Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 July maq. 10-16
  • La 5-11 August

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 5-11 August
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 July maq. 10-16

LA 5-11 AUGUST

PESALEME EA 70-72

Pina ea 59 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Bolella “Moloko o Tlang” ka Matla a Molimo

(10 mets.)

Jehova o ile a sireletsa Davida bocheng ba hae (Ps 71:5; w99 9/1 18 ¶17)

Davida o ile a bona tšehetso ea Jehova botsofaling ba hae (Ps 71:9; g04 10/8 17 ¶3)

Davida o ile a khothatsa bacha ka ho ba qoqela lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba hae (Ps 71:​17, 18; w14 1/15 23 ¶4-5)

Lelapa le neng le hlahile bekeng e fetileng karolong ea “Lintlha Tse ka re Thusang ha re Etsa Borapeli ba Lelapa.” Le memme banyalani ba holileng bakeng sa borapeli ba lelapa ’me ba mametse ba thabile ha banyalani bana ba ba bontša linepe le ho ba phetela lipale tsa bona tsa bophelo.

IPOTSE, ‘Ke Mokreste-’moho ofe ea bileng ka phuthehong nako e telele eo nka ratang ho mo memela Borapeling ba Lelapa hore a tl’o re qoqela lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba hae ha a ntse a sebeletsa Jehova?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 72:8—Ke joang tšepiso eo Jehova a ileng a e etsetsa Abrahama e hlahang ho Genese 15:18 e ileng ea phethahala nakong ea puso ea Morena Solomone? (it-1-E 768)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 71:​1-24 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Ka boikokobetso khaotsa moqoqo haeba mong’a ntlo a ngangisana le uena. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ntšetsa moqoqo pele le setho sa lelapa se leqe ha u qalisa thuto ea Bibele. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 4)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Puo. ijwfq 49—Sehlooho: Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Ile Tsa Fetola Tse Ling Tsa Litumelo Tsa Tsona? (th khaolo ea 17)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 76

7. Litlhahiso Tseo le ka li Sebelisang Borapeling ba Lelapa

(15 mets.) Puisano.

Lelapa le bontšitsoeng pejana le eme ’me le bina pina ea ’Muso.
Lelapa le shebeletse lenaneo la JW Broadcasting.
E mong oa barali ba lelapa leo o araba ’mè oa hae ha ba ikoetlisa nakong ea Borapeli ba Lelapa.

Borapeli ba Lelapa ke nako ea bohlokoa eo batsoali ba thusang bana ba bona ho ithuta, “ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang.” (Ef 6:4) Ho ithuta ke mosebetsi empa e ka boela ea e-ba ntho e thabisang, haholo-holo nakong eo bana ba bang le takatso ea ho ithuta ’nete e tsoang ka Bibeleng. (Joh 6:27; 1Pe 2:2) Sheba lebokose la “Seo le ka se Etsang Borapeling ba Lelapa,” le ka thusang batsoali ho etsa hore Borapeli ba Lelapa e be bo rutang le bo thabisang. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang:

  • U ka lakatsa ho sebelisa litlhahiso life?

  • Na ho na le litlhahiso tse ling tseo le li sebelisang tse le tsoelang molemo?

SEO LE KA SE ETSANG BORAPELING BA LELAPA

BIBELE:

  • Mamelang ’malo oa Bibele oa bekeng eo o rekotiloeng kapa le chenchane ka ho o balla holimo. E mong le e mong ka lapeng a ka bala karolo ea motho ea itseng ea hlahang ka Bibeleng

  • Iketsetseng lipotso tse thehiloeng ’malong oa Bibele oa bekeng eo. E mong le e mong ka lapeng a ka khetha potso eo a tla etsa lipatlisiso ka eona ebe le buisana ka seo le ithutileng sona

  • Nahana ka potso kapa u hlalose boemo bo itseng ebe u etsa lipatlisiso ka temana e ka sebetsang boemong boo bukeng ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste

  • Khethang karolo e itseng ea Bibele ebe le etsa pontšo ka eona

  • Etsang likarete tse nang le litemana tse fapaneng tsa Bibele beke ka ’ngoe, tse kang tse hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho u ba Etse Barutuoa ebe le leka ho tšoara litemana tseo ka hlooho. Hlahlobang likarete tseo le li entseng libekeng tse fetileng

  • Balang karolo e itseng bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

  • Kopa hore motho ka mong ka lapeng a hlalose se seng sa lihlooho tse hlahang ho “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” tse hlahang tlas’a LITHUTO TSA BIBELE ho jw.org/st kapa a shebe karolo ea “Bible Verses Explained” e hlahang tlas’a BIBLE TEACHINGS ho jw.org

LIBOKA:

  • Lokisetsang karolo e itseng ea liboka

  • Lokisetsang hore na le tla araba joang libokeng. Etsang hore likarabo tsa lona li felle ka har’a nako e behiloeng ea ho araba

  • Ithuteng lipina tsa ’Muso

  • Buisanang hore na le tla re’ng ho khothatsa Mokreste-’moho pele kapa ka mor’a liboka tse latelang

  • Lokisetsang hammoho kabelo eo e mong oa lelapa a nang le eona libokeng tsa har’a beke

TŠIMO:

  • Lokisetsang bakeng sa ho ea ka ntlo le ntlo

  • Lokisetsang bakeng sa ho khutlela ho batho ba bontšitseng thahasello

  • Nahanang ka hore na le ka paka joang ha monyetla o hlaha ebe le lokisetsa hore na le ka etsa’ng ho qala moqoqo ka tsela e botsoalle

  • Buisanang ka hore na le ka eketsa tšebeletso ea lona joang nakong ea sehopotso kapa ha likolo li koetsoe kapa le koetse mosebetsing

LITLHOKO TSA LELAPA:

  • Lokisetsang hore na ke joang le ka sebetsanang le boemo bo kileng ba hlaha kapa bo ka ’nang ba hlaha bo tšoanang le ho se nke lehlakore, ho hlorisoa ke motho e mong, ho ratana kapa ho keteka matsatsi a phomolo

  • Nakong ea borapeli ba lelapa fetolang maemo, bana ba etse eka ke batsoali ’me batsoali ba etse eka ke bana. Bana ba ka etsa lipatlisiso ka ntlha e itseng ’me ba buisane le batsoali ka eona

LITLHAHISO TSE EKETSEHILENG:

  • Shebellang le ho buisana ka lenaneo la JW Broadcasting®

  • Balang sehlooho kapa le shebelle video e hlahang ho jw.org ebe le buisana ka eona

  • Buisanang ka lintlha tse hlahang ho “Bacha” kapa “Bana” tse tlas’a karolo ea LITHUTO TSA BIBELE ho jw.org/st

  • Buisanang ka lintlha tseo le ithutileng tsona kopanong

  • Shebang kapa le etse lipatlisiso ka ntho e itseng popong ’me le buisane ka hore na ntho eo e le ruta’ng ka Jehova

  • Nako le nako memang mora kapa morali oa bo rona ea itseng ebe le qoqa hammoho

  • Ipeheleng lintho tseo le ka ratang ho li etsa tšebeletsong ebe le buisana ka hore na le ka li finyella joang

  • Sebetsang hammoho ho etsa lintho tse hlahang ka Bibeleng tse kang mehaho le ho ithuta limmapa kapa lichate

Shebellang VIDEO ea Lulang le Ntlafatsa Borapeli ba Lelapa ebe u botsa bamameli potso ena:

  • Hlooho ea lelapa e ka etsa’ng hore borapeli ba lelapa bo natefele mosali oa hae leha bana ba le sieo?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 13 ¶1-6 le video ea selelekela

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 123 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela