Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp23 no. 1 maq. 3-4
  • Batho ba Bangata ba na le Khatello ea Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Bangata ba na le Khatello ea Maikutlo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u na le khatello ea maikutlo?
  • Ho ba le khatello ea maikutlo . . .
  • Batla thuso ea lingaka
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka ho Kula Kelellong
    Tsoha!—2014
  • Molimo o re Tšepisa Hore ha re sa Tla Hlola re E-ba le Khatello ea Maikutlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
  • Ho Kula Kelellong—Ha ho Hlorisa Mokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ha Motho eo U mo Ratang a E-na le Lefu la Kelello
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
wp23 no. 1 maq. 3-4
Mosali ea tšoenyehileng o lutse pel’a fensetere.

Batho ba Bangata ba na le Khatello ea Maikutlo

“Ke lula ke tšoenyehile le ha ho se na lebaka la hore ke tšoenyehe.”

“Kea tšoenyeha ha ke thabile haholo hobane kea tseba hore ka ho panya ha leihlo, thabo ea ka e ka fetoha masoabi.”

“Ke leka ho sebetsana le mathata a letsatsi ka leng empa ka linako tse ling ke ikutloa ke tšoenyehile ka lintho tse ngata.”

Na u na le ho ikutloa ka tsela eo batho baa ba ikutloang ka eona kapa na ho na le motho eo u mo tsebang ea kileng a ikutloa ka tsela ee?

Kholiseha hore ha u mong. Batho ba bangata le bona ba na le khatello ea maikutlo. Ba bang ba tšoenyehile ka ba malapa a bona ba nang le khatello ea maikutlo.

Kannete hona joale ‘bophelo bo thata.’ (2 Timothea 3:1) Lipatlisiso li bontša hore lefatšeng lohle motho a le mong ho ba robeli o na le khatello ea maikutlo. Ha ho bapisoa pakeng tsa selemo sa 2019 le selemo sa 2020, lipalo-palo tsa batho ba nang le bothata ba ho tšoenyeha haholo li ile tsa eketseha ka liphesente tse 26 ’me tsa batho ba nang le khatello ea maikutlo tsa eketseha ka liphesente tse 28 ka lebaka la seoa sa COVID-19.

Le hoja e le habohlokoa ho tseba hore na ke batho ba bakae ba nang le khatello ea maikutlo, ntho ea bohlokoa le ho feta ke ho tseba hore na uena le ba lelapa la hao le ka sebetsana le bothata bona joang.

Na u na le khatello ea maikutlo?

Motho ea se nang khatello ea maikutlo o qeta nako e ngata a ikutloa hantle ebile a etsa lintho hantle. O khona ho sebetsana le lintho tse mo tšoenyang, o sebetsa ka thata ha a le mosebetsing ebile o thabela ho phela.

Ho ba le khatello ea maikutlo . . .

  • HA HO BOLELE hore oa fokola.

  • KE bothata bo hlokang ngaka. Bo ka ama tsela eo motho a nahanang ka eona, a ikutloang ka eona le eo a etsang lintho ka eona.

  • Ho ka etsa hore motho a thatafalloe ke ho ba le metsoalle le ho sebetsana le mathata a bophelo.

  • Ho ka ama batho ba lilemo tsohle, litso tsohle, merabe eohle, malumeli ’ohle, batho ba rutehileng le ba sa rutehang, ba nang le chelete kapa ba se nang eona.

Litšoantšo: 1. Mocha ea tšoenyehileng. 2. Monna o tšelisa mosali oa hae ea tšoenyehileng. 3. Mosali o ntse a bua le ngaka.

Batla thuso ea lingaka

Haeba u hlokomela hore u se u etsa lintho ka tsela e sa tloaelehang kapa u bona motho e mong eo u mo ratang a etsa lintho ka tsela e sa tloaelehang, mohlomong o se a robala nako e telele haholo kapa ha a sa robala hantle, ha a sa ja hantle, o se a tšoenyeha haholo kapa o qeta nako e ngata a sa thaba, ho ka ’na ha hlokahala hore le batle thuso e le hore le ka tseba hore na bothata bona bo bakoa ke’ng. Le ka fumana thuso hokae?

Monna ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela e leng Jesu Kreste o ile a re: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.” (Matheu 9:12) Batho ba kulang ba ka thusoa ke ho ea ngakeng e le hore ba khone ho fumana meriana e tla ba thusa hore ba phele hantle. E ka ba hantle hore ba potlakele ho fumana thuso ea lingaka haeba bothata bona bo tsoela pele.a

Bibele ha se buka ea lingaka empa e ka u thusa hore u sebetsane le bothata ba khatello ea maikutlo. Re kopa hore u bale lihlooho tse latelang tse bontšang kamoo Bibele e ka re thusang kateng hore re sebetsane le bothata ba khatello ea maikutlo.

a Makasine ena ea Molula-Qhooa ha e khothaletse mofuta o itseng oa phekolo. Motho ka mong o lokela ho hlahloba ka hloko phekolo eo a e khethang pele a etsa qeto.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela