Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 January maq. 14-15
  • La 26 February–la 3 March

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 26 February–la 3 March
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 January maq. 14-15

LA 26 FEBRUARY–LA 3 MARCH

PESALEME EA 11-15

Pina ea 139 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Ipone u se u le Lefatšeng le Lecha le Nang le Khotso

(10 mets.)

Batho ba sa hlompheng molao ba etsa hore ho be le merusu le lintoa tseo re li bonang mehleng ena (Ps 11:​2, 3; w06 5/15 18 ¶3)

Haufinyane Jehova o tla felisa lintoa (Ps 11:5; wp16.4 11)

Ha re nahana ka tšepiso ea Jehova ea ho re pholosa, re ke ke ra fela pelo ha re ntse re letetse lefatše le lecha (Ps 13:​5, 6; w17.08 7 ¶15)

Ngoanana o robetse tlas’a sefate bosiu. Sefateng seo ho na le nkoe e ntšo e iphomoletseng lekaleng le holim’a hae.

LEKA SENA: Bala lengolo la Ezekiele 34:25 ’me u ipone u se u phela ka khotso u bile u sireletsehile joalokaha temana ena e bontša.—kr 236 ¶16.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 14:1—Ho ba le maikutlo a hlahang temaneng ee ho ka ba kotsi joang ho Bakreste? (w13 9/15 19 ¶12)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 13:1–14:7 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Memela motho eo u ntseng u qoqa le eena Sehopotsong. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(1 mots.) KA NTLO LE NTLO. Memela mong’a ntlo Sehopotsong. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)

6. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša hore na u tla etsa’ng haeba mong’a ntlo a thabela memo ea Sehopotso (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)

7. Ho Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 13 kakaretso, Re Ithutile’ng? le Seo u ka se Etsang. Bontša motho eo u ithutang le eena se seng sa lihlooho tse hlahang tlas’a karolo ea “Batla” ho mo thusa ho utloisisa hore na Molimo o ikutloa joang ka borapeli ba bohata. (th khaolo ea 12)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 8

8. “Bohlale bo Molemo ho Feta Lihlomo Tsa Ntoa”

(10 mets.) Puisano.

Ntate ea hlahang videong ea “Etsisa Batho ba Nang le Tumelo, Eseng ba se Nang Eona​—⁠Enoke, Eseng Lameke,” o nahanisisa ka seo a ntseng a se bala Bibeleng. O nahana ka Enoke ha a ne a ipatile ka lehaheng nakong eo a neng a batloa ke banna ba tšoereng libetsa.

Lintoa le merusu li ntse li eketseha lefatšeng lohle. Jehova oa tseba hore lintoa tsena li etsa hore re tšoenyehe. O boetse oa tseba hore re hloka ho sireletsoa. Tsela e ’ngoe eo a re sireletsang ka eona ke ka ho re fa Lentsoe la hae Bibele.—Ps 12:​5-7.

Bohlale boo re bo fumanang ka Bibeleng “bo molemo ho feta lihlomo tsa ntoa.” (Moe 9:18) Bona kamoo keletso ea Bibele e hlahang litemaneng tse latelang e ka u thusang kateng hore u se ke oa iphumana u le kotsing nakong eo ho nang le lintoa le merusu.

  • Moe 4:​9, 10—Qoba libaka tse sa sireletsehang, haholo-holo ha u tsamaea u le mong

  • Pr 22:3—E-ba hlokolosi ha u le har’a batho

  • Pr 26:17—Ha batho ba ngangisana, u se ke oa kena litaba tsa bona haeba li sa u ame

  • Pr 17:14—Itsamaele haeba u bona eka ho tla tsoha morusu moo u leng teng. Ha u bona batho ba khobokana ba tl’o etsa toi-toi, tloha pel’a bona

  • Lu 12:15—U se ke oa beha bophelo ba hao kotsing hobane feela u sa batle ho fana ka lintho tsa hao

Shebellang VIDEO ea Etsisa Batho ba Nang le Tumelo, Eseng ba se Nang Eona—Enoke, Eseng Lameke. Ka mor’a moo, botsa bamameli potso e latelang:

Mohlala oa Enoke o ile oa thusa ntate ea hlahang videong ea lulang sebakeng se kotsi joang hore a etse liqeto tse nepahetseng?—Heb 11:5

Maemong a mang Mokreste a ka ’na a utloa ho hlokahala hore a etse lintho tse itseng ho itšireletsa le ho sireletsa thepa ea hae. Empa lintho tseo a li etsang ha lia lokela ho ba kotsi hoo a ka qetellang a bolaile motho.—Ps. 51:14; sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula Qhooa oa July 2017.

9. Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong le Tl’o Qala ka Moqebelo oa la 2 March

(5 mets.) Puo ena e fanoe ke moholo. Bolela hore na ho entsoe litokisetso life bakeng sa puo e khethehileng le Sehopotso. Hopotsa bahoeletsi hore ba ka nka bopula-maliboho ba lihora tse 15 khoeling ea March le April.

10. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 6 ¶14-19

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 40 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela