Ho Fokotsa Likhatello tsa Lefu
MEETLO le mekhoa ea lepato e fapane haholo ho latela linaha le litloaelo tse fapaneng. Melao ea mebuso e ka ’na ea totobatsa mehato e lokelang ho lateloa. Leha ho le joalo, se hlileng se etsang qeto ke litumelo tsa bolumeli tsa lelapa le tsa sechaba. The New Encyclopædia Britannica. e re: “Thuto ea mekhoa le meetlo ea lefu e bontša ka tsela e hlakileng kamano pakeng tsa tumelo ea bolumeli le mekhoa eo batho ba tloaetseng ho e etsa moo mofu a leng teng.”
Nahana ka lepato la Mahindu India. Setopo se lokisetsoa ho chesoa ho latela meetlo ea mokha oa Bohindu. “Metsi a halalelang,” haholo-holo a tsoang Nōkeng ea Ganges, a fafatsoa fatše. Ebe ho aloa lakane e tšoeu sebakeng seo, ’me setopo se beoa holim’a eona. Libano tse nkhang hamonate li chesoa ka tumelo ea hore li tla tlisa meea e hloekileng sebakeng seo. Sefahleho sa setopo se tlotsoa ka setlolo sa phoofo ea sefate sa sandalwood le ka phoofo e khubelu. ’Mele oa tolisoa ebe o koaheloa ka lesela le lesoeu leo lipalesa li aliloeng holim’a lona. Joale setopo se isoa moo litopo li chesetsoang teng se beiloe holim’a moalo oa leqala hlooho ea sona e shebisitsoe pele. Ha se fihla mona moalo oa reteletsoa hore maoto a be ka pele, a lebile nģa moo litopo li chesetsoang teng, ka morero oa ho bontša hore se lebelletse bophelo ba nako e tlang. Libeso tsa lepato li hotetsoa ke mora e moholo, hobane ho lumeloa hore ke ka tsela ena feela “sephefumolohi” sa mofu se tla fumana khotso. Ka mor’a moo, molora oa bokelloa ’me o qhalloa ho e ’ngoe ea linōka tse “halalelang” tsa India.
Papua New Guinea, ke moetlo hore beng ka mofu ba be le kamano e haufi le setopo, ba se ake, ba llele holim’a sona, ba se etsetse litšepiso, le ho se kōpa tšoarelo bakeng sa litšito tseo ba li etselitseng mofu. Ba lla haholo, ’me ho binoa ha koli-ea-malla ho eketsa masoabi. Ke moetlo ho ba le bonyane mekete e ’meli e meholo ka mor’a lefu bakeng sa ho hlompha “moea [spirit]” oa mofu le ho phema kotlo leha e le efe eo o ka e tlisang.
Afrika, mekhoa le meetlo ea lepato e hatisa tumelo ea hore sephefumolohi ha se shoe. Batho ba na le boikutlo ba hore ho hlokahala hore ba thabise mofu, ho seng joalo ba ka bolaea beng ka bona. Ho sebelisoa chelete e ngata hape ho etsoa mahlabelo a mangata ka tšepo ea hore bafu ba tla etsetsa batho ba phelang melemo e itseng. Batho ba bangata ba lumela thutong ea ho tsoaloa hangata, hore mofu o tla khutla e le phoofolo e tla hlomphuoa ka mokhoa oa borapeli kapa e le setho se seng sa lelapa se tla tsoaloa ke mosali eo e leng moimana ka nako eo. Tlaleho e tsoang Nigeria e re: “Kahoo, batho ba ba hlokolosi ka ho khethehileng ha ba apesa setopo ka morero oa ho tiisa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boemong bo nepahetseng. Ka mohlala, ho lumeloa hore haeba letsoho la mofu le sa otloloha ka har’a lekese, le tla iponahatsa joaloka sekoli sa tsoalo ha motho eo a tsoaloa hape. Kapa mofu ea sa apesoang hantle o tla tsoaloa e le lehlanya ha a tsoaloa hape.” Tsela eo batho ba itšoarang ka eona mapatong a Maafrika e bakoa ke ho tšaba bafu le ho nahana hore ba laola batho ba phelang.
Libakeng tse ngata tsa mahae Greece, mekete e nkang nako e telele le eo ho eona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang ka hloko le eona e ba teng ka mor’a lefu. Makasine oa Science oa hlokomela: “Lilemong tse hlano tse latelang, beng ka mofu ba batšehali ba lokisetsa le ho tsamaisa litšebeletso tse ngata tsa ho hopola mofu. Ho basali, bo-’mè le barali, ho lla ho fetoha karolo e khethollang botho ba bona. Ba ea lebitleng mantsiboea a mang le a mang ba il’o khantša likerese, ba hloekisa lejoe la lebitla, ba buisana le mofu, ba bina koli-ea-malla le ho lla. Ba lumela hore ho phetha meetlo ena ka tsela e phethahetseng ho tla thusa sephefumolohi sa moratuoa enoa oa bona hore se kene leholimong.” Qetellong, masapo a mofu aa epolloa ebe a epeloa setšeng sa motse sa mabitla a bafu bohle.
Japane, mapato a mangata a lumellana le meetlo ea Mabudha. Ka mor’a hore setopo se hlatsuoe le ho apesoa, se koaheloa ka lakane e tšoeu, ebe ho beoa thipa sefubeng sa sona bakeng sa ho leleka meea e mebe. Ha likerese le libano li ntse li tuka, moprista o pheta likaroloana tsa lingoliloeng tsa thuto ea Mabudha lehlakoreng la bethe a be a fe mofu lebitso la Bobudha la mora ea tla hlaha ka mor’a lefu la hae ea tla fuoa chelete e ngata, ho latela palo ea litlhaku tse sebelisitsoeng. Joale setopo se kenngoa ka lekeseng la bafu la mapolanka a sa ferefuoang. Ho etsoa tebelo ea bosiu bohle kapa e khutšoanyane ea halofo ea bosiu bakeng sa ho llela mofu le ho rapella phomolo ea ka ho sa feleng leholimong bakeng sa sephefumolohi sa hae. Ha moprista a ntse a pheta likaroloana tsena tsa lingoliloeng tsa thuto ea Mabudha, beng ka mofu ba chesa libano ka ho latellana. Meetlo e tšoanang le ena ea etsoa letsatsing le latelang nakong ea tšebeletso ea lepato ka pel’a aletare eo lekese la mofu, setšoantšo sa mofu, le lisebelisoa tse ling tsa meetlo ea Mabudha li beiloeng ho eona. Joale setopo se chesoa ho latela molao. Ka mor’a moo libano li chesoa ka nako e itseng, libano li tla chesoa ka linako, ’me moprista o tla pheta likaroloana tsa lingoliloeng tsa thuto ea Mabudha ho fihlela ho lumeloa hore sephefumolohi ha se sa na tšusumetso litabeng tsa batho ba phelang ’me se kopane le sephefumolohi sa boholo-holo se kopantseng liphefumolohi tsohle.
Etsa Hore Thato ea Hao e Tsejoe
Ho e-na le ho fokotsa khatello e tsamaeang le lefu la moratuoa, hangata meetlo ea mapato e joaloka ena e eketsa meroalo e boima. O mong ke litšenyehelo. Mapato a maholo hase a nang le litšenyehelo tse tlaase. Baprista ba atisa ho lebella koleke e ngata kapa chelete ea ho lefella litšebeletso tsa bona. Hape mekete e meholo e na le litšenyehelo tse boima. Ho ka ’na ha boela ha ba le khatello ea ho etsa lintho tseo e seng thato ea mofu kapa ho etsa meetlo eo a neng a sa e lumele. Pelaelo ea lelapa kapa metsoalle ea hore mofu ha a epeloa ka mokhoa o itlhomphang ho latela litekanyetso tsa sechaba e ka ba khōlō. Haeba u rata hore lepato la hao le tsamaisoe ka tsela e itseng, e ka ba bohlale hore u ngole taba eo ’me u etse hore tokomane eo e be le bopaki.
Mè oa lelapa oa Japane o ile a ithuta sena ha ntate oa hae ea lilemo li 85 a e-shoa. O ne a ile a kōpa tšebeletso ea lepato e sa rarahanang eo ho eona ho leng teng litho tsa lelapa feela. Leha ho le joalo, sena se ile sa etsa hore batho ba ratang lenaneo la lepato la moetlo ba tšoaee liphoso. Ka mor’a moo, morali oa hae o ile a ngolla koranta ea Tokyo Asahi Shimbun a re: “Haeba motho a batla lepato le fapaneng le a mang, ho sa tsotellehe hore na ho eena le bonahala le utloahala hakae, ho molemo haholo hore a buisane taba ena le litho tsa lelapa la hae moqoqong oa letsatsi le letsatsi ’me a fumane tumello ea bona tabeng ena. Hape ke habohlokoa hore motho a ngole seo a ratang hore se etsoe e le hore litho tsa lelapa tse utloileng bohloko ka baka la lefu la moratuoa li ka khona ho sebetsana le ho tšoauoa liphoso ka katleho.”
Hape ke habohlokoa haholoanyane ho etsa sena ha u e-na le tumelo e matla ea bolumeli e leng khahlanong le meetlo ea sebaka seo u lulang ho sona. Ka mohlala, Mokreste ea lulang Japane a ka ’na a tšaba hore ha a shoa, nakong ea lepato, beng ka eena bao e seng Bakreste ba tla inama ka pel’a lekese kapa setšoantšo sa hae joalokaha ba inama ka pel’a aletare ea Budha. Kahoo a ka lokolisa ka ho ngola litaelo tsa hae tsa hore ka mor’a hore batho ba arohane le eena lapeng, setopo sa hae se chesoe ’me ka mor’a moo tšebeletso ea lepato e sa rarahanang e tšoareloe moo ho se nang lekese la bafu le majaba-jaba kapa setšoantšo. Bakeng sa ho qoba mathata, a ka tsebisa beng ka eena esale pele ka se tla etsoa lepatong la hae.
Ho Sebetsana le Khoebo ea Lefu
Ho fihlela lilemong tse lekholo tse fetileng, batho ba bangata ba ne ba shoela lapeng, ba pota-potiloe ke metsoalle le litho tsa lelapa. Bana ba ne ba sa lelekoe betheng ea motho ea leng makhatheng a lefu ’me ba ne ba ithuta ka lefu ka tsela eo. Empa sena sohle se fetohile linaheng tse tsoetseng pele, tsa mesebetsi e meholo. Batho ba bangata ba shoang ba isoa lipetlele, ’me ho etsoa boiteko ba ho eketsa nako ea bophelo ba bona. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ho e-na le ho nka lefu e le ntho ea tlhaho, lingaka tsa kajeno li se li le talima joaloka ntho e mpe kapa e makatsang, ho hlōleha boitekong bohle ba bona ba ho phekola, ka linako tse ling hoo e ka bang ho hlōleha ha botho. Ho kula ho loantšoa ka libetsa tsohle tse ka khonang ho bo loantša, hangata ka ntle le ho nahanela mokuli ka ho lekaneng—ka linako tse ling ntle le ho nahana hore na ha e le hantle ho sa ntse ho e-na le ‘motho’ moo.”
Hona joale lepato le itekanetseng feela United States le bitsa chelete e fetang liranta tse 8 250—’me sena ha se kenyelletse chelete ea setša sa lebitla. Ha ba sebetsana le motsamaisi oa mapato ea leng mohau batho ba atisa ho lebala hore o khoebong bakeng sa ho fumana chelete. Makasine oa Changing Times o re: “Pakane ea ho fumana phaello e teng khoebong ea litokisetso tsa ho qetela tsa lepato. ’Me joaloka khoebong e ’ngoe le e ’ngoe, motho ea etsang litokisetso tsa lepato o ipeha kotsing ea ho hatelloa hore a sebelise chelete, ho thetsoa, ho lefisoa chelete e kaholimo ho e loketseng kapa ho qhekelloa ke morekisi ea se nang litekanyetso tse mo tataisang. Ha e le hantle, kotsi ena e phahame haholoanyane hobane batho ba bangata ke ba rekang ka lekhetlo la pele, ba utloile bohloko ’me ba tlameha ho nka khato kapele.”
Leha ho le joalo, ho na le litsela tse ling tseo batho ba li khethang. Tsela e ’ngoe ke ea ho ipolokela chelete ea lepato la hao. Sena se ka etsoa ka polokelo e khethehileng ea chelete bankeng eo u e etsang ka lebitso la hao, e tla lefuoa motho eo u mo khethang ea tla beng a ntse a phela ha u se u shoele. Ho latela melao ea libanka tsa U.S., chelete e polokelong e joalo (e bitsoang letlōle la Totten) e ka ntšuoa ke motho eo u mo khethileng ka hore a hlahise boitsebahatso le bopaki ba hore u shoele. Ha u sa ntse u phela, chelete ena e laoloa ke uena. Tsela e ’ngoe ke ea ho ba le inshorense ea bophelo k’hamphaning e tsebahalang e nang le botumo bo botle. Haeba u le lenyalong, tiiseha hore molekane oa hao oa tseba ka sena, haholo-holo mabapi le taba ea chelete. Ho etsa kabo ea lefa le hona ho molemo haholo. Ha se hangata ho ka etsahalang hore le shoe le le babeli ka nako e le ’ngoe. Maemong a mangata banna ba shoa pele ho basali ba bona. Hase hangata basali ba tsebang lintho tsena, e leng se eketsang masisa-pelo a bona le bohloko. Joalokaha lefu le ka tla ka tšohanyetso, u se ke ua chechisetsa taba ea ho buisana ka lintho tsena le lelapa la hao morao.
Ho Sebetsana le Bohloko
Motho ea mamelletseng lefu la moratuoa o mamelletse bohloko bo boholo. Tlhokahalo ea ho lla e tla ’ne e be teng ka mehla ho fihlela a amohela lefu leo. Bolelele ba nako ea ho utloa bohloko bo fapana ho ea ka batho. Ba bang kapele ba sebetsana le boikutlo ba bona ka tahlehelo, ’me ba bang ba ka ’na ba nka selemo kapa ho feta moo. Ba seng bakae ha ba khaotse ho utloa bohloko. Ke joang motho a ka ithutang ho sebetsana le boemo boo ka katleho?
Ho se itšehle thajana le ho se ikarole sechabeng ke habohlokoa. Ho khutlela bophelong bo tloaelehileng le ho kopana le metsoalle le beng ka uena ka thelefono kapa ka ho ba etela hoa hlokahala bakeng sa ho hlaphoheloa bohlokong. Le hoja ho na le linako tse ling tseo ho hlokahalang hore u be mong ka tsona, sena se se ke sa fetoha tloaelo. Nolofalletsa batho hore ba buisane le uena le ho u thusa ka ho buisana le bona le ho ba atamela.
Monna ea ileng a mamella bohloko ba lefu la beng ka eena ba haufi-ufi ba bahlano ka nako e ka etsang lilemo tse tharo feela, ho akarelletsa le ’mè oa hae le mosali oa hae ea ratoang ea lilemo li 41, ea ileng a hlaseloa ke kankere ka nako e telele o ile a fana ka keletso e molemo. O ile a hlalosa: “Ka sebele ke bile le karolo ea ka ea bohloko. Ka linako tse ling ke ne ke lla. Empa u lokela ho talima bophelo ka tsela eo bo hlileng bo leng ka eona. U tlameha ho amohela bophelo kamoo bo leng ka teng, eseng kamoo u ratang hore bo be ka teng. U lokela ho etsa hore kelello ea hao e tloaele bomalimabe bona ’me u amohele lefu, ho e-na le ho utloa bohloko ka ho sa feleng.”
Ke habohlokoa ho tšehetsa le ho khothatsa batho ba utloileng bohloko. Ka bomalimabe, bongata ba rōna re ikutloa re sa tšoanelehe bakeng sa ho etsa sena ’me rea tsieleha mabapi le seo re lokelang ho se bua. Re ka ba ra ikutloa re soabile ha motho ea hlahetsoeng ke lefu a qala ho lla. Kahoo tloaelo ke ho qoba ho kopana le motho ea hlahetsoeng ke lefu—e leng nako eo motho eo a hlileng a re hlokang haholo ka eona. Ba bang ba ile ba ba ba qosoa ka ho tšela seterata le ho tsamaea ka lehlakoreng le leng e le hore ba qobe ho buisana le motho ea hlahetsoeng ke lefu! Mohlolohali e mong o ile a re: “Ke ile ka siuoa ke le mong ke le mahlomoleng. Ke ne ke na le takatso e matla ea ho bua empa ho ne ho se na motho ea ka mamelang.”
Ba bang ba tlang le ho fana ka tšehetso nakong ea lefu hangata ba khaotsa ho thusa kapele. Moprofesa oa thuto ea kelello Patricia Minnes o re: “Ka mor’a lefu, ka nako e ’ngoe ho feta libeke kapa likhoeli pele motho ea hlahetsoeng ke lefu a ka hlōla ho tšoha hoo a ileng a ba le hona pele. Ke nako eo ka eona tšehetso e leng ntho ea bohlokoa haholo, empa e sa fumanehe hakaalo.” ’Me ke phoso ho etsa qeto ea hore batho ba sa bonahatseng bohloko ba bona ke ba se nang boikutlo le lerato, ba hanang tahlehelo, kapa ba sa utloeng bohloko. Ba bang ba ka ’na ba ba le matla a maholoanyane a ka hare a ho mamella bohloko, empa le bona ba hloka ho tšelisoa le ho tšehetsoa.
Kahoo, ke ntho e babatsehang hakaakang ha metsoalle e kena le ho thusa motho ea hlahetsoeng ke lefu ho tla hlokomela litaba tsa hae le ho fumana litokomane tse hlokahalang! Ho matlafatsa hakaakang ho ba le motho eo ka tieo a tšehetsang le ea nang le hlooho e hlaphohetsoeng ha litokisetso tsa lepato li etsoa! Ke ho ananeloang hakaakang ha ho na le motho ea thusang ka ho hlokomela bana le litlhokahalo tsa beng ka motho ea hlahetsoeng ke lefu le metsoalle ea hae ba etileng! Ke ho nahanela ho hokaakang ha metsoalle le baahelani ba tlisa lijo letsatsi le letsatsi le ho ithaopela ho etsa mesebetsi kapa ho isa batho ba hlahetsoeng ke lefu moo ba batlang ho ea teng! Ho thabisa hakaakang ho ba le motho eo batho ba hlahetsoeng ke lefu ba ka mo bolellang maikutlo a bona! Ho tšelisa hakaakang ho utloa mantsoe a matšeliso le ho koptjoa ka mofuthu e le pontšo ea lerato le matšeliso! Ho molemo hakaakang ha esita le khoeli hamorao ho ka ba le ea botsang hore na batho ba hlahetsoeng ke lefu ba phela joang le ho bua lentsoe le bontšang lerato!
Empa ho ba le tšepo ea bokamoso ke ho thusang haholo. Na ho na le tšepo e joalo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
“U tlameha ho amohela bophelo kamoo bo leng ka teng, eseng kamoo u ratang hore bo be ka teng”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
Re tla Bolella Bana Eng?
Ba bolelle ’nete, ho latela boemo ba kutloisiso ea bona. Bua ka lefu le ho shoa kamoo li leng ka teng, ’me u qobe mantsoe a nang le meelelo e ’meli. Haeba u re, “Ntate moholo o fetile” kapa, “Ntate moholo o re siile,” ngoana a ka ’na a lebella hore Ntate moholo a “khutle.” Thusa ngoana hore a utloisise seo lefu le hlileng le leng sona, ’me u arabele lipotso tsa hae ka Mangolo. Ngoana a ka tseba lefu ka tlhaho. U ka hlalosa lefu la liphoofolo, linonyana, kapa likokonyana tse lomang. E-ba le mamello, ’me u lokise mehopolo e fosahetseng eo e ka ’nang eaba ngoana o e fumane libaesekopong kapa thelevisheneng. Ho patela bana ka ho felletseng seo lefu le leng sona ho ka ’na ha etsa hore ba halefe kapa ba tšabe lintho tse sa tsejoeng.
Ngoana e monyenyane a ka ’na a ikutloa a e-na le boikarabello bakeng sa lefu le hlahileng, haholo-holo haeba a na le boikutlo ba ho halefela motho ea shoeleng. Thusa ngoana hore a utloisise hore ha a na molato, e le hore a ka qoba boikutlo ba ho ba molato.
Ho tšaba ho siuoa lepala-paleng ke ntho ea sebele ho bana ba shoelletsoeng ke motsoali. Etsa sohle seo u ka khonang ho se etsa ho kokobetsa maikutlo a bona, ’me u etse hore ba tsebe hore ba tla ratoa le ho hlokomeloa. Hape ngoana a ka ikutloa a halefile. Haeba a bolelloa hore Molimo o nkile motsoali oa hae, a ka ikutloa a hloile Molimo. Ho tseba ’nete ea Bibele hoa thusa litabeng tsena. Kholisa ngoana, ’me u mo fe lerato u be u mo tšehetse.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Fana ka tšehetso le khothatso ho batho ba utloileng bohloko