Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 September maq. 8-9
  • La 29 September–la 5 October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 29 September–la 5 October
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 September maq. 8-9

LA 29 SEPTEMBER–LA 5 OCTOBER

MOEKLESIA 3-4

Pina ea 93 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Banyalani ba thabetse ho bala Bibele hammoho.

Qetang nako le le ’moho hape le qete nako le Jehova

1. Tiisang Thapo ea Lona e Meloho e Meraro

(10 mets.)

Ipheng nako ea ho buisana ka lintho tsa bohlokoa (Moe 3:1; ijwhf sehlooho sa 10 ¶2-8)

Etsang lintho hammoho (Moe 4:9; w23.05 23-24 ¶12-14)

Tsoelang pele ho matlafatsa setsoalle sa lona le Jehova (Moe 4:12; w23.05 21 ¶3)


IPOTSE, ‘Ho qeta nako e telele ke le hole le molekane oa ka, ho nka matsatsi a phomolo ke le mong kapa ho tsamaea ka mosebetsi ho ka ama lenyalo la ka joang?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Moe 3:8—Ke neng eseng “nako ea ho rata”? (it-E “Lerato” ¶39)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Moe 4:​1-16 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa Molula-Qhooa oa No. 1 2025. Fetola seo u neng u tl’o bua ka sona ha motho a bua ka ntho e ’ngoe e fapaneng. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Kopa ho ithuta Bibele le motho ea ileng a amohela Molula-Qhooa oa No. 1 2025. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)

6. Puo

(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 12—Sehlooho: Molimo ha a leeme. (th khaolo ea 19)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 131

7. Tšepang Tataiso ea Jehova ha le E-ba le Mathata Lenyalong

(15 mets.) Puisano.

Jehova o file banyalani ba Bakreste lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba be le lenyalo le thabileng. Ho ntse ho le joalo, ba tla ’ne ba be le mathata. (1Ko 7:28) Haeba ba sa a rarolle, ba ka qetella ba sa thaba ’me ba nka hore lenyalo la bona ha le sa tla hlola le loka. U ka etsa’ng ha u kopana le mathata a joalo lenyalong?

Tšoantšiso ea Lerato la ’Nete ke le Joang? e hlahisa banyalani ba bacha ba neng ba e-na le mathata a maholo lenyalong. Na u sa hopola keletso eo ntate a ileng a e fa morali oa hae ha a ne a le mothating oa ho etsa qeto a sa kenyelletsa Jehova?

Shebellang VIDEO ea Lerato la ’Nete ke le Joang?—Karoloana ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa tataiso ea Jehova ha re e-ba le mathata lenyalong?—Esa 48:17; Mat 19:6

Haeba u e-ba le mathata lenyalong, matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova ka hore u lule u etsa lintho tsa moea. Etsa sohle se matleng a hao ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho rarolla mathata ’me u etse lipatlisiso lingoloeng tsa rona e le hore li u thuse hore u be le boikutlo bo tšoanang le boo Jehova a nang le bona ka boemo ba hao. Ha u etsa joalo, Jehova o tla u tšehetsa le ho u hlohonolofatsa.—Pr 10:22; Esa 41:10.

Setšoantšo se hlahang videong ea “Le se ke la Thetsoa ke Batho ba Reng ba Finyeletse Khotso!—Darrel le Deborah Freisinger.” Setšoantšo sa Morali oa bo rona Freisinger ha a sa le mocha a shebile foto.

Shebellang VIDEO ea Le se ke la Thetsoa ke Batho ba Reng ba Finyeletse Khotso!—Darrel le Deborah Freisinger ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • U ithuta’ng ka ho rarolla mathata lenyalong paleng ea Mora le Morali oa bo rona Freisinger?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 22, selelekela sa karolo ea 5 le thuto ea 23

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 51 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela