LA 22-28 DECEMBER
ESAIA 11-13
Pina ea 14 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Seo Bibele e se Buang ka Mesia
(10 mets.)
E ne e tla ba setloholo sa Jese ka mora oa hae Davida (Esa 11:1; ip-1 159 ¶4-5)
O ne a tla ba le moea oa Molimo a be a mo tšabe (Esa 11:2, 3a; ip-1 159 ¶6; 160 ¶8)
E ne e tla ba moahloli ea mosa le ea lokileng (Esa 11:3b-5; ip-1 160 ¶9; 161 ¶11)
NAHANISISA KA SENA: Ke hobane’ng ha Jesu a phahametse ’musi leha e le ofe ea teng lefatšeng?
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 11:10—Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang? (ip-1 165-166 ¶16-18)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 11:1-12 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Sebelisa websaete ea jw.org ho araba motho ea u botsitseng potso. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)
6. Ha u Etsa Barutuoa
(5 mets.) Lokisetsa le motho eo u ithutang Bibele le eena hore na a ka paka joang ka ntlo le ntlo. (lmd thuto ea 11 ntlha ea 4)
Pina ea 57
7. Na u ‘Ahlola ka Toka’?
(15 mets.) Puisano.
Letsatsi le letsatsi re lula re ahlola batho ba bang, ka linako tse ling ebile re sa nahana le ho nahana. Ka tloaelo re nka liqeto ho ea ka seo re se bonang. Leha ho le joalo, ’Mehi-mohlala oa rona Jesu o ahlola ka tsela e fapaneng. (Esa 11:3, 4) Jesu o khona ho bona se ka pelong ea motho, seo a se nahanang le mabaka ao a etsang lintho ka ’ona. Rona ha re na bokhoni boo. Leha ho le joalo, re ka etsa sohle se matleng a rona ho mo etsisa. O ile a re: “Khaotsang ho ahlola ho ea ka seo le se bonang empa le ahlole ka toka.”—Joh 7:24.
Haeba re ahlola batho ba bang ho ea ka seo re se bonang, cheseho ea rona mosebetsing oa boboleli e ka fokotseha. Ka mohlala, na re a qea-qea ha re lokela ho paka libakeng tseo ho lulang batho ba morabe kapa ba bolumeli bo itseng? Ho thoe’ng ka libaka tseo ho lulang batho ba ruileng kapa ba futsanehileng? Na re nka qeto ea hore motho a ke ke a ba le thahasello ka lebaka la tsela eo a shebahalang ka eona? Thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.”—1Ti 2:4.
Shebellang VIDEO ea Seo ke Ithutileng Sona Molula-Qhooeng—U se ke oa Kala Batho ka Mahlo ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ho buuoe ka mefuta efe ea khethollo videong?
Haeba re khetholla bara le barali ba bo rona, seo se tla ama phutheho joang?
Ke’ng e thusitseng bara le barali ba bo rona ba hlahang videong hore ba qobe ho ahlola ba bang ho ea ka seo ba se bonang?
U thutile’ng sehloohong see sa Molula-qhooa?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 46-47