LA 21-27 JULY
LIPROVERBIA 23
Pina ea 97 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Melao-motheo e ka re Thusang Haeba re Khetha ho Noa Joala
(10 mets.)
Haeba u khetha ho noa joala, u se ke oa noa haholo (Pr 23:20, 21; w04 12/1 19 ¶5-6)
Lula u hopola litlamorao tse mpe tsa ho tahoa (Pr 23:29, 30, 33-35; it-1-E 656)
U se ke oa thetsoa ke ho bona joala bo shebahala bo le monate (Pr 23:31, 32)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Pr 23:21—Phapang ke efe pakeng tsa bonyollo le botenya? (w04 11/1 31 ¶2)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Pr 23:1-24 (th khaolo ea 5)
4. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)
5. Khutlela ho Batho
(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo hore na thuto ea Bibele e khannoa joang. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)
6. Ha u Etsa Barutuoa
(5 mets.) Khothatsa motho eo u ithutang Bibele le eena ea nang le bothata ba ho tlohella mokhoa o itseng o sa lumellaneng le Mangolo. (lmd thuto ea 12 ntlha ea 4)
Pina ea 35
7. Na ho Lokela Hore ho be le Joala?
(8 mets.) Puisano.
Na haeba ke memme batho kapa ke entse mokete oa lenyalo ke lokela ho etsa hore ho be le joala? Motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto kamor’a ho nahanisisa ka melao-motheo ea Bibele e amehang tabeng ena le ho hlahlobisisa maemo.
Shebellang VIDEO ea Na ho Lokela ho ba le Joala Lechatong la Ka? ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ke joang melao-motheo ea Bibele e latelang e ka thusang banyalani ho etsa qeto ea hore na ho tla ba le joala kapa che lenyalong la bona?
Joh 2:9—Jesu o ile a fetola metsi veine moketeng oa lenyalo.
1Ko 6:10—‘Matahoa . . . a ke ke a kena ’Musong oa Molimo.’
1Ko 10:31, 32—‘Ebang lea ja kapa lea noa . . . , le etse lintho tsohle ka tsela e tla etsa hore Molimo a rorisoe. Le hlokomele hore le se ke la khopisa batho ba bang.’
Ke maemo afe a mang ao banyalani ba lokelang ho nahana ka ona?
Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa “kelello eohle” e le hore re etse liqeto tse nepahetseng re sebelisa melao-motheo ea Bibele e fapaneng?—Bar 12:1; Moe 7:16-18
8. Litlhoko Tsa Phutheho
(7 mets.)
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 2, selelekela sa karolo ea 2 le thuto ea 3