezekiase o ile a sebelisa mpho ee ea bohlokoa joang?
11 Ezekiase e ne e le e mong oa marena a lokileng a Juda, le hoja ntate oa hae a ne a le khopo. (Bala 2 Marena 18:5, 6.) Ha aa ka a latela mohlala oa ntate oa hae o mobe. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho mamela ka hloko baprofeta ba Jehova ba kang Esaia, Mikea le Hosea. O ile a mamela ha ba mo eletsa le ha ba mo khalemela. Sena se ile sa mo thusa ho lokisa liphoso tse entsoeng ke ntate oa hae. O ile a hloekisa tempele, a kopa Molimo hore a tšoarele sechaba, ’me a senya liemahale tsa melimo ea bohata naheng eo. (2 Likron. 29:1-11, 18-24; 31:1) Hamorao ha Morena Sankeribe oa Assyria a sokela ho hlasela Jerusalema, Ezekiase o ile a bontša sebete le tumelo. O ne a lumela hore Jehova o tla mo sireletsa, ’me kahoo a matlafatsa sechaba sa hae. (2 Likron. 32:7, 8) Ha nako e ntse e ea, Ezekiase o ile a ikhohomosa, empa ha Jehova a mo khalemela, a ikokobetsa. (2 Likron. 32:24-26) Ka sebele Ezekiase o re behetse mohlala o motle oo re lokelang ho o latela. Ha aa ka a lumella hore tsela eo a holisitsoeng ka eona e senye bophelo ba hae. Empa o ile a khetha ho ba motsoalle oa Jehova.
Matlotlo a Patiloeng
Nathane—O Ile a Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Botšepehi
Kaha Nathane e ne e le morapeli oa Jehova ea tšepahalang, ka mafolofolo o ile a tšehetsa morero oa Davida oa ho haha setsi sa pele sa borapeli bo hloekileng lefatšeng. Leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang kateng, ketsahalong eo Nathane o ile a bolela maikutlo a hae ho e-na le hore a bue seo Jehova a neng a itse a se bue. Bosiung boo, Molimo o ile a laela moprofeta oa hae hore a ise molaetsa o fapaneng ho morena: Davida o ne a ke ke a hahela Jehova tempele. Motho ea neng a tla hahela Jehova tempele e ne e tla ba e mong oa bara ba Davida. Empa Nathane o ile a bolela hore Molimo o ne a theha selekane le Davida e le hore terone ea hae e ka “tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—2 Sam. 7:4-16.
Maikutlo a Nathane mabapi le hore na ke mang ea tla haha tempele ha aa ka a lumellana le thato ea Molimo. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a korotle, moprofeta enoa ea ikokobelitseng o ile a amohela tataiso ea Jehova a ba a etsa lintho tumellanong le eona. Ruri ona ke mohlala o motle oo re lokelang ho o latela haeba Molimo a re khalemela ka tsela e itseng! Lintho tseo Nathane a ileng a li etsa hamorao e le moprofeta li bontša hore Molimo o ne a ntse a mo amohela. Ha e le hantle, ho bonahala eka Jehova o ile a bululela Nathane hammoho le Gade ea bonang lipono, hore ba laele Davida hore a hlophise libini tse 4 000 tse neng li tla sebeletsa tempeleng.—1 Likron. 23:1-5; 2 Likron. 29:25.
LA 5-11 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG| 2 LIKRONIKE 30-31
“Ho ba ’Moho ho re Tsoela Molemo”
it-1-E 1103 ¶2
Ezekiase
Cheseho ea Hae Bakeng sa Borapeli ba ’Nete. Ezekiase o ile a bontša cheseho ea hae bakeng sa borapeli ba Jehova hang-hang ka mor’a hore e be morena ha a ne a le lilemo li 25. Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ke ho lokisa tempele le ho e bula e le hore e ka boela ea sebelisoa. O ile a bitsa baprista hammoho le Balevi ’me a re ho bona: “Ke ikemiselitse ho etsa selekane le Jehova Molimo oa Iseraele.” Ezekiase o ne a batla hore Baiseraele bohle ba boele ba mamele Molao oa Moshe oo ba neng ba se ba sa o mamele. Ka cheseho o ile a hlophisa hore Balevi ba khutlele mesebetsing ea bona ’me a etsa hore ho be le liletsa tsa ’mino hammoho le libini tempeleng. E ne e le nako ea ho keteka Paseka ka khoeli ea Nisane empa tempele e ne e sa hloeka hammoho le baprista le Balevi. Ka letsatsi la bo16 la khoeli ea Nisane, tempele e ne e se e hloekisitsoe ’me le lisebelisoa tsa eona li ne li se li khutliselitsoe ka hare ho eona. Kahoo, sehlabelo se ikhethang sa ho tšoareloa libe se ile sa etsoa bakeng sa Baiseraele bohle. Likhosana li ile tsa tlisa nyehelo ea sebe bakeng sa ’muso, bakeng sa sehalalelo le bakeng sa batho ’me batho ba ile ba tlisa linyehelo tsa secheso tse likete.—2Kr 29:1-36.
it-1-E 1103 ¶3
Ezekiase
Batho ba neng ba sa hloeka ba ne ba sa tl’o khona ho keteka mokete oa Paseka. Kahoo, e le hore motho e mong le e mong a keteke Paseka, Ezekiase o ile a sebelisa molao o neng o lumella batho ba neng ba sa hloeka hore ba keteke Paseka khoeli ka mor’a nako e neng e behiloe. O ile a roma batho ba tsamaisang molaetsa kapa limathi hore ba ise mangolo Juda hammoho le Iseraele, ho tloha naheng ea Beersheba ho ea Dane. Limathi tsena li ile tsa hanyetsoa ke batho ba bangata empa batho ba neng ba tsoa lelokong la Ashere, Manase le Zabulone ba ile ba ikokobetsa ’me ba e-ba teng esita le ba neng ba tsoa lelokong la Efraime le la Isakare. Le balichaba ba neng ba sebeletsa Jehova, le bona ba ile ba tla. Ho ne ho se bonolo ho ba ka ’musong o ka leboea ba neng ba tšehetsa borapeli ba ’nete hore le bona ba tle. Lebaka ke hobane le bona joaloka limathi tse neng li tsamaisa molaetsa, ba ne ba hanyetsoa kaha ’muso o ne o se o senyehile hobane batho ba ne ba se ba kopanela borapeling ba bohata ebile sechaba se hlorisoa ke Baasiria.—2Kr 30:1-20; Nu 9:10-13.
it-1-E 1103 ¶4-5
Ezekiase
Ka mor’a Paseka, Baiseraele ba ile ba keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso ka matsatsi a supileng ’me ba ne ba thabile hoo ba ileng ba o keteka ka matsatsi a mang a supileng. Le hoja mathata a ne a le mangata, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa hobane tlaleho e bontša hore “batho ba ne ba thabile haholo Jerusalema hobane ho tloha mehleng ea Solomone mora oa Davida morena oa Iseraele, ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le ntho e tjena Jerusalema.”—2Kr 30:21-27.
Boikutlo boo Ezekiase hammoho le Baiseraele ba neng ba e-na le bona e ne e se feela ba nakoana empa bo ne bo bontša hore ba batla ho tsosolosa borapeli ba ’nete ’me seo re se bona ho se ileng sa etsahala hamorao. Pele bohle ba neng ba keteka ba khutlela metseng ea bona, ba ile ba thuha lipilara tse halalelang, ba rema lipalo tse halalelang ’me ba senya libaka tse phahameng le lialetare naheng eohle ea Juda le ea Benjamine le ea Efraime le Manase. (2Kr 31:1) Ezekiase o ile a behela sechaba mohlala ka hore a pshatle noha ea koporo eo Moshe a neng a e entse hobane batho ba ne ba se ba e rapela le ho e etsetsa mahlabelo. (2Ma 18:4) Ka mor’a mokete oo o moholo, Ezekiase o ile a etsa bonnete ba hore sechaba se tsoela pele ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. O ile a hlophisa hore baprista ba etse mesebetsi ea bona ka lihlopha tsa bona le ho etsa bonnete ba hore mesebetsi ea tempeleng e tsoela pele ho tšehetsoa, ka hore a hopotse sechaba ka Molao oa ho ntša karolo ea leshome le ho ntša monehelo oa lihlahisoa tsa pele ho tšehetsa Balevi le baprista. Sechaba se ile sa tšehetsa tokisetso eo.—2Kr 31:2-12.
Matlotlo a Patiloeng
“Haeba le Tseba Lintho Tsena, Lea Thaba Haeba le li Etsa”
14 Ntho e ’ngoe e bontšang hore na re ikokobelitse hakae ke hore na re mamela batho ba bang. Jakobo 1:19 e re re “potlakele ho utloa.” Jehova o re behetse mohlala o motle tabeng ena. (Gen. 18:32; Jos. 10:14) Hlokomela hore na re ka ithuta’ng puisanong e hlahang ho Exoda 32:11-14. (E bale.) Jehova o ne a sa hloke maikutlo a Moshe, empa o ile a mo fa monyetla oa ho bua hore na o bona litaba joang. Ka linako tse ling Moshe o ne a etsa liphoso. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a mo thehela tsebe ha a ntša maikutlo a hae. Taba ena ea re ruta hore Jehova o mamela batho ba mo rapelang ba bile ba e-na le tumelo ho eena.
15 E mong le e mong oa rona o lokela ho nahana ka hore Jehova o ikokobetsa ho ea boholeng ba hore a mamele batho joalokaha a ile a mamela Abrahama, Ragele, Moshe, Joshua, Manooa, Elia le Ezekiase. Kahoo, re lokela ho ipotsa lipotso tse kang: ‘Na le ’na ha kea lokela ho hlompha Bakreste-’moho le ’na ka hore ke mamele maikutlo le likeletso tsa bona? Na ho na le motho lapeng kapa phuthehong ea heso ea nang le mathata ’me a hloka ho mphetlela sefuba? Haeba ho joalo, ke tl’o etsa’ng?’—Gen. 30:6; Baahl. 13:9; 1 Mar. 17:22; 2 Likron. 30:20.
LA 12-18 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG| 2 LIKRONIKE 32-33
“Khothatsa Batho ba Bang ha ba E-na le Mathata”
it-1-E 204 ¶5
Asiria
Sankeribe. Ka selemo sa bo14 sa puso ea Ezekiase, Sankeribe mora oa Sargone oa Bobeli o ile a hlasela ’muso oa Juda (ka selemo sa 732 pele ho mehla ea Jesu). (2Ma 18:13; Esa 36:1) Ezekiase o ile a fetohela tumellano eo ntate oa hae Akaze a neng a e entse le morena oa Asiria ea ho mo sebeletsa. (2Ma 18:7) Sankeribe o ile a iphetetsa ka hore a hlasele metse e 46 ea Juda (bapisa le Esa 36:1, 2). Ha Morena Sankeribe a le Lakishe o ile a re Ezekiase a mo fe khauta e ka etsang boima ba lik’hilokramo tse 1000 (c. R 203 348 000) le silevera ea boima bo ka etsang lik’hilokramo tse 10 260 (c. R 34 866 000). (2Ma 18:14-16; 2Kr 32:1; bapisa le Esa 8:5-8.) Le hoja a ile a mo patala, Sankeribe o ile a romela babuelli ba hae ho Ezekiase hore ba mo bolelle hore Jerusalema e inehele. (2Ma 18:17–19:34; 2Kr 32:2-20) Jehova o ile a romela lengeloi la hae hore le bolaee masole a Baasiria a 185 000 ka bosiu bo le bong. Ka lebaka leo, Morena Sankeribe o ile a khutlela Ninive a soabile. (2Ma 19:35, 36) Ha a le moo o ile a bolaoa ke bara ba hae ba babeli ’me mora oa hae e mong e leng Esare-hadone e ile ea e-ba eena morena. (2Ma 19:37; 2Kr 32:21, 22; Esa 37:36-38) Litlaleho tsena li boetse li fumanoa letlapeng la letsopa la Morena Sankeribe le ho la Morena Esare-hadone empa matlapeng ao ka bobeli ha hoa ka ha kenngoa tlaleho ea ho bolaoa ha masole a Asiria.—LITŠOANTŠO, it-1-E, leq. 957.
Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno
12 Jehova o lula a ikemiselitse ho re etsetsa lintho tseo re hlolehang ho iketsetsa tsona, empa o lebeletse hore re etse seo re khonang ho se etsa. Ezekiase o ile a buisana le “likhosana tsa hae le banna ba hae ba matla,” ’me ba etsa qeto ea hore “ba thibe metsi a liliba tse neng li le ka ntle ho motse . . . Ho feta moo, [Ezekiase] a ba sebete ’me a haha lerako kaofela le helehileng le ho emisa litora holim’a lona, ’me ka ntle a haha lerako le leng, . . . ’me a etsa marumo a mangata le lithebe.” (2 Likron. 32:3-5) E le hore Jehova a hlokomele sechaba sa Hae le ho se alosa ka nako eo, o ile a sebelisa banna ba ’maloa ba sebete, e leng Ezekiase, likhosana tsa hae le baprofeta ba matla moeeng.
Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno
13 Ka mor’a moo, Ezekiase o ile a etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta ho thiba metsi a liliba kapa ho tiisa marako a motse. Kaha Ezekiase e ne e le molisa ea tsotellang, o ile a bokella sechaba ’me a se khothatsa moeeng ka mantsoe ana a reng: “Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo ka lebaka la morena oa Assyria . . . , etsoe ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le eena. Se nang le eena ke letsoho la nama, empa ea nang le rona ke Jehova Molimo oa rona ho re thusa le ho loana lintoa tsa rona.” Ka sebele ena ke khopotso e matlafatsang tumelo—ea hore Jehova o tla loanela batho ba hae! Ha Bajuda ba utloa seo, “ba qala ho itšetleha ka mantsoe a Ezekiase morena oa Juda.” Ela hloko hore ke “mantsoe a Ezekiase” a ileng a khothatsa sechaba. Eena le likhosana tsa hae hammoho le banna ba hae ba matla, haesita le moprofeta Mikea le moprofeta Esaia, e ile ea e-ba balisa ba molemo, feela joalokaha Jehova a ne a boletse esale pele ka moprofeta oa hae.—2 Likron. 32:7, 8; bala Mikea 5:5, 6.
Matlotlo a Patiloeng
Ho Baka e le Kannete ho Bolela’ng?
11 Ka mor’a nako Jehova o ile a araba lithapelo tsa Manase. O ile a bona hore Manase o fetohile ka lebaka la lintho tseo a neng a li rapella. Jehova o ile a mamela Manase ha a ne a mo kopa hore a mo tšoarele ’me a mo lumella hore e be morena hape. Manase o ile a sebetsa ka thata hore a bontše hore o bakile e le kannete. O ile a etsa ntho eo Akabe a sa kang a e etsa. O ile a fetola boitšoaro ba hae. O ile a hanyetsa borapeli ba bohata ’me a khothalletsa batho hore ba rapele Jehova. (Bala 2 Likronike 33:15, 16.) Manase o ne a hloka ho ba sebete le ho ba le tumelo hobane ka lilemo tse ngata e ile ea e-ba mohlala o mobe ho lelapa la hae, bahlomphehi le sechaba sa hae. Leha ho le joalo, ha Manase a se a holile, o ile a leka ho lokisa lintho tse ling tse mpe tseo a ileng a li etsa. Ho ka etsahala hore e ile ea e-ba mohlala o motle ho setloholo sa hae Josiase, eo hamorao e ileng ea e-ba morena ea molemo.—2 Mar. 22:1, 2.
12 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Manase? O ile a ikokobetsa a ba a rapela Jehova, a kopa hore a mo bontše mohau. Manase o ile a fetola boitšoaro ba hae. O ile a sebetsa ka thata ho lokisa mathata ao a ileng a a baka ’me a rapela Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo rapele. Mohlala oa Manase o thusa batho ba entseng lintho tse mpe haholo. O re bontša hore Jehova Molimo “o molemo ’me o itokiselitse ho tšoarela.” (Pes. 86:5) Jehova o tla tšoarela batho ba bakileng e le kannete.
LA 19-25 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 34-36
“Na U Sebelisa Lentsoe la Molimo ka Botlalo?”
it-1-E 1157 ¶4
Hulda
Nakong ea ha ho ne ho lokisoa tempele, moprista ea phahameng Hilkia o ile a fumana “buka ea molao” ’me a e balla Morena Josiase. Ha morena a utloa mantsoe a tsoang ‘bukeng ea molao,’ a fana ka taelo ea hore ho botsoe Jehova mabapi le mantsoe a hlahang bukeng eo. Bahlanka ba hae ba ile ba ea ho moprofeta oa mosali e leng Hulda, ea ileng a ba hlalosetsa hore sechaba se ne se tla hlaheloa ke mathata a mangata hobane se ne se fetohetse Jehova. Leha ho le joalo, Hulda o ile a boela a hlalosa hore kaha Josiase o ne a ikokobelelitse Jehova, o ne a ke ke a bona tlokotsi e neng e tl’o hlahela sechaba empa o ne a tla shoa ’me a patoe ka khotso.—2Ma 22:8-20; 2Kr 34:14-28.
Chesehela Ntlo ea Jehova!
20 Nakong eo ho neng ho etsoa mosebetsi oa tsosoloso o neng o hlophisitsoe ke Morena Josiase, Moprista ea Phahameng Hilkia o ile a “fumana buka ea molao oa Jehova e fanoeng ka letsoho la Moshe.” O ile a e fa mongoli oa morena, e leng Shafane ’me eena a e balla Josiase. (Bala 2 Likronike 34:14-18.) Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? Hang-hang morena o ile a hahola liaparo tsa hae a utloile bohloko ’me a laela banna hore ba bue le Jehova. Molimo o ile a sebelisa moprofeta oa mosali Hulda, hore a bolele molaetsa o nyatsang mekhoa ea bolumeli e neng e etsoa Juda. Leha ho le joalo, Jehova o ile a hlokomela boiteko ba Josiase bo botle ba ho felisa borapeli ba litšoantšo, ’me o ile a lula a mo amohela ho sa tsotellehe litlokotsi tseo ho neng ho boletsoe esale pele hore li tla oela sechaba sohle. (2 Likron. 34:19-28) Taba ee e re ruta’ng? Ka sebele le rona re na le takatso e tšoanang le ea Josiase. Re lokela ho potlakela ho phetha litaelo tsa Jehova, ’me re nahanisise ka se ka etsahalang haeba re ka lumella bokoenehi le ho se tšepahale hore li re sitise ho rapela Jehova. Re ka kholiseha hore Jehova o tla hlokomela ha re chesehela borapeli ba ’nete, feela joalokaha a ile a hlokomela ha Josiase a ne a bo chesehela.
Matlotlo a Patiloeng
Na U Tla Tšepa Lintho Tse Ngotsoeng?
15 Qetellong re ka re re ithutile’ng ka se ileng sa hlahela Morena Josiase ea lokileng? Nahana ka se ileng sa etsa hore a hloloe le hore a shoe. (Bala 2 Likronike 35:20-22.) Josiase o ile “a tla ho tla loana” le Morena Neko oa Egepeta, le hoja Morena Neko a ne a mo boleletse hore ha a na qabang le eena. Bibele e re mantsoe a Neko a ne ‘a tsoa molomong oa Molimo.’ Joale hobane’ng ha Josiase a ile a ea ntoeng? Bibele ha e re bolelle.
16 Josiase o ne a tla tseba joang hore mantsoe a Neko a ne a tsoa ho Jehova? Ho ka etsahala hore e be o ile a botsa Jeremia, e leng e mong oa baprofeta ba tšepahalang. (2 Likron. 35:23, 25) Empa ha ho moo Bibele e buang ka ho toba hore o ile a etsa joalo. Hape Neko o ne a ea Karkemishe ho ea “loantša ntlo e ’ngoe,” e seng Jerusalema. Ho feta moo, lebitso la Molimo le ne le sa amehe, Neko o ne a sa rera ho utloisa Jehova kapa batho ba hae bohloko. Kahoo, Josiase o ne a entse qeto e booatla ka ho loantša Neko. Mohlaleng oo re ka ithuta’ng? Ha re tobane le mathata, re etsa hantle ha re a rarolla tumellanong le thato ea Jehova.
17 Haeba bothata bo hlaha, re lokela ho sheba hore na melao-motheo ea Bibele e re’ng ka taba eo e be rea e mamela. Ka linako tse ling, re ka ’na ra tlameha ho buisana le baholo. Re ka ’na ra fuoa keletso eo re e tsebang, kapa eo re ileng ra e fumana lingoliloeng tsa rona. Ho ka ’na ha e-ba le melao-motheo e meng eo re ka nahanang ka eona eo moholo a ka re thusang hore re e utloisise. Ka mohlala, morali’abo rona oa tseba hore o lokela ho bolela litaba tse molemo. (Lik. 4:20) Leha hole joalo, o khetha ho ea tšimong ka letsatsi le itseng, empa monna oa hae eo e seng Paki, o batla a lule lapeng. O re matsatsing ana ha ba sa qeta nako ’moho, kahoo o batla ba ke ba thabele ho ba ’moho. A ka ’na a nahana ka litemana tse tloaelehileng joalo ka tse buang ka ho mamela Molimo le taelo ea ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Lik. 5:29) Empa o boetse o lokela ho nahana ka boikarabelo ba hae joaloka mosali. (Baef. 5:22-24; Bafil. 4:5) Na monna oa hae o mo hanela ha a ea tšimong kapa o mpa a batla ho re ba be ’moho letsatsing leo feela? Re lokela ho leka-lekanya lintho ha re sebeletsa Molimo ’me re batla ho ba le letsoalo le letle.
LA 26 JUNE–LA 2 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESDRASE 1-3
“Lumella Jehova Hore a U Sebelise”
Na U Bona Seo Zakaria a se Boneng?
BAJUDA ba ne ba thabile haholo. Jehova Molimo o ile a “tsosa moea oa Cyruse morena oa Persia molota” hore a lokolle Baiseraele ba neng ba le Babylona ka lilemo tse ngata. Morena o ile a etsa tsebiso ea hore Bajuda ba khutlele naheng ea habo bona ’me ba “tsosolose ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele.” (Esdr. 1:1, 3) Taba ena e ne e thabisa haholo hobane e ne e bolela hore ba ne ba tla boela ba rapele Molimo oa ’nete naheng eo a neng a ba file eona.
Bapalami ba Lipere le Moqhaka Baa re Sireletsa
2 Zakaria o ne a tseba hore Bajuda ba khutletseng Jerusalema ke barapeli ba Jehova. Kaofela ba ne ba “tsositsoe molota ke Molimo oa ’nete” hore ba tlohe Babylona ’me ba siee matlo a bona le likhoebo tsa bona. (Esdr. 1:2, 3, 5) Ba ile ba tloha sebakeng seo ba neng ba se tloaetse ’me ba ea naheng eo boholo ba bona ba neng ba sa e tsebe. Ba ne ba nka ho haha tempele ea Jehova ho le bohlokoa hoo ba ileng ba tsamaea leeto le kotsi la lik’hilomithara tse ka bang 1 600.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esdrase
1:3-6. Joaloka Baiseraele ba bang ba ileng ba sala Babylona, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li sitoa ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng kapa ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng kholo. Leha ho le joalo, li tšehetsa le ho khothatsa ba ka khonang ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng ebile li fana ka menehelo ea boithatelo e le hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa o ka ntšetsoa pele.