Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 November maq. 4-5
  • La 18-24 November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 18-24 November
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 November maq. 4-5

LA 18-24 NOVEMBER

PESALEME EA 107-108

Pina ea 7 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Lebohang Jehova Hobane o Molemo”

(10 mets.)

Joalokaha Jehova a lopollotse Baiseraele ho Bababilona, le rona Jehova o re lopollotse lefatšeng la Satane (Ps 107:1, 2; Kol 1:13, 14)

Ho leboha Jehova ho tla re thusa hore re mo rorise ka har’a phutheho (Ps 107:31, 32; w07 4/15 20 ¶2)

Re ka bontša hore re ananela Jehova ka hore re nahanisise ka liketso tsa hae tse bontšang hore oa re rata (Ps 107:43; w15 1/15 9 ¶4)

Litšoantšo: Litsela tseo re ka rorisang Jehova ka tsona. 1. Bara le barali ba bo rona baa bina libokeng tsa phutheho. 2. Mor’abo rona oa arabela libokeng. 3. Barali ba bo rona ba babeli ba tšebeletsong ea tšimo.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 108:9—Ke hobane’ng ha Moabe e tšoantšoa le ‘sekotlolo seo Molimo a hlatsoetsang ho sona’? (it-2-E 420 ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 107:1-28 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Hlalosetsa motho hore na re ithuta Bibele le batho joang ebe u mo fa karete ea lenaneo la ho ithuta Bibele. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

6. Puo

(5 mets.) ijwyp 90—Sehlooho: Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Nahana ka Lintho Tse ka Nnang Tsa Etsahala? (th khaolo ea 14)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 46

7. Re Binela ho Leboha Jehova

(15 mets.) Puisano.

Ka mor’a hore Jehova a lopolle Baiseraele ba neng ba tšohile ho lebotho le matla la Baegepeta Leoatleng le Lefubelu, ba ile ba binela Jehova ba thabile. (Ex 15:1-19) Banna ke bona ba ileng ba qala ho bina pina ena e ncha. (Ex 15:21) Jesu le Bakreste ba pele le bona ba ile ba binela Molimo lithoriso. (Mat 26:30; Kol 3:16) Le rona re bontša kananelo ka ho binela Jehova ha re le libokeng, likopanong tse nyenyane le tse kholo. Ka mohlala, pina eo re sa tsoa e bina e nang le sehlooho se reng: “Rea U Leboha, Jehova,” haesale e binoa libokeng tsa rona ho tloha ka selemo sa 1966.

Litsong tse ling, banna ba ka ba lihlong ho bina moo batho ba leng bangata. Ba bang ha ba bine hobane ba nahana hore ha ba na mantsoe a monate. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ho bina libokeng ke karolo ea borapeli ba rona. Mokhatlo oa Jehova o sebetsa ka thata ho qapa le ho khetha lipina tse tla binoa libokeng. Seo rona re lokelang ho se etsa feela ke hore re bine hammoho ho bontša hore re rata le ho ananela Ntate oa rona ea leholimong.

Shebellang VIDEO ea Pale ea Rona e Tsoelang Pele—Lipina Tsa Rona, Karolo ea Bobeli ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

    Litšoantšo tse hlahang videong ea “Pale ea Rona e Tsoelang Pele—Lipina Tsa Rona, Karolo ea Bobeli” li bontša Mor’abo rona F. W. Franz ha a ne a lokolla buka ea lipina ea “Kingdom Service Song Book.”
  • Ho etsahetse’ng ka selemo sa 1944?

  • Litšoantšo tse hlahang videong ea “Pale ea Rona e Tsoelang Pele—Lipina Tsa Rona, Karolo ea Bobeli.” Ke bosiu, mor’abo rona oa Siberia o rokella khasete ea bara le barali ba bo rona ba binang ka har’a jakete.
  • Bara ba bo rona ba Siberia ba bontšitse joang hore ba rata ho bina lipina tsa ’Muso?

  • Litšoantšo tse hlahang videong ea “Pale ea Rona e Tsoelang Pele—Lipina Tsa Rona, Karolo ea Bobeli.” Bara le barali ba bo rona baa bina kopanong ’me ba etelloa pele ke sehlopha sa ’mino oa liletsa.
  • Ke hobane’ng ha ho bina ho le bohlokoa ho Lipaki Tsa Jehova?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 17 ¶9-14

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 73 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela