Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 November maq. 10-11
  • La 8-14 December

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 8-14 December
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 November maq. 10-11

LA 8-14 DECEMBER

ESAIA 6-8

Pina ea 75 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Esaia o shebile leholimong ’me o ithaopela ho ba ’muelli oa Molimo.

1. “Ke ’na Enoa. Roma ’Na.”

(10 mets.)

Esaia haa ka a tsila-tsila ho ithaopela ho ba moprofeta oa Molimo (Esa 6:8; ip-1 93-94 ¶13-14)

Kabelo ea Esaia e ne e tl’o ba boima (Esa 6:9, 10; ip-1 95 ¶15-16)

Feela joalokaha batho ba bangata ba sa ka ba mamela Esaia, ha baa ka ba mamela le Jesu (Mat 13:13-15; ip-1 99 ¶23)

Esaia o bolella Baiseraele ba ’marakeng molaetsa o tsoang ho Jehova. Ba bang ha ba mo mamele ha ba bang bona ba tloha pel’a hae ba koatile.

NAHANISISA KA SENA: Nka etsa’ng e le hore ke bontše moea oa boithaopo haholoanyane?

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 7:3, 4—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a sireletsa Morena Akaze ea khopo? (w06 12/1 9 ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 8:1-13 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le motho ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo hore na re ithuta Bibele le batho joang. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 83

7. Ho Paka ka Ntlo le Ntlo ke Mosebetsi oo re Tsebahalang ka Oona

(15 mets.) Puisano.

Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho paka ka ntlo le ntlo feela joalokaha Jesu le Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba etsa.—Lu 10:5; Lik 5:42.

Leha ho le joalo, ka nako ea seoa sa COVID-19, tšebeletso ea ka ntlo le ntlo e ile ea tlameha ho emisa. Kahoo, re ne re bolela litaba tse monate nako e ’ngoe le e ’ngoe ha monyetla o hlaha, re ngola mangolo ebile re paka ka fono. Rea thaba hore ebe re ile ra khona ho tloaelana le litsela tsena tse ikhethang tsa ho paka. Ho ntse ho le joalo, ho paka ka ntlo le ntlo e ntse e le eona tsela e ka sehloohong eo re e sebelisang ho bolela litaba tse monate. Na u ka khona ho tšehetsa tšebetso ea ka ntlo le ntlo kamehla?

Tšebetso ea ka ntlo le ntlo e re thusa ho finyella lintho tse latelang joang?

  • Ho sebetsa tšimo eo re e abetsoeng ka botlalo

  • Ho ntlafatsa tsela eo re rutang ka eona le ho ba le makhabane a kang sebete, ho hloka leeme le boitelo

  • Ho qalisa lithuto tsa Bibele

Setšoantšo se hlahang videong ea “Ho Ruta Har’a Lipula.” Barali ba bo rona ba babeli ba pakela ’me e mong lemating la ha hae.

Shebellang VIDEO ea Ho Ruta Har’a Lipula ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • U ithutile’ng ho bahoeletsi ba itetseng ba Faroe Islands?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 42-43

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 123 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela