Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 September maq. 14-15
  • La 20-26 October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 20-26 October
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 September maq. 14-15

LA 20-26 OCTOBER

MOEKLESIA 9-10

Pina ea 30 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. E-ba le Pono e Nepahetseng ka Liteko Tse u Hlahelang

(10 mets.)

Liteko ha li bolele hore Jehova o u lahlile (Moe 9:11; w13 8/15 14 ¶20-21)

Ha rea lebella toka lefatšeng lena le busoang ke Satane (Moe 10:7; w19.09 5 ¶10)

Re lokela ho ipha nako ea ho thabela lintho tse ntle tseo Jehova a re fileng tsona le ha re e-na le mathata (Moe 9:​7, 10; w11 10/15 8 ¶1-2)

’Mè o eme holim’a borokho o shebile leholimong.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Moe 10:​12-14—Ke keletso efe eo re e fumanang litemaneng tsee mabapi le ho seba ba bang? (it-E “Lesebo, Ho Etselletsa” ¶4, 8)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Moe 10:​1-20 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Qala moqoqo le motho ea bonahalang a hlorile. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Buisana le motho ea amehileng ka ho putlama ha moruo u sebelisa “Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho” o hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

6. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 17, kakaretso, re ithutile’ng le seo u ka se etsang. (lmd thuto ea 12 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 47

7. Jehova o Tla u Thusa Nakong ea Mathata

(15 mets.) Puisano.

Re thulana le liteko le mathata letsatsi le chabang le le likelang. Leha ho le joalo liteko tse ling li ka hlaha re sa li lebella, tsa re imela maikutlong, ’meleng le moeeng. Re ka thusoa ke eng nakong ea mathata?

Ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang Jehova o tla re thusa hore re ‘tsitse.’ (Esa 33:6) E le hore re itšetlehe ka Jehova re lokela hore re be le teka-tekano hape re ikokobetse. (Pr 11:2) Ha re hlaheloa ke mathata a boima, re lokela ho ipha nako ea ho itlhokomela, ea ho hlokomela batho bao re ba ratang, ea ho sebetsana le bohloko boo re bo utloileng le ea ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Moe 4:6)

Re lokela ho ikemisetsa ho kopa thuso ea Bakreste-’moho le rona le ho e amohela hobane ke bona bao Jehova a ba sebelisang ho re thusa. Hopola hore Bakreste-’moho le uena ba u rata haholo ’me ba thabela ho u thusa.

Bala 2 Bakorinthe 4:​7-9 ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho bala Bibele, ho ea tšimong le libokeng le haeba ho le thata ka linako tse ling?

Setšoantšo se hlahang videong ea “Jehova o Haufi le ba Lipelo li Robehileng.” Mora le Morali oa bo rona Septer ba utloile bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke ngoana.

Shebellang VIDEO ea Jehova o Haufi le ba Lipelo li Robehileng ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Jehova o ile a thusa Mora le Morali oa bo rona Septer joang?

  • Bakreste-’moho ba ile ba ba thusa joang?

  • U ithutile’ng hape paleng ea bona?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 28, selelekela sa karolo ea 6 le thuto ea 29

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 28 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela