Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 September maq. 10-11
  • La 6-12 October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 6-12 October
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 September maq. 10-11

LA 6-12 OCTOBER

MOEKLESIA 5-6

Pina ea 42 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Sehlopha sa Baiseraele se lutseng pel’a keite ea motse se mametse ka hloko ha moprista ea tšoereng moqolo ka letsohong a ntse a bua.

Sehlopha sa Baiseraele se mametse ka hloko ha moprista a hlalosa Molao

1. Re ka Bontša Molimo oa Rona e Moholo Tlhompho e Tebileng Joang?

(10 mets.)

Re bontša hore rea mo hlompha ha re mamela ka hloko libokeng le ha re apara ka tsela e hlomphehang (Moe 5:1; w08 8/15 15-16 ¶17-18)

Ha re rapela phatlalatsa, re lokela ho etsa thapelo e khutšoanyane, e nahannoeng hantle le e bontšang hore re hlompha Molimo (Moe 5:2; w09 11/15 11 ¶21)

Re phelela boinehelo ba rona (Moe 5:​4-6; w17.04 6 ¶12)

Bara le barali ba bo rona ba lilemo tse sa tšoaneng ba mametse ka hloko ka libokeng.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Moe 5:8—Temana ee e ka re tšelisa joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka? (w20.09 31 ¶3-5)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Moe 5:​1-17 (th khaolo ea 12)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(1 mots.) KA NTLO LE NTLO. Motho eo u buang le eena o batla ho ngangisana le uena. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 5)

5. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Buisana le motho ka “Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho” o hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Sebelisa video e hlahang tlas’a Lithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 3)

7. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 17, selelekela le ntlha ea 1-3 (lmd thuto ea 11 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 160

8. Na u Sebelisa Karolo ea “Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho”?

(15 mets.) Puisano.

Banyalani ba ntseng ba etsa mosebetsi oa ka ntlo le ntlo ba balla ntate e mong Lengolo.

Kamor’a hore bukana ea Rata Batho u ba Etse Barutuoa e lokolloe, e ile ea re thusa ho ntlafatsa tsela eo re qalang moqoqo ka eona. Karolo ea lintlha tsa A e etselitsoe ho re thusa ho qala moqoqo re sebelisa linnete tsa Bibele. (Heb 4:12) Na u tloaelane le lihlooho tse robong tse hlahang tlas’a “Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho”?

  • Re ka kenyelletsa molaetsa oa Bibele joang moqoqong?—lmd lintlha tsa A

  • Ke lihlooho life tseo batho ba tšimo ea heno ba amehileng ka tsona haholo?

  • U ka etsa’ng e le hore u tloaele ho sebelisa Mangolo a hlahang lintlheng tsa A?

SEO U KA SE ETSANG:

Leka ho hopola bonyane lengolo le le leng sehloohong ka seng se hlahang ho lintlha tsa A. U ka qala ka a ka hapang thahasello ea batho ba tšimong ea heno.

Re tla tloaelana le Mangolo ana haeba re a sebelisa haholo tšimong. Re lokela ho buisana le batho ba tšimong ea rona e le hore re a sebelise kamehla.

Shebellang VIDEO ea “Tšepe e Leotsoa ka Tšepe”—Ho Pakela Batho Bohle ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Re ka thusoa ke eng hore re buisane le batho ba bangata tšimong ea rona?

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 24-25

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 34 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela