Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 September maq. 6-7
  • La 22-28 September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 22-28 September
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 September maq. 6-7

LA 22-28 SEPTEMBER

MOEKLESIA 1-2

Pina ea 103 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Tsoela Pele ho Koetlisa Moloko o Latelang

(10 mets.)

[Shebellang VIDEO ea Selelekela sa Moeklesia.]

Moloko o mong le o mong o na le boikarabelo ba ho koetlisa o latelang (Moe 1:4; w17.01 27-28 ¶3-4)

Ha re koetlisa ba bang re bile re ba fa mosebetsi, re ba fa monyetla oa hore le bona ba latsoe monate oa ho sebeletsa Jehova (Moe 2:24)

Mor’abo rona e mocha eo e leng moholo o khanna Thuto ea “Molula-Qhooa” ’me Mor’abo rona ea holileng ea mo ballang lirapa o mo shebile a bososetse.

U se ke oa tšaba ho koetlisa ba bang hobane u nahana hore ba tla u nkela mosebetsi oo u o ratang

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Moe 1:1—Bibele e bolela’ng ha e re Solomone e ne e le “mosuoe”? (it-E “Moeklesia” ¶1)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Moe 1:​1-18 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Mamela hore na motho o amehile ka eng ebe u etsa tokisetso ea hore le tle le buisane hape nakong e tlang. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)

5. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Buisana le motho ka “Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho” u sebelisa sehlooho se hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Arabela potso eo motho a ileng a u botsa eona nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)

7. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Khanna thuto ea Bibele ’me u etse tokisetso ea hore e tsoele pele nakong e tlang. (lmd thuto ea 10 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 84

8. Lintho Tse Tharo Tsa Bohlokoa Tseo re ka Ithutang Tsona ka ho Koetlisa ba Bang

(15 mets.) Puisano.

Litšoantšo: Bara babo rona ba koetlisa ba bang maemong a fapaneng. 1. Mor’abo rona o koetlisetsa Morali oa bo rona ho sebelisa sakha ea motlakase projekeng ea kaho. 2. Mor’abo rona ea holileng o shebile Mor’abo rona ea mocha ba le ka Holong ea ’Muso e se nang batho, ha a itokisetsa ho tla fana ka puo ea hae. Mor’abo rona ea holileng o tšoere bukana ea “Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta.” 3. Mor’abo rona o ruta Mor’abo rona e mocha ho kenya mashala macha a libuela-hole. 4. Ntate le bara ba hae ba babeli ba thusa ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso. Ntate le mora oa hae e moholo ka bobeli ba sebelisa mochini oa ho hloekisa sethaleng, ha mora oa e monyenyane a hlakola sethala ka lelapi.

Re bontša hore re rata ba bang ha re ba koetlisa hore ba etse mosebetsi oo Jehova a re fileng ’ona

Bibele e na le mehlala e mengata e re rutang hore na re ka koetlisa ba bang joang. Re ka ithuta ho hongata tseleng eo Samuele a ileng a koetlisa Saule, tseleng eo Elia a ileng a koetlisa Elisha, , tseleng eo Jesu a ileng a koetlisa barutuoa ba hae le tseleng eo Pauluse a ileng a koetlisa Timothea. Jehova ke eena morupeli e moholo ka ho fetisisa. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

Shebellang VIDEO ea Etsisa Jehova ka ho Koetlisa ba Bang (Johanne 5:20)—Karoloana ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Ke lintho life tse tharo tseo re ka ithutang tsona ka Jehova joaloka morupeli?

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 20-21

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 148 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela