LA 14-20 JULY
LIPROVERBIA 22
Pina ea 79 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Melao-motheo e Sebetsang Bakeng sa ho Holisa Bana
(10 mets.)
Thusa bana ba hao ho sebetsana le mathata a bophelo (Pr 22:3; w20.10 27 ¶7)
Ba koetlise ho tloha boseeng (Pr 22:6; w19.12 26 ¶17-19)
Ba khalemele ka lerato (Pr 22:15; w06 4/1 9 ¶4)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Pr 22:29—Mantsoe a hlahang temaneng ee a ka re thusa joang ha re etsa mesebetsi e itseng ka phuthehong hona re ka rua melemo efe? (w21.08 22 ¶11)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Pr 22:1-19 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Thusa motho hore na ke joang a ka fumanang boitsebiso bo ka thusang batsoali ho jw.org. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)
6. Puo
(5 mets.) ijwyp sehlooho sa 100: Nka Etsa’ng Haeba ke Tlotse Molao oa Lapeng? (th khaolo ea 20)
Pina ea 134
7. E-ba le Mamello Empa u se ke oa Lumella Lintho tse Fosahetseng
(15 mets.) Puisano.
Ho holisa bana ho hloka mamello. Batsoali ba lokela ho tseba hore na ho etsahala’ng maphelong a bana ba bona ’me ba qete nako ba e-na le bona. (De 6:6, 7) E le hore batsoali ba tsebe maikutlo a bana ba bona, ba lokela ho ba botsa lipotso ’me ba ba mamele ha ba ba araba. (Pr 20:5) Batsoali ba ka ’na ba tlameha ho pheta-pheta ka makhetlo melao ea bona pele bana ba ka e utloisisa le ho e sebelisa.
Ha batsoali ba na le mamello, ha ho bolele hore ba lumella mekhoa e fosahetseng. Jehova o ba file matla a ho bolella bana ba bona lintho tseo ba ka li etsang, tseo ba sa lokelang ho li etsa le ho fana ka khalemelo e loketseng haeba bana ba bona ba sa mamele.—Pr 6:20; 23:13.
Bala Baefese 4:31 ebe u botsa bamameli potso e latelang:
Ke hobane’ng ha batsoali ba sa lokela ho khalemela bana ba bona ba halefile?
Bala Bagalata 6:7 ebe u botsa bamameli potso e latelang:
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batsoali ba rute bana ba bona hore haeba ba etsa lintho tse fosahetseng ba tla fumana litlamorao tse bohloko?
Shebellang VIDEO ea Bontšang Mamello ka Hore le Ratane—Bana ba Hao ebe u botsa bamameli potso e latelang:
U ithutile’ng videong ee?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” selelekela sa karolo ea 1 le thuto ea 1