Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 September maq. 2-3
  • La 2-8 September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 2-8 September
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 September maq. 2-3

LA 2-8 SEPTEMBER

PESALEME EA 79-81

Pina ea 29 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mets.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Bontša Hore u Rata Lebitso la Jehova le Khanyang

(10 mets.)

U se ke oa etsa lintho tse tla tlotlolla Jehova (Ps 79:9; w17.02 9 ¶5)

Rorisa lebitso la Jehova (Ps 80:18; ijwbv 3 ¶4-5)

Jehova o hlohonolofatsa ba mo mamelang le ba bontšang hore ba hlompha lebitso la hae (Ps 81:13, 16)

Mor’abo rona o fa mosebetsi-’moho karete ea jw.org ka khefu mosebetsing.

Re lokela ho tsebisa batho hore re Lipaki Tsa Jehova, re boele re bontše le ka boitšoaro ba rona hore ehlile re emela lebitso la hae

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 80:1—Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho ne ho sebelisoa lebitso la Josefa ha ho buuoa ka maloko ’ohle a Iseraele? (it-2-E 111)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 79:1–80:7 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(1 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le motho. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Kopa ho ithuta Bibele le motho. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

6. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Kopa ho ithuta Bibele le motho. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

7. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le motho ea thahasellang, eo nakong e fetileng a neng a sa batle ho ithuta Bibele. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 10

8. “Ba Tla Halaletsa Lebitso la Ka”

(15 mets.) Puisano.

Satane o qalile ho senya Jehova lebitso serapeng sa Edene. Ho tloha ka nako eo, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ile ea e-ba hore na mangeloi le batho ba tla ikhethela ho halaletsa lebitso la Jehova kapa che.

Nahana ka mashano ao Satane a ileng aa bua ka Jehova. O ile a qosa Molimo ka hore ke ’musi ea sehloho le ea sa rateng batho. (Ge 3:​1-6; Job 4:​18, 19) Satane o re bahlanka ba Jehova ha ba mo rate e le kannete. (Job 2:​4, 5) Satane o boetse o entse hore batho ba limilione ba lumele hore Jehova ha se ’Mopi oa lintho tsohle tse lefatšeng.—Bar 1:​20, 21.

Mashano ao a etsa hore u ikutloe joang? Mohlomong a etsa hore u batle ho emela Jehova le ho sireletsa lebitso la hae. Jehova o ne a tseba hore batho ba hae ba ne ba tla batla ho halaletsa lebitso la hae. (Bapisa le Esaia 29:23.) U ka thusa joang?

  • Thusa batho ba bang ho tseba Jehova le ho mo rata. (Joh 17:​25, 26) Lula u ikemiselitse ho bontša batho ba bang hore Jehova o teng le ho ba ruta ka makhabane a hae.—Esa 63:7

  • Rata Jehova ka pelo ea hao eohle. (Mat 22:​37, 38) U mamele litaelo tsa Jehova, eseng feela hobane li u tsoela molemo empa hobane u batla ho thabisa Jehova.—Pr 27:11

Litšoantšo: Likaroloana tsa video ea “Lerato ha le Fele . . . Le ha U Kena Sekolo le Batho ba sa Hlompheng Molimo.” 1. Ariel o lutse ka tlelaseng. Moshanyana e mong o mo supile a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa lumelise folakha. 2. O etsa thuto ea botho a sebelisa Bibele le buka ea “Ithute Lipaleng Tsa Bibele” thutong ea 61. 3. O ema ka pel’a tlelase ebe oa ba pakela. 4. Bana ba tlelase ea Diego ba re a tsube. 5. O etsa lipatlisiso a sebelisa tablet. 6. O tloha sekolong a thabile.

Shebellang VIDEO ea Lerato ha le Fele . . . Le ha U Kena Sekolo le Batho ba sa Hlompheng Molimo ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Ariel le Diego ba ile ba sireletsa lebitso la Jehova joang?

  • Ke hobane’ng ha ba ne ba batla ho emela Jehova?

  • U ka etsisa mohlala oa bona joang?

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 14 ¶8-14 le lebokose la 13A

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 90 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela