Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 4-10 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 105
“O Hopola Selekane sa Hae ka ho sa Feleng”
Matlafatsa Tumelo ea Hao Tšepisong ea Jehova ea Hore ho Tla ba le Lefatše le Lecha
11 Nahana ka tse ling tsa lintho tseo Jehova a ileng a li tšepisa bahlanka ba hae nakong e fetileng tse neng li bonahala eka li ke ke tsa phethahala. O ile a kholisa Abrahama le Sara hore le hoja ba tsofetse ba ne ba tla ba le mora. (Gen. 17:15-17) O ile a ba a bolella Abrahama hore litloholo tsa hae li ne li tla rua naha ea Kanana. Ka lilemo tse ngata ha Baiseraele e leng litloholo tsa Abrahama e ne e le makhoba Egepeta, ho ne ho bonahala eka tšepiso eo e ne e ke ke ea phethahala. Empa e ile ea phethahala. Hamorao, Jehova o ile a bolela hore Elizabetha ea neng a se a tsofetse o tla ba le ngoana. O ile a boela a bolella Maria eo e neng e le moroetsana hore o ne a tla tsoala Mora oa Hae. Seo se ne se tla phethahatsa tšepiso eo Jehova a neng a e entse lilemo tse ngata pele ho moo serapeng sa Edene.—Gen. 3:15.
12 Ha re nahana ka litšepiso tsa Jehova tsa nakong e fetileng le kamoo a ileng a li phethahatsa kateng, re khona ho bona hore o na le matla a maholo ’me seo se matlafatsa tšepo ea rona ea hore lefatše le lecha le haufi. (Bala Joshua 23:14; Esaia 55:10, 11.) Sena se etsa hore re khone ho thusa batho ba bang ho utloisisa hore tšepiso ea Jehova ea hore ho tla ba le lefatše le lecha ha se toro feela. Ha Jehova a bua ka maholimo a macha le lefatše le lecha o ile a re: ‘Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’—Tšen. 21:1, 5
it-2-E 1201 ¶2
Lentsoe
Lentsoe la Molimo le re bolella ka lintho tseo a li bopileng ebang ke tse phelang kapa tse sa pheleng ’me a ka li sebelisa ho phethahatsa merero ea hae. (Ps 103:20; 148:8) Re ka tšepa lentsoe la Molimo hobane o hopola ho etsa lintho tseo a li tšepisitseng. (De 9:5; Ps 105:42-45) Jehova o ile a re lentsoe la hae “le tšoarella ka ho sa feleng” le ke ke la khutlela ho eena le se na litholoana.—Esa 40:8; 55:10, 11; 1Pe 1:25.
Matlotlo a Patiloeng
Bacha—Karolo ea Lona Lapeng le Thabileng, le Kopaneng
15 Ka mahlaahlela ba hlokofatsa maoto a hae [Josefa,] moea oa hae oa tšoaroa ka litšepe; ho fihlela nako eo lentsoe la hae le phethahalitsoeng ka eona, lentsoe la Jehova ka bolona la mo hloekisa.”(Pesaleme ea 105:17-19, NW) Josefa a hlora ka lilemo tse 13 e le lekhoba le motlamuoa ho fihlela tšepiso ea Jehova e phethahala. Phihlelo ena e ile ea mo hloekisa. Le hoja e se Jehova ea mo baketseng bomalimabe boo, o ile a bo lumella ka morero. Na Josefa o ne a tla ’ne a tšepe ‘lentsoe la Jehova’ ho sa tsotellehe bomalimabe bo chesang joaloka mollo? Na o ne a tla holisa makhabane a matle, a holise mamello, boikokobetso, matla a moea, le boikemisetso tse hlokahalang ho mamella kabelo eo e thata? Koana, Josefa o ile a tsoa joaloka khauta e hloekisitsoeng mollong—a hloekile haholoanyane ’me a le bohlokoa ka ho eketsehileng ho Molimo, o ileng oa mo sebelisa ka tsela e makatsang hamorao.—Genese 41:14, 38-41, 46; 42:6, 9.
LA 11-17 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 106
“Ba Lebala Molimo, Mopholosi oa Bona”
“Ke Mang ea ka Lehlakoreng la Jehova?”
13 Baiseraele ba ile ba tšosoa ke leru le letšo, lehalima le lintho tse ling tseo Jehova a ba bontšitseng tsona. Ba ile ba kopa hore kamehla Moshe e be eena ea ba buellang ho Molimo ha ba le Thabeng ea Sinai. (Ex. 20:18-21) Moshe o ile a nka nako e telele a le ka holim’a thaba. Baiseraele ba ne ba bona eka ha ba sa na mang-oe kaha Moshe o ne a le sieo. Mohlomong ba ne ba tšepile boteng ba Moshe ho feta tekano. Ba ile ba qala ho tšoenyeha eaba ba re ho Arone: “Re etsetse molimo ea tla re etella pele, hobane ha e le Moshe enoa, monna ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, ka sebele ha re tsebe se mo etsahaletseng.”—Ex. 32:1, 2.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Boraro le ea Bone ea Lipesaleme
106:36, 37. Litemana tsena li amahanya borapeli ba litšoantšo le ho etsetsa bademona mahlabelo. Sena se bontša hore motho ea sebelisang litšoantšo tse rapeloang a ka ’na a susumetsoa ke bademona. Bibele e re khothatsa tjena: “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.”—1 Johanne 5:21.
LA 18-24 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 107-108
“Lebohang Jehova Hobane o Molemo”
Phutheho e ke e Rorise Jehova
2 Phutheho hase mokhatlo oa botsoalle feela. Hase mokhatlo oa motseng oo ho oona batho ba nang le semelo se tšoanang kapa ba thahasellang lintho tse tšoanang lipapaling kapa mesebetsing ea boikhathollo ba kopanang hammoho. Ho e-na le hoo, taba e ka sehloohong ke hore phutheho ke tokisetso ea ho rorisa Jehova Molimo. Esale ho ntse ho le joalo, joalokaha buka ea Lipesaleme e hatisa. Pesalemeng ea 35:18, rea bala: “Ke tla u roka phuthehong e kholo; ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.” Ka ho tšoanang, Pesaleme ea 107:31, 32 e re khothalletsa sena: “Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho. Ba ke ba mo rorise haholo phuthehong ea batho.”
Leboha Jehova ’me U Hlohonolofatsoe
4 E le hore re be le boikutlo ba ho leboha ’me re lule re e-na le bona, re lokela ho lumela le ho thuisa ka kananelo ka litlhohonolofatso tseo Jehova a re fang tsona ’me re nahanisise ka liketso tsa mosa oa hae o lerato. Ka mor’a hore mopesaleme a etse seo, o ile a hlolloa ke lintho tse ngata tse babatsehang tseo Jehova a li entseng.—Bala Pesaleme ea 40:5; 107:43.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 420 ¶4
Moabe
Ha Davida e-ba morena, ho ne ho se ho ntse ho e-na le ntoa pakeng tsa Iseraele le Moabe. Bamoabe ba ile ba hloloa ’me ea e-ba basebeletsi ba Davida ba ntšang lekhetho. Ho bonahala eka Davida o ile a re Bamoabe ba paqame fatše ba bapile ba entse mela. Ka mor’a moo, a re ba methoe ka khoele e le hore karolo ea bobeli ho tse tharo ea Bamoabe e bolaoe ’me e le ’ngoe ho tse tharo e se ke ea bolaoa. (2Sa 8:2, 11, 12; 1Kr 18:2, 11) Nakong ea ntoa, Benaia mora oa Jehojada “o ile a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe.” (2Sa 23:20; 1Kr 11:22) Ha Davida a ne a hlola Bamoabe o ne a phethahatsa boprofeta bo ileng ba buuoa ke Balame lilemo tse 400 tse fetileng ha a ne a re: “Naleli e tla tsoa ho Jakobo ’me molamu oa borena o hlahe ho Iseraele. O tla pshatla phatla ea Moabe le mahata a bara bohle ba morusu.” (Nu 24:17) Hape ha mopesaleme a bua ka tlholo ena o ile a re Moabe ‘ke sekotlolo seo [Molimo] a hlatsoetsang ho sona.’—Ps 60:8; 108:9.
LA 25 NOVEMBER–LA 1 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 109-112
Tšehetsa Morena oa Rona Jesu!
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Bohlano ea Lipesaleme
110:1, 2 —Jesu Kreste, e leng “Morena oa [Davida],” o ile a etsa’ng ha a ntse a lutse ka letsohong le letona la Molimo? Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a nyolohela leholimong ’me a leta a le ka letsohong le letona la Molimo ho fihlela ka 1914 hore a qale ho busa e le Morena. Nakong eo, Jesu o ne a busa balateli ba hae ba tlotsitsoeng, a ba tataisa mosebetsing oa bona oa ho bolela le ho etsa barutuoa hammoho le ho ba hlomella ho ea busa le eena ’Musong oa hae.—Matheu 24:14; 28:18-20; Luka 22:28-30.
Ba Loantšang Molimo ba ke ke ba Hlola!
3 Batho ba Jehova ba ’nile ba hlaseloa ho tloha mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Linaheng tse ngata, batho ba rerileng bokhopo ba ’nile ba batla ho thibela—e, ho khutsisa—ho phatlalatsoa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ba ’nile ba susumetsoa ke Mohanyetsi e moholo oa rona, Diabolose, ea ‘tsamaeang joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.’ (1 Petrose 5:8) Hoba “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fele ka 1914, Molimo o ile a beha Mora oa hae e le Morena e mocha oa lefatše, ’me a mo fa taelo e reng: “Busa har’a lira tsa hao.” (Luka 21:24; Pesaleme ea 110:2, NW) Ha Kreste a sebelisa matla a hae, o ile a leleka Satane leholimong ’me a mo qobella hore a felle lefatšeng. Kaha Diabolose oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, o tšollela khalefo ea hae ho Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona. (Tšenolo 12:9, 17) Liphello tsa litlhaselo tsee tse sa khaotseng tse etsoang ke baa ba loantšang Molimo e ’nile ea e-ba life?
Hatela Pele Mohato ka Mohato—Tsoela Pele
Khothatso ea hore u sebelise mpho ea hao e bolela ho nka bohato ba pele. Na u nka bohato ba pele ho sebetsa le ba bang tšebeletsong ea tšimo? Na u batla menyetla ea ho thusa litho tsa phutheho ea heno tse sa tsoa kopanela, tse nyenyane kapa tse kulang? Na u ithaopela ho hloekisa Holo ea ’Muso kapa ho thusa ka litsela tse sa tšoaneng likopanong tse kholo le tse nyenyane? Na u ka ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang nako le nako? Na u ka khona ho sebeletsa joaloka pula-maliboho oa kamehla kapa ho thusa phuthehong e nang le tlhokahalo e kholo? Haeba u mor’abo rona, na u hahamalla ho finyella litšoaneleho tsa Mangolo bakeng sa bahlanka ba sebeletsang le baholo? Ho ithaopela ha hao ho thusa le ho amohela boikarabelo ho bontša hore u tsoela pele.—Ps. 110:3.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 524 ¶2
Selekane
Selekane sa ho ba Moprista Joaloka Melkizedeke. Selekane sena ho buuoa ka sona ho Pesaleme ea 110:4 ’me mongoli oa buka ea Baheberu o re se sebetsa ho Kreste lengolong la Baheberu 7:1-3, 15-17. Ke selekane seo Jehova a se entseng le Jesu Kreste feela. Jesu o ile a bapisa selekane sena le selekane sa ’muso seo a se entseng le barutuoa ba hae. (Lu 22:29) Jehova o ile a ikana ka hore Jesu Kreste Mora oa hae e tla ba moprista ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke. Melkizedeke e ne e le morena le moprista oa Molimo lefatšeng. Jesu Kreste e ne e tla ba Morena le Moprista ea Phahameng leholimong eseng lefatšeng. E ile ea e-ba Morena le Moprista ea Phahameng ka ho sa feleng ka mor’a hore a nyolohele leholimong. (Heb 6:20; 7:26, 28; 8:1) Selekane sena ke sa ka ho sa feleng, kaha Jehova o tla tataisa Jesu e le Morena le Moprista ea Phahameng ka ho sa feleng.—Heb 7:3.
LA 2-8 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 113-118
Re Tla Patala Jehova ka Eng?
Le Matlafatsoe ke Lerato
13 Mantsoe a Jesu a hlakisa hore pele ho tsohle re lokela ho rata Jehova. Leha ho le joalo, ha rea tsoaloa re e-na le lerato le feletseng ho Jehova. Ke ntho eo re lokelang ho e hlaolela. Ha re qala ho utloa ka eena, re ile ra hohelloa ho eena ke seo re ileng ra se utloa. Re ile ra ithuta butle-butle kamoo a ileng a lokisetsa batho lefatše kateng. (Genese 2:5-23) Re ithutile kamoo a ’nileng a sebetsana le batho kateng, a sa re lahle ha sebe se qala ho futuhela lelapa la motho, empa a nka mehato ea ho re lopolla. (Genese 3:1-5, 15) O ile a sebetsana ka mosa le ba tšepahalang, ’me qetellong a fana ka Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae bakeng sa tšoarelo ea libe tsa rona. (Johanne 3:16, 36) Tsebo ena e eketsehileng e holisitse kananelo ea rona bakeng sa Jehova. (Esaia 25:1) Morena Davida o itse o ne a rata Jehova ka lebaka la tlhokomelo ea Hae e lerato. (Pesaleme ea 116:1-9) Kajeno, Jehova oa re hlokomela, oa re tataisa, oa re matlafatsa, ’me oa re khothatsa. Ha re ithuta ka ho eketsehileng ka eena, lerato la rona le tla teba ka ho eketsehileng.—Pesaleme ea 31:23; Sofonia 3:17; Baroma 8:28.
Amohela ka Kananelo Fana ka Pelo Eohle
Mopesaleme o ile a ipotsa: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?” (Pes. 116:12) O ne a fumane melemo efe? Jehova o ne a ile a mo hlokomela nakong ea “mahlomola le mesarelo.” Ho feta moo, Jehova o ne a “pholositse moea oa [hae] lefung.” Joale o ne a batla ho “buseletsa” Jehova ka tsela e itseng. Mopesaleme o ne a ka etsa eng? O ile a re: “Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova.” (Pes. 116:3, 4, 8, 10-14) O ile a ikemisetsa ho phetha likano tsohle tseo a neng a li etselitse Jehova le ho phetha lintho tsohle tseo a neng a itlamme hore o tla mo etsetsa tsona.
Le uena u ka etsa se tšoanang. Joang? Ka hore ka linako tsohle u phele ka tsela e lumellanang le melao le melao-motheo ea Molimo. Ka hona, etsa bonnete ba hore borapeli ba Jehova bo lula e le ba bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao ’me u lumelle moea oa Molimo hore o u tataise nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang. (Moek. 12:13; Bagal. 5:16-18) Ha e le hantle, ka lebaka la sohle seo Jehova a u etselitseng sona, ’nete ke hore le ka mohla u ke ke ua khona ho mo buseletsa ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ‘pelo ea Jehova ea thaba’ ha a bona hore u inehela ka pelo eohle tšebeletsong ea hae. (Liprov. 27:11) Ke tlotla e ikhethang hakaakang ho thabisa Jehova ka tsela ee!
Lengolo la Levitike le re Rutang?
9 Thuto ea bobeli: Re sebeletsa Jehova hobane re ananela lintho tseo a re etsetsang tsona. Re tla utloisisa thuto ena ka hore re hlahlobe mahlabelo a kopanetsoeng a neng a etsoa ke Baiseraele. Ka bukeng ea Levitike re ithuta hore Moiseraele o ne a ka etsa mahlabelo a kopanetsoeng e le “pontšo ea liteboho.” (Lev. 7:11-13, 16-18) O ne a etsa sehlabelo sena hobane a batla ho se etsa e seng hobane a tlamehile. Kahoo, sehlabelo seo e ne e le sa boithaopo, seo motho a neng a se etsa hobane a rata Jehova Molimo oa hae. Nama ea phoofolo e neng e entsoe sehlabelo e ne e jeoa ke mong’a eona, ba lelapa la hae le baprista. Empa hona le likarolo tse ling tsa phoofolo eo tse neng li fuoa Jehova feela. Ke life?
10 Thuto ea boraro: Kaha re rata Jehova re mo fa sohle. Jehova o ne a nka mafura e le karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa nameng ea phoofolo. O ne a boetse a hlalositse likarolo tse ling tseo e leng tsa bohlokoa ’me liphio e ne e le tse ling tsa tsona. (Bala Levitike 3:6, 12, 14-16.) Kahoo, Jehova o ne a thaba haholo ha Moiseraele a ithaopela ho mo fa likarolo tseo tsa bohlokoa ho akarelletsa le mafura. Moiseraele ea neng a etsa sehlabelo sa mofuta ona o ne a bontša hore o batla ho fa Jehova lintho tse molemo ka ho fetisisa. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a fa Jehova sohle seo a ka se khonang ka pelo eohle hobane a ne a mo rata. (Joh. 14:31) Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea ntate oa hae hape o ne a rata melao ea Jehova. (Pes. 40:8) Jehova o ile a thaba haholo ha a bona Jesu a mo sebeletsa ka ho rata.
11 Joaloka mahlabelo a kopanetsoeng, ho sebeletsa Jehova ka boithaopo ho bontša hore na re ikutloa joang ka eena. Re sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang hobane re mo rata ka lipelo tsohle tsa rona. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona batho ba limilione ba mo sebeletsa hobane ba mo rata haholo ebile ba rata le melao ea hae. Re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova ha a bone liketso tsa rona feela empa o boetse o bona le mabaka ao re etsang lintho ka ’ona. Mohlala, haeba u se u tsofetse ’me ha u sa khona ho sebetsa kamoo u lakatsang kateng, kholiseha hore Jehova o utloisisa maemo a hao hantle. Mohlomong ha u sa khona ho sebeletsa Jehova ka matla joaloka pele empa eena o bona lerato le tebileng le u susumetsang hore u etse sohle seo u ka se khonang. O thabela ho amohela eng kapa eng eo u ka khonang ho e etsa ka matla a hao ’ohle.
Matlotlo a Patiloeng
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mopesaleme ea bululetsoeng o ile a bina a re: “Lefu la ba tšepahalang ba hae ke la bohlokoa mahlong a Jehova.” (Pes. 116:15) Bophelo ba morapeli e mong le e mong oa ’nete oa Jehova ke ba bohlokoa haholo ho eena. Leha ho le joalo, mantsoe a qotsitsoeng ho Pesaleme ea 116 a bolela ho fetang feela lefu la motho.
Ha Mokreste a hlokahetse, motho ea fanang ka puo ea lepato kapa ea ho ikhopotsa mofu ha aa lokela ho sebelisa Pesaleme ea 116:15 ho motho ea hlokahetseng, le hoja Mokreste eo a hlokahetse e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova. Hobane’ng? Hobane mantsoe a mopesaleme a na le moelelo o pharaletseng. Sena se bolela hore Molimo a ke ke a lumella batho bohle ba hae ba tšepahalang hore ba shoe, kaha o ba nka e le ba bohlokoa.—Sheba Pesaleme ea 72:14; 116:8.
LA 9-15 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 119:1-56
“Mohlankana a ka Etsang Haeba a Batla ho Lula a Etsa Lintho Tse Nepahetseng?”
Na U Lula U Hloekile ka Litsela Tsohle?
10 Ho Baefese 5:5 Pauluse o lemositse: “Hobane lea tseba hore mofebi, leha a le mong, le ea litšila, le ea ratang leruo, e leng motho ea sebeletsang melimo ea bohata, ha ba na kabelo ’musong oa Kreste le Molimo.” Empa ba likete baa khalemeloa kapa baa khaoloa selemo le selemo ka baka la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali—e leng ho “siteloa ’mele.” (1 Bakorinthe 6:18) Hangata e mpa e le phello ea ho se “itebele ho latela lentsoe la [Molimo].” (Pesaleme ea 119:9, NW) Ka mohlala, baena ba bangata ba tlohela ho itebela boitšoarong matsatsing a phomolo. Ka ho se natse botsoalle ba puso ea Molimo ba qala setsoalle le batho ba lefatše ba leng phomolong. Ba bea lebaka la hore bana ‘e hlile ke batho ba molemo,’ Bakreste ba bang ba ile ba kopanela le bona liketsong tse belaetsang. Ka ho tšoanang, ba bang ba bile le setsoalle se tlolisang le basebetsi-’moho le bona. Moholo e mong oa Mokreste o ile a tloaelana le mosebetsi-’moho oa mosali hoo a bileng a lahla lelapa la hae ho ea lula le eena! Phello e ile ea ba ho khaoloa. Mantsoe a Bibele ke ’nete hakaakang, “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle”!—1 Bakorinthe 15:33.
“Ke Rata Likhopotso Tsa Hao”
NAKO le nako Jehova o na le lintho tseo a li hopotsang batho ba hae e le hore a ba thuse ho sebetsana le likhatello tsa linako tsena tse thata. Tse ling tsa likhopotso tsena ba li fumana ha motho a bala Bibele, ’me tse ling li tla e le boitsebiso bo fanoang libokeng tsa Bokreste kapa e le litlhaloso tse fanoang ke ba bang. Boholo ba seo re se balang kapa re se utloang linakong tsena ke seo re seng re ntse re se tseba. Ho ka etsahala hore ebe ke boitsebiso boo re seng re kile ra bua ka bona. Leha ho le joalo, kaha rea lebala, ho hlokahala hore nako le nako re nchafatse mehopolo ea rona mabapi le merero, melao le litaelo tsa Jehova. Re lokela ho leboha likhopotso tsa Molimo. Li re tsosa molota hore re ele hloko mabaka a ileng a re susumelletsa ho phela bophelo bo tumellanong le thato ea Molimo. Kahoo, mopesaleme o ile a binela Jehova a re: “Ke rata likhopotso tsa hao.”—Pesaleme ea 119:24.
Tlosa Mahlo a Hao Linthong Tse se Nang Thuso!
2 Leha ho le joalo, seo re se shebang se ka boetse sa e-ba kotsi ho rona. Kamano e teng pakeng tsa mahlo a rona le likelello tsa rona e matla hoo seo re se bonang se ka fehlang kapa sa totisa ho rata bophahamo le litakatso tsa lipelo tsa rona. Kaha re phela lefatšeng la boitšoaro bo hlephileng le la batho ba ratang ho ikhotsofatsa le busoang ke Satane Diabolose, re foqoa litšoantšo le mashano a ka re khelosang habonolo—le haeba re ne re ka li habanya feela. (1 Joh. 5:19) Kahoo, ha ho makatse hore ebe mopesaleme o ile a kopa Molimo ka tieo a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso; mpoloke ke phela tseleng ea hao.”—Pes. 119:37.
Matlotlo a Patiloeng
Tšepa Lentsoe la Jehova
2 Taba e ka sehloohong Pesalemeng ea 119 ke bohlokoa ba lentsoe la Molimo kapa molaetsa oa hae. Mohlomong e le ho ikhopotsa, mongoli o ile a ngola pina ena ka ho latellana ha alfabeta. Litemana tsa eona tse 176 li thehiloe litlhakung tse latellanang tsa alfabeta ea Seheberu. Ka Seheberu sa pele, karolo ka ’ngoe likarolong tse 22 tsa pesaleme eo e na le mela e 8 e qalang ka tlhaku e tšoanang. Pesaleme ena e bua ka lentsoe la Molimo, molao oa hae, likhopotso tsa hae, litsela tsa hae, melao ea hae ea tsamaiso, litaelo tsa hae, liqeto tsa hae tsa boahloli, lipolelo tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng. Sehloohong sena le se latelang, Pesaleme ea 119 e tla tšohloa ho latela phetolelo e nepahetseng ea Seheberu ea Bibele. Ho nahanisisa ka liphihlelo tse amang bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng le ba kajeno ho lokela ho ntlafatsa kutloisiso ea rona ka pina ena e bululetsoeng ke Molimo ’me ho eketse kananelo ea rona ka Lentsoe le ngotsoeng la Molimo e leng Bibele.
LA 16-22 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 119:57-120
Ke Joang u ka Mamellang Mathata?
“Molao oa Hao ke o Rata Hakaakang!”
2 U ka ’na ua ipotsa: “Molao oa Molimo o ne o ka tšelisa mopesaleme oa ba oa mo thoba pelo joang?” O ile a matlafatsoa ke tšepo eo a neng a e-na le eona ea hore Jehova oa mo rata. Ho sa tsotellehe mathata a neng a bakoa ke bahanyetsi ba hae, mopesaleme o ile a thabisoa ke melemo ea ho sebelisa molao oo Molimo a neng a fane ka oona ka lerato. O ile a hlokomela hore Jehova o ne a mo tšoere ka mosa. Ho feta moo, mopesaleme o ile a hlalefa ho feta lira tsa hae a ba a boloka bophelo ba hae ka lebaka la ho sebelisa tataiso e tsoang molaong oa Molimo. O ile a ba le khotso le letsoalo le hloekileng ka lebaka la ho mamela molao.—Pesaleme ea 119:1, 9, 65, 93, 98, 165.
Na U Rata Likhopotso Tsa Jehova ka Mokhoa o Fetisisang?
3 Mopesaleme o ne a rata likhopotso tsa Molimo, ’me o ile a bina a re: “Ke ile ka potlaka, ’me ha kea ka ka lieha ho boloka litaelo tsa hao. Liropo tsa ba khopo li ile tsa nthatela. Ha kea ka ka lebala molao oa hao.” (Pesaleme ea 119:60, 61, NW) Likhopotso tsa Jehova li re thusa ho mamella mahloriso hobane re kholisehile hore Ntate oa rona oa leholimo a ka khaola liropo tse thibelang tseo lira li re tantellang ka tsona. Ka nako e loketseng, o re lokolla litšitisong tse joalo e le hore re ka etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—Mareka 13:10.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Bohlano ea Lipesaleme
119:71—Ho hlorisoa ho ka tlisa molemo ofe? Tsietsi e ka re ruta ho tšepa Jehova ka botlalo, ho mo rapela ka tieo haholoanyane le ho khothalla ho ithuta Bibele haholoanyane le ho sebelisa seo e se bolelang. Ho feta moo, tsela eo re itšoarang ka eona ha re hlorisoa e ka pepesa mefokolo eo re nang le eona e lokelang ho lokisoa. Mahlomola a ke ke a re hlonamisa haeba re a lumella hore a ntlafatse botho ba rona.
“Llang le Batho ba Llang”
3 Re kholisehile hore Ntate oa rona e leng Jehova Molimo, ke eena ea ka re tšelisang ho feta mang kapa mang. (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Kaha ke eena mohlala o phethahetseng oa ho utloela batho bohloko, o ile a re ho batho ba hae: “Ke ’na ea le tšelisang.”—Esa.51:12; Pes. 119:50, 52, 76.
5 Kaha re kholisehile hore Jehova o tla re tšelisa, re mo rapela hore a re thuse. Kahoo ha rea lokela ho tsilatsila ho mo kopa hore a re tšelise. Re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o utloisisa kamoo re utloileng bohloko kateng ’me oa re tšelisa. Empa Jehova o re tšelisa joang?
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Bohlano ea Lipesaleme
119:96—Ho boleloa eng ha ho thoe ‘bofelo ba phetheho eohle’? Mopesaleme o bua ka phetheho ho ea kamoo batho ba e utloisisang kateng. Mohlomong o ne a nahanne hore maikutlo a batho ka phetheho a na le moo a fellang teng. Ho fapana le seo, taelo ea Molimo ha e na bofokoli bo joalo. Tataiso ea eona e sebetsa likarolong tsohle tsa bophelo. New International Version e re: “Ke bona bofokoli phethehong eohle, empa litaelo tsa hao ha li na moeli.”
LA 23-29 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 119:121-176
U ka Qoba ho Ikutloisa Bohloko ho sa Hlokahale Joang?
Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao
5 E le hore melao ea Molimo e re tsoele molemo, ha rea lokela ho e bala le ho e tseba feela. Re lokela ho e rata le ho e hlompha. Lentsoe la Molimo le re: “Hloeang se sebe, le rate se molemo.” (Amose 5:15) Empa re ka etsa joalo joang? Ntlha ea bohlokoa ke hore re ithute ho sheba lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. Mohlala: Nka hore u sitoa ho robala hantle bosiu. Ngaka e u fa litaelo tsa hore u je hantle, u ikoetlise le hore u etse liphetoho tse ling. Ka mor’a hore u mamele litaelo tseo, oa hlokomela hore li u tsoela molemo. Ha ho pelaelo hore u ne u tla ananela hore ebe ngaka e u thusitse hore u ntlafatse bophelo ba hao.
6 Ka tsela e tšoanang, ’Mopi oa rona o re file melao e re sireletsang hore re se ke ra khola litholoana tse bosula tsa sebe e le hore re ntlafatse bophelo ba rona. Nahana kamoo u ka ruang molemo kateng ha u latela melao ea Bibele e akarelletsang ho qoba lintho tse kang: Ho bua leshano, ho qhekella, ho utsoa, ho kopanela liphate kantle ho lenyalo, ntoa le ho sebelisana le bademona. (Bala Liproverbia 6:16-19; Tšen. 21:8) Ha Jehova a re hlohonolofatsa ka lebaka la ho etsa lintho ka tsela eo a e batlang, re mo rata ho tsoa pelong ebile re ananela melao ea hae.
Bacha—Le Phehella Eng?
12 Habohlokoa ka ho fetisisa, u tlameha ho ithuta ho hloea, ho nena, le ho nyonya ho hobe. (Pesaleme ea 97:10) U ka hloea seo pele se ka bonahalang se thabisa kapa se le monate joang? Ka ho nahana ka liphello! “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.” (Bagalata 6:7, 8) Ha u le tlas’a teko ea ho inehela takatsong e itseng, nahana ka seo e leng phello e kholoanyane—kamoo sena se ka utloisang Jehova Molimo bohloko. (Bapisa le Pesaleme ea 78:41.) Hape, nahana ka monyetla oa ho ima ho sa batleheng kapa ho tšoaroa ke lefu le itseng, le kang AIDS. Nahana ka ho tepella ha maikutlo le ho lahleheloa ke boikutlo ba ho itlhompha ho ka u hlahelang. Ho ka boela ha ba le liphello tsa nako e telele. Mosali e mong oa Mokreste oa lumela: “’Na le monna oa ka re ile ra ba le likamano tsa botona le botšehali le batho ba bang pele re kopana. Le hoja kajeno re le Bakreste ka bobeli, likamano tsa rona tsa botona le botšehali tsa nako e fetileng ke mohloli oa likhang le mona lenyalong la rona.” Hape, ntho e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke ho lahleheloa ke litokelo tsa hao tsa puso ea Molimo kapa monyetla oa ho lelekoa phuthehong ea Bokreste! (1 Bakorinthe 5:9-13) Na monyaka leha e le ofe oa nakoana o lokeloa ke moputso o moholo hakaale?
Matlotlo a Patiloeng
Kholiseha Hore Lentsoe la Molimo ke ’Nete
2 Batho bohle ba Jehova ba kholisehile hore ke “Molimo oa ’nete” le hore o re batlela se molemo. (Pes. 31:5; Esa. 48:17) Rea tseba hore re ka tšepa Bibele hobane “Lentsoe la [Molimo] kaofela ke ’nete.” (Bala Pesaleme ea 119:160.) Re lumellana le seo setsebi se seng sa Bibele se ileng sa se bua ha se re: “Ha ho mohla Molimo a buang leshano ebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang ea phethahala. Batho ba Molimo ba tšepa seo a se buang hobane baa mo tšepa.”
LA 30 DECEMBER–LA 5 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 120-126
Ba Ile ba Jala ba Lla Empa ba Kotula ba Thabile
Ho Lehlohonolo ba Tlotlisang Molimo
10 Ha re jara joko ea ho ba barutuoa, re loantša Satane. Jakobo 4:7 ea tšepisa: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” Sena ha se bolele hore ho bonolo ho etsa joalo. Ho sebeletsa Molimo ho hloka boiteko bo boholo. (Luka 13:24) Empa Pesalemeng ea 126:5 Bibele e fana ka tšepiso ena: “Ba jalang peo ka meokho ba tla kotula ka mohoo oa thabo.” E, ha re rapele Molimo ea hlokang teboho. Ke “moputsi oa ba mo batlang ka tieo,” ebile o hlohonolofatsa ba mo tlotlisang.—Baheberu 11:6.
Tumelo ea Hao e Tla ba Matla Hakae?
17 Na u ntse u utloile bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang? Nka nako u matlafatsa tumelo ea hao tšepong ea tsoho ka hore u bale litlaleho tsa Bibele tsa batho ba ileng ba tsosoa bafung. Na u utloisitsoe bohloko ke ho khaoloa ha setho sa lelapa? Ithute e le hore u ikholise hore kamehla tsela eo Molimo a re khalemelang ka eona e nepahetse. Ho sa tsotellehe hore na u na le bothata bofe, bo nke e le monyetla oa ho matlafatsa tumelo ea hao. Bolella Jehova hore na u ikutloa joang. Lula u le haufi le bara le barali ba bo rona, u se ke oa ikarola ho bona. (Liprov. 18:1) Etsa lintho tse tla u thusa hore u mamelle esita le haeba ka linako tse ling u lla ha u hopola hore na u etsahalletsoe ke’ng. (Pes. 126:5, 6) Tsoela pele ho ea libokeng, tšimong le ho bala Bibele. Hape tsoela pele u nahana ka lintho tse molemo tseo Jehova a u tšepisitseng ho u etsetsa tsona nakong e tlang. Ha u bona kamoo Jehova a u thusang kateng hona joale, tumelo ea hao ho eena e tla ba matla le ho feta.
Mamellang Mosebetsing oa Kotulo!
13 Mantsoe a Pesaleme ea 126:5, 6, a reng: “Ba jalang peo ka meokho ba tla kotula ka mohoo oa thabo. Ea tsamaeang, a bile a lla, a nkile mokotla o tletseng peo, ruri o tla kena ka mohoo oa thabo, a nkile mangata a hae,” ke matšeliso a maholo ho bakotuli ba Molimo, ’me haholo-holo ba hlorisoang. Mantsoe a mopesaleme a buang ka ho jala le ho kotula a bontša tlhokomelo ea Jehova le tlhohonolofatso ea hae ho masala a ileng a khutla botlamuoeng Babylona ea boholo-holo. A ne a thabile haholo ha a lokolloa, empa ho ka etsahala hore ebe a ne a lla ha a jala peo naheng e neng e lutse e le thite ka lilemo tse 70 ha a ntse a le kholehong. Leha ho le joalo, ba ileng ba tsoela pele ka mesebetsi ea bona ea ho jala le ho haha ba ile ba thabela litholoana le ho khotsofatsoa ke mesebetsi ea bona.
14 Re ka ’na ra lla ha re lekoa kapa ha rona kapa balumeli-’moho le rona re e-ba mahlomoleng ka lebaka la ho loka. (1 Petrose 3:14) Mosebetsing oa rona oa kotulo, qalong re ka ’na ra thatafalloa kahobane ho bonahala ho se letho leo re ka le supang e le bopaki ba boiteko ba rona tšebeletsong. Empa ha re ntse re tsoela pele ho jala le ho nosetsa, Molimo o tla melisa, hangata e le ka tsela eo re sa e lebellang. (1 Bakorinthe 3:6) Sena se bontšoa hantle ke liphello tsa kabo ea rona ea Libibele le lingoliloeng tsa Mangolo.
Matlotlo a Patiloeng
Matla a ho Sireletsa—‘Molimo ke Setšabelo sa Rona’
15 Ntlha ea pele, nahana ka taba ea ho sireletsoa nameng. Re le barapeli ba Jehova, re ka lebella tšireletso e joalo re le sehlopha. Ho seng joalo, Satane o ne a ka re hlasela habonolo. Nahana ka sena: Satane, “’musi oa lefatše lena,” o lakatsa ho felisa borapeli ba ’nete. (Johanne 12:31; Tšenolo 12:17) Mebuso e meng ea lefatše e matla ka ho fetisisa e ile ea thibela mosebetsi oa rona oa boboleli ea ba ea leka ho re felisa ka ho feletseng. Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba ile ba lula ba tiile ’me ba tsoela pele ho bolela molaetsa ba sa phetse! Ke hobane’ng ha lichaba tse matla li sitiloe ho emisa mosebetsi oa sehlopha see se senyenyane sa Bakreste seo ha ho bapisoa e leng se fokolang, se bileng se bonahalang se se na mokhoa oa ho itšireletsa? Hobane Jehova o re sirelelitse ka mapheo a hae a matla!—Pesaleme ea 17:7, 8.