LA 13-19 OCTOBER
MOEKLESIA 7-8
Pina ea 39 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. E-ea “Ntlong ea Batho ba Utloileng Bohloko”
(10 mets.)
Iphe nako ea ho tšelisa ba hlokahalletsoeng (Moe 7:2; it-E “Ho Utloa Bohloko” ¶9)
Ba tšelise ka ho ba hopotsa makhabane a motho ea hlokahetseng (Moe 7:1; w19.06 23 ¶15)
Rapela le ba hlokahalletsoeng (w17.07 16 ¶16)
HOPOLA: Batho ba hlokahalletsoeng ba ntse ba hloka hore Bakreste-’moho ba ba khothatse le kamor’a lefu.—w17.07 16 ¶17-19.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Moe 7:20-22—Litemana tsee li re thusa joang ho etsa qeto ea hore na re bue le motho ea re utloisitseng bohloko ka ntho eo a e entseng kapa che? (w23.03 31 ¶18)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Moe 8:1-13 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Mamela hore na motho o amehile ka eng ebe u etsa tokisetso ea hore le tle le buisane hape nakong e tlang. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)
6. Khutlela ho Batho
(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša motho e ’ngoe ea lintho tse hlahang ho jw.org. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)
7. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Pontšo. ijwfq sehlooho sa 50: Ho Etsahala Eng Lefung la Lipaki Tsa Jehova? (th khaolo ea 17)
Pina ea 151
8. Matlafatsa Tumelo eo u Nang le Eona ka Tsoho
(15 mets.) Puisano.
Tšepo ea tsoho ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Jehova a re fileng tsona. E re ruta ka matla a Jehova, bohlale ba hae, kamoo a re utloelang bohloko le kamoo a re ratang kateng re le batho ka bomong.—Joh 3:16.
Ha re e-na le tumelo e matla ka tsoho, re ke ke ra lula re nahana haholo ka mathata a rona. (2Ko 4:16-18) Re ntse re ka khona ho ba le khotso le haeba re hlorisoa, re kula kapa motho eo re mo ratang a hlokahetse. (1Th 4:13) Re ke ke ra thaba e le kannete haeba re se na tšepo ea tsoha. (1Ko 15:19) Ke hobane’ng ha u sa ipehele pakane ea ho matlafatsa tumelo ea hao ka tšepo ee e babatsehang?
Bala Johanne 11:21-24 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Maretha o ile a bontša joang hore o na le tumelo e matla tsohong?
O ile a putsoa joang ka lebaka la tumelo ea hae?—Joh 11:38-44
Shebellang VIDEO ea Etsisa Basali ba Nang le Tumelo e Matla!—Maretha ebe u botsa bamameli lipotso tsena:
Ke hobane’ng ha u ananela tšepo ea tsoho?
U ka etsa’ng hore tumelo ea hao e lule e le matla tsohong?
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 26-27