Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 September maq. 4-5
  • La 15-21 September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 15-21 September
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 September maq. 4-5

LA 15-21 SEPTEMBER

LIPROVERBIA 31

Pina ea 135 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

’Mè le morali oa hae ba lutse sofeng baa qoqa.

1. Seo re Ithutang Sona Likeletsong Tseo ’mè a li Fang Mora oa Hae

(10 mets.)

Ruta bana ba hao hore na Jehova o ikutloa joang ka thobalano le lenyalo (Pr 31:​3, 10; w11 2/1 19 ¶7-8)

Ruta bana ba hao hore ba be le pono ea Jehova ka joala (Pr 31:​4-6; ijwhf sehlooho sa 4 ¶11-13)

Ruta bana ba hao hore ba thuse batho ba bang joaloka Jehova (Pr 31:​8, 9; g17.6 9 ¶5)

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Pr 31:​10-31—Ke eng e neng e thusa Baiseraele ho hopola litemana tsa Mangolo a Seheberu? (w92 11/1 11 ¶7-8)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Pr 31:​10-31 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qala moqoqo le motho ea qetang ho bua kapa ho etsa ntho e mosa. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le motho ka “Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho” o hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)

6. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mema motho ea ileng a amohela Molula-Qhooa oa No. 1 2025 puong e khethehileng. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 121

7. Thusa Bana ba Hao Hore ba Sebelise Lisebelisoa Tsa Elektronike Hantle

(8 mets.) Puisano.

Na u kile oa bona ha ngoana a sebelisa fono kapa thabolete? Hangata ke bosesaane ba khoele feela ho bona! Le hoja ba sa hloke ho rutoa hore na li sebelisoa joang, ba hloka ho thusoa ho tseba ho li sebelisa hantle. Haeba u motsoali, u ka thusa ngoana oa hao joang ho sebelisa lisebelisoa tsa elektronike hantle?

Setšoantšo se hlahang videong ea “Sebelisa Nako Hantle.” Sofia o paqame pel’a leoatle a ntse a sebelisa thabolete ea hae ’me ha a bone dolphin e ntseng e bapala ka bolo ka metsing.

Shebellang VIDEO ea Sebelisa Nako Hantle ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ipehela nako eo re e qetang re sebelisa lisebelisoa tsa rona tsa elektronike?

  • Ke lintho life tse ling tseo re lokelang ho ipehela nako ea tsona?

Ha u beha melao bakeng sa lelapa la hao, sebelisa melao-motheo ea Bibele eseng seo batsoali ba bang ba se etsang. (Gal 6:5) Ka mohlala, ipotse:

  • Na ngoan’aka o khona ho etsa liqeto tse nepahetseng hoo nka mo alimang fono ea ka kapa ka mo rekela ea hae?—1Ko 9:25

  • Ke lokela ho beha ngoan’aka leihlo ho isa boholeng bofe ha a sebelisa lisebelisoa tsa elektronike a le mong?—Pr 18:1

  • Ke li app le liwebsaete life tseo ke tla lumella ngoana oa ka ho kena ho tsona le tseo nke keng ka mo lumella ho li sebelisa?—Ef 5:​3-5; Baf 4:​8, 9

  • Ka letsatsi ke tla mo fa nako e kae ea ho sebelisa lisebelisoa tsa elektronike e le hore a be le nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa le tse ling tse khathollang?—Moe 3:1

8. Litlhoko Tsa Phutheho

(7 mets.)

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 18-19

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 2 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela