Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwfq sehlooho 50
  • Ho Etsahala’ng Lefung la Lipaki Tsa Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala’ng Lefung la Lipaki Tsa Jehova?
  • Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lepato la Lipaki le ba joang?
  • Na Lipaki Tsa Jehova li ea mafung a malumeli a mang?
  • Mapato a Bakreste aa Hlompheha, a Itekanetse a Bile a Khahlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Pono ea Bokreste ka Meetlo ea Lepato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Na Bafu ba Lokela ho Fuoa Tlhompho?
    Tsoha!—1999
  • Ho Fokotsa Likhatello tsa Lefu
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
ijwfq sehlooho 50
Paki ea Jehova e fana ka puo lefung

Ho Etsahala’ng Lefung la Lipaki Tsa Jehova?

Re latela seo Bibele e se rutang ha re lokisetsa mapato. Tse ling tsa lintho tseo Bibele e li rutang ke tsena tse latelang:

  • Ha se phoso ho lla ha u hlokahalletsoe ke motho eo u mo ratang. Barutuoa ba Jesu le bona ba ile ba lla ha ba ne ba hlokahalletsoe ke batho bao ba ba ratang. (Johanne 11:33-​35, 38; Liketso 8:2; 9:​39) Kahoo, ha re nke mafu e le monyetla oa hore re etse mokete. (Moeklesia 3:​1, 4; 7:​1-4) Ho e-na le hoo, re nka e le nako ea hore re bontše ba bang hore re ba utloela bohloko.​—Baroma 12:15.

  • Bafu ha ba tsebe letho. Ho sa tsotellehe morabe kapa litso tsa rona, re qoba litloaelo le meetlo e sa thehoang Bibeleng, ea hore ho na le seo bafu ba se tsebang le hore ba ka susumetsa batho ba phelang. (Moeklesia 9:​5, 6, 10) Litloaelo tsena li akarelletsa ho etsa litebelo, ho etsa mapato le ho hopola letsatsi leo mofu a hlokahetseng ka lona ka tsela e turang, lipha-balimo, ho bua le ho kopa lintho ho batho ba hlokahetseng le litloaelo tse etsoang ha motho a hlokahalletsoe. Re qoba meetlo le litloaelo tsena hobane re mamela taelo e tsoang Bibeleng e re’ng: “Le ikarole ho bona, . . . le khaotse ho tšoara ntho e sa hloekang.”​—2 Bakorinthe 6:​17.

  • Ho na le tšepo mabapi le bafu. Bibele e ruta hore bafu ba tla tsosoa le hore ho na le nako eo ka eona lefu le tla felisoa. (Liketso 24:15; Tšenolo 21:4) Ho tseba sena ho re thusa hore re se ke ra lla ka tsela e fetelletseng, joalokaha ho ile ha thusa Bakreste ba mehleng ea pele.​—1 Bathesalonika 4:​13.

  • Bibele e re eletsa hore re be batho ba inyenyefatsang. (Liproverbia 11:2) Ha re nke lefu e le monyetla oa hore re bontše batho lintho tseo re nang le tsona kapa maemo a rona a lichelete. (1 Johanne 2:​16) Ha re etse mapato a turang kapa hona ho reka makase le ho apara ka tsela e turang hobane feela re batla ho khahla batho.

  • Ha re qobelle batho ho etsa lintho tseo re li lumelang. Re latela seo Bibele e se rutang ha e re: “E mong le e mong oa rona o tla ikarabella ho Molimo.” (Baroma 14:12) Leha ho le joalo, haeba re fumana monyetla oa ho hlalosa seo re se lumelang re etsa seo “ka bonolo le ka tlhompho.”​—1 Petrose 3:​15.

Lepato la Lipaki le ba joang?

Sebaka: Haeba lelapa le khetha hore ho be le puo ea lepato, puo eo e ka tšoareloa Holong ea ’Muso, ’moshareng, lapeng la mofu, moo ho chesetsoang litopo teng (crematory) kapa mabitleng.

Tšebeletso ea lepato: Puo e fanoang e khothatsa batho ba hlokahalletsoeng ka ho ba hlalosetsa hore na Bibele e re’ng ka lefu le ho ba fa tšepo ea hore bafu ba tla tsosoa. (Johanne 11:25; Baroma 5:​12; 2 Petrose 3:​13) Ho ka boela ha buuoa ka lintho tse ntle tseo mofu a neng a li etsa le hore na re ithuta’ng mohlaleng o motle oo a re sietseng oona.—2 Samuele 1:​17-​27.

Ho ka ’na ha binoa pina e thehiloeng Bibeleng. (Bakolose 3:​16) Tšebeletso e tla koaloa ka thapelo e thobang maikutlo.​—Bafilipi 4:​6, 7.

Koleke: Motho ea fanang ka puo ea lepato haa pataloe ebile ha re ntše koleke libokeng tsa rona.​—Matheu 10:8.

Ke bo-mang ba ka tlang? Batho bao e seng Lipaki le bona ba ka tla lefung le tšoaretsoeng Holong ea ’Muso. Joalokaha batho bohle ba amohelehile hore ba tle libokeng tsa rona, ba ka tla le litšebeletsong tsa rona tsa lepato.

Na Lipaki Tsa Jehova li ea mafung a malumeli a mang?

Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ka iketsetsa qeto e sebelisa letsoalo la eona le koetlisitsoeng ke Bibele. (1 Timothea 1:​19) Leha ho le joalo, ha re kopanele linthong tse etsoang tse sa lumellaneng le Bibele.​—2 Bakorinthe 6:​14-​17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela