Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w23 November maq. 2-7
  • Jehova oa re Kholisa Hore o Tla Etsa Lefatše Paradeise

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova oa re Kholisa Hore o Tla Etsa Lefatše Paradeise
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE’NG EO JEHOVA A RE TŠEPISITSENG EONA?
  • JEHOVA OA RE KHOLISA HORE TŠEPISO EA HAE E TLA PHETHAHALA
  • “BONA, KE ETSA HORE LINTHO TSOHLE LI BE NCHA”
  • “MANTSOE ANA AA TŠEPAHALA ’ME KE A ’NETE. . . . A SE A PHETHAHETSE”
  • “KE ’NA ALFA LE OMEGA”
  • KE’NG E TLA RE THUSA HORE RE KHOLOE TŠEPISO EA JEHOVA EA HORE HO TLA BA LE PARADEISE?
  • Leholimo le Lecha le Lefatše le Lecha
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Bopile Batho?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
w23 November maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 46

Jehova oa re Kholisa Hore o Tla Etsa Lefatše Paradeise

“Mang kapa mang ea ipatlelang tlhohonolofatso lefatšeng a tle a hlohonolofatsoe ka Molimo oa ’nete.”—ESA. 65:16.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

SEO RE TL’O ITHUTA SONAa

1. Moprofeta Esaia o ile a bolella Baiseraele molaetsa ofe?

MOPROFETA Esaia o ile a re Jehova ke “Molimo oa ’nete.” Lentsoe le fetoletsoeng e le “’nete” le bolela “amen.” (Esa. 65:​16, nal.) Lentsoe “amen” le bolela “ha ho be joalo” kapa “ka sebele.” Ha ho sebelisoa lentsoe “amen” ka Bibeleng ha ho buuoa ka Jehova kapa Jesu, le sebelisoa e le ho re kholisa hore ntho e itseng e tla fela e etsahale. Kahoo, molaetsa oa Esaia o ne o hlakile ho Baiseraele hore Jehova o phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng. Haesale Jehova a ntse a phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae.

2. Ke hobane’ng ha re ka tšepa tšepiso ea Jehova ka bokamoso ba rona, hona re tl’o araba lipotso life?

2 Na re ka tšepa hore lintho tseo Jehova a re tšepisitseng tsona ka bokamoso ba rona li tla phethahala? Ka mor’a lilemo tse ka bang 800 Esaia a shoele, moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa hore litšepiso tsa Molimo li lula li phethahala. Pauluse o ile a re Molimo “a ke ke a bua leshano.” (Baheb. 6:18) Joalokaha selibeng ho sa tsoe metsi a hloekileng le a letsoai ka nako e le ’ngoe, Jehova le eena a ke ke a bua leshano hobane ke Mohloli oa ’nete. Kahoo, re ka kholiseha hore lintho tsohle tseo Jehova a reng li tla etsahala li tla fela li etsahale, ho akareletsa le lintho tseo a re tšepisitseng tsona ka bokamoso ba rona. Sehloohong sena re tl’o fumana likarabo tsa lipotso tsena: Ke’ng eo Jehova a re tšepisitseng eona? Ke’ng e re kholisang hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso eo?

KE’NG EO JEHOVA A RE TŠEPISITSENG EONA?

3. (a) Ke tšepiso efe eo bahlanka ba Molimo ba e ratang haholo? (Tšenolo 21:​3, 4) (b) Batho ba bang ba re’ng ha re ba bolella tšepiso eo?

3 Bahlanka bohle ba Molimo ba rata tšepiso ena eo re tl’o tla re bua ka eona. (Bala Tšenolo 21:​3, 4.) Jehova o re tšepisa hore nakong e tlang “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ba bangata ba rona re balla batho litemana tsena tse khothatsang ha re buisana le bona ka Bibele ’me re ba bontša hore na bophelo bo tl’o ba joang Paradeiseng. Batho ba bang ba re’ng ha re ba balla tšepiso ee? Ba ka ’na ba re: “Kea li utloa litaba tsena empa ha ke bone eka ke ntho e ka etsahalang.”

4. (a) Ke’ng eo Jehova a neng a tseba hore e tla etsahala mehleng ee? (b) Ka mor’a hore Jehova a etse tšepiso, o ile a etsa’ng hape?

4 Jehova o ile a susumetsa moapostola Johanne hore a ngole hore na bophelo bo tla ba joang Paradeiseng. Jehova o ne a se a ntse a tseba hore mehleng ena re tl’o buisana le batho ka tšepiso ena ha re ba bolella molaetsa oa ’Muso. Jehova o ne a boetse a tseba hore ho tl’o ba thata hore batho ba bangata ba kholoe tšepiso ea hore lintho li tl’o ba ncha. (Esa. 42:9; 60:2; 2 Bakor. 4:​3, 4) Re ka etsa’ng hore re kholisehe re be re kholise batho ba bang hore litšepiso tseo ho buuoeng ka tsona ho Tšenolo 21:​3, 4 li tla phethahala? Jehova o fane ka mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore tšepiso ea hae e tla phethahala. Ke mabaka afe ao a faneng ka ’ona?

JEHOVA OA RE KHOLISA HORE TŠEPISO EA HAE E TLA PHETHAHALA

5. Ke mabaka afe ao re nang le ’ona a ho tšepa hore tšepiso ea Molimo ka Paradeise e tla phethahala, hona re a fumana hokae?

5 Re fumana mabaka a ho tšepa tšepiso eo Jehova a e entseng ea hore lefatše e tla ba Paradeise litemaneng tse latelang. Li re: “Ea lutseng teroneng a re: ‘Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Hape a re: ‘Ngola mantsoe ana hobane aa tšepahala ’me ke a ’nete.’ A boela a re ho ’na: ‘Mantsoe ana a se a phethahetse. Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello.’”—Tšen. 21:​5, 6a.

6. Ke hobane’ng ha mantsoe a ho Tšenolo 21:​5, 6 a etsa hore re kholisehe hore tšepiso ea Molimo e tla phethahala?

6 Ke hobane’ng ha litemana tsee tsa Bibele li etsa hore re kholisehe le ho feta hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae? Buka ea Tlhōrō ea Tšenolo e re ka litemana tsena: “Ho joalokaha eka Jehova ka boeena o saenela batho ba tšepahalang tiiso, kapa lengolo la bopaki, mabapi le litlhohonolofatso tsena tsa ka moso.”b Tšepiso ea Molimo e tlalehiloe lengolong la Tšenolo 21:​3, 4. Empa temaneng ea bohlano le ea botšelela ho joalokaha eka Jehova o saenne ho re kholisa hore lintho tseo a re tšepisitseng tsona li tla etsahala. A re hlahlobeng mantsoe ao Jehova a a sebelisitseng ho re kholisa.

7. Ke mang ea etsang tšepiso e temaneng ea bohlano, hona ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa?

7 Kholiseho eo Molimo a re fang eona e qala ka mantsoe ana: “Ea lutseng teroneng a re.” (Tšen. 21:5a) Mantsoe ana ke a bohlokoa haholo hobane ke a mang a mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ha a ne a bua liponong ka makhetlo a mararo bukeng ea Tšenolo. Ha se lengeloi kapa Jesu ea faneng ka kholiseho ena empa ke Jehova. Taba ena ke bopaki ba hore re ka tšepa mantsoe ao a a buileng ka mor’a moo. Hobane’ng? Hobane Jehova a ‘ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Kahoo, mantsoe ao re a balang ho Tšenolo 21:​5, 6 a tla fela a phethahale.

“BONA, KE ETSA HORE LINTHO TSOHLE LI BE NCHA”

8. Jehova o re’ng ho bontša hore tšepiso ea hae e tla fela e phethahale? (Esaia 46:10)

8 A re bueng ka lentsoe “bona.” (Tšen. 21:5) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bona” le sebelisitsoe ka makhetlo a mangata bukeng ea Tšenolo. Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re lentsoe lena le sebelisitsoe e le “tsela ea ho bolella motho ea balang hore a hlokomele hore na mantsoe a latelang a re’ng.” Molimo o ile a re’ng ka mor’a moo? O ile a re: “Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” Temaneng ena Jehova o bua ka lintho tseo a tl’o li etsa nakong e tlang empa kaha oa tseba hore o tl’o phethahatsa tšepiso ea hae, o bua joalokaha eka o se a ntse a etsa liphetoho tsena.—Bala Esaia 46:10.

9. (a) Mantsoe a reng “ke etsa hore lintho tsohle li be ncha” a bua ka lintho life tse peli tseo Jehova a tla li etsa? (b) Ho tla etsahala’ng ka “leholimo” le “lefatše” tse teng hona joale?

9 A re bueng ka polelo e hlahang lengolong la Tšenolo 21:5 e reng: “Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” Khaolong ena polelo eo e bua ka lintho tse peli tseo Jehova a li etsang. Ea pele ke hore Jehova o tl’o felisa lefatše lena ’me a tlise lefatše le lecha. Lengolo la Tšenolo 21:1 le re: “Leholimo la pele le lefatše la pele li ne li se li fetile.” “Leholimo la pele” ke mebuso ea lipolotiki e susumetsoang ke Satane le bademona ba hae. (Mat. 4:​8, 9; 1 Joh. 5:19) Ka Bibeleng lentsoe “lefatše” le ka bolela batho ba lulang lefatšeng. (Gen. 11:1; Pes. 96:1) Kahoo, “lefatše la pele” ke batho ba khopo ba phelang mehleng ena. Jehova a ke ke a lokisa “leholimo” le “lefatše” tse teng hona joale feela empa o tla li felisa ka ho feletseng. O tla felisa leholimo le lefatše tsa hona joale ’me a etse hore ho be le “leholimo le lecha le lefatše le lecha” e leng ’muso o mocha o tla busa batho ba lokileng.

10. Ke lintho life tseo Jehova a tl’o etsa hore li be ncha?

10 Lengolong la Tšenolo 21:5 re bala ka seo Jehova a ileng a se bua ka ho etsa hore lintho li be ncha. Hlokomela hore na Jehova o ile a re’ng. O ile a re: “Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” Ha aa ka a re: “Ke etsa lintho tsohle tse ncha.” Jehova o tla lokisa lefatše a be a etse hore batho ba phethahale. Joalokaha Esaia a ile a bua nakong e fetileng, lefatše lohle e tla ba serapa se setle sa Edene. Hape o tla etsa hore batho ba fole ka ho feletseng. Batho ba holofetseng, ba foufetseng le ba sa utloeng litsebeng ba tla fola ’me le bafu ba tla tsosoa.—Esa. 25:8; 35:​1-7.

“MANTSOE ANA AA TŠEPAHALA ’ME KE A ’NETE. . . . A SE A PHETHAHETSE”

11. Jehova o ile a re Johanne a etse’ng, hona hobane’ng?

11 Molimo o ile a re’ng hape e le ho re kholisa hore re ka mo tšepa? Jehova o ile a re ho Johanne: “Ngola mantsoe ana hobane aa tšepahala ’me ke a ’nete.” (Tšen. 21:5) Jehova ha aa ka a re Johanne a ‘ngole’ feela empa o ile a fana le ka lebaka la hore a ngole mantsoe ao. O ile a re: “Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.” Re ananela hore ebe Johanne o ile a mamela taelo eo ea hore a ‘ngole’ hobane re khona ho bala ka tšepiso eo Molimo a e entseng ea hore ho tla ba le Paradeise ebile re khona ho nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo re tla li fumana.

12. Ke hobane’ng ha Jehova a ka re: “Mantsoe ana a se a phethahetse”?

12 Molimo o re’ng ka mor’a moo? O re: “Mantsoe ana a se a phethahetse.” (Tšen. 21:6) Jehova o bua mantsoe ana joalokaha eka tšepiso eo a e entseng ea hore ho tla ba le Paradeise e se e phethahetse. O na le tokelo ea ho bua mantsoe ana hobane ha ho na letho le ka mo thibelang hore a phethahatse morero oa hae. Jehova o re fa lebaka le leng le matla la ho lumela hore tšepiso ea hae e tla phethahala. Lebaka leo ke lefe?

“KE ’NA ALFA LE OMEGA”

13. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re: “Ke ’na Alfa le Omega”?

13 Lirapeng tse fetileng re ithutile hore Jehova o buile le Johanne ka makhetlo a mararo ponong. (Tšen. 1:8; 21:​5, 6; 22:13) Makhetlong ao a mararo Jehova o ile a bua mantsoe ana a reng: “Ke ’na Alfa le Omega.” Ka Segerike tlhaku ea pele ke alfa, ea ho qetela ke omega. Ha Jehova a re “ke ’na Alfa le Omega” o bontša hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e qalang oa e qeta.

Litšoantšo: Jehova o qala morero oa hae. 1. “Alfa.” Adama le Eva serapeng sa Edene. 2. Litla-morao tse bakiloeng ke borabele, li bonahatsoa ke Satane e leng lengeloi le khopo, Adama le Eva lilemong tsa bona tsa botsofali, tora ea Babele, mabitla, masole, koloi ea ntoa, lifofane tsa ntoa, tšilafalo e bakoang ke lifeme tse kholo le batho ba ipelaetsang. Ka lehlakoreng le leng, litšoantšo tse peli li tšoantšetsa morero oa Jehova o tsoelang pele: Jesu o khokhothetsoe palong, o tšoantšetsa tokisetso ea topollo, bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng le ba mehleng ena, ba tšoantšetsa litloholo tsa Adama le Eva tse lokileng. 3. “Omega.” Batho ba sebetsa ’moho ba thabile Paradeiseng.

Ha Jehova a qala ho etsa ntho e itseng, o etsa bonnete ba hore oa e qeta (Sheba serapa sa 14 le 17)

14. (a) Fana ka mohlala o bontšang hore ke neng Jehova a ileng a re “Alfa” le hore ke neng a tla re “Omega.” (b) Lengolo la Genese 2:​1-3 le etsa hore re kholisehe ka’ng?

14 Ka mor’a hore Jehova a bope Adama le Eva, o ile a ba bolella morero oo a nang le oona ka batho le lefatše. Bibele e re: “Molimo a ba hlohonolofatsa a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.’” (Gen. 1:28) Ha Jehova a ne a ba bolella morero oa hae, ho ne ho tšoana le ha eka o ne a re “Alfa.” Ha morero oa Jehova o se o phethahetse ’me bana ba Adama le Eva ba tletse lefatše le ho le etsa paradeise, ho tla tšoana le ha eka Jehova o re “Omega.” Ha Jehova a qeta ho bopa “maholimo le lefatše le lintho tsohle tse ho tsona,” o ile a bua ntho e ’ngoe lengolong la Genese 2:​1-3 (E bale.) e neng e tla re kholisa hore morero oa hae o tla phethahala. Jehova o ile a etsa hore letsatsi la bosupa e be le halalelang ho eena. Taba ee e bolela’ng? E bolela hore Jehova o re kholisa hore o tla phethahatsa morero oa hae ka lefatše le ka batho ’me morero oo oa hae o tla phethahala qetellong ea letsatsi la bosupa.

15. Ke hobane’ng ha Satane a ne a ka nahana hore o entse hore morero oa Molimo o se ke oa atleha?

15 Ka mor’a hore Adama le Eva ba fetohele Jehova, ba ile ba e-ba le sebe ’me ba fetisetsa sebe le lefu ho bana ba bona. (Bar. 5:12) Ka lebaka leo, ho ne ho ka bonahala eka Satane o sentse morero oa Molimo oa hore batho ba phethahetseng le ba mamelang Molimo ba tlale lefatše. Na Satane o ile a etsa hore Jehova a se ke a phethahatsa morero oa hae? E ka ’na eaba Satane o ne a nahana hore Jehova a ke ke a phethahatsa morero oa hae. Mohlomong o ne a nahanne hore Molimo o tla felisa Adama le Eva ebe o bopa batho ba bang ba phethahetseng e le hore a ka phethahatsa morero oa hae ka batho. Empa haeba Molimo a ne a ile a etsa joalo, Diabolose a ka be a itse Molimo o leshano. Hobane’ng? Hobane joalokaha Genese 1:28 e bontša, Jehova o ile a bolella Adama le Eva hore bana ba bona ba ne ba tla tlala lefatše.

16. Ke hobane’ng ha Satane a ne a nahana hore a ka qosa Jehova ka hore o hlolehile ho phethahatsa morero oa hae?

16 Ke’ng eo e ka ’nang eaba Satane o ne a nahana hore Molimo o tla e etsa? Mohlomong Satane o ne a nahana hore Jehova o ne a tla lumella Adama le Eva hore ba be le bana ’me bana bao ba ne ba ke ke ba phethahala le ka mohla. (Moek. 7:20; Bar. 3:23) Haeba seo se ne se ka etsahala, Diabolose o ne a tla qosa Jehova ka hore o hlolehile ho phethahatsa morero oa hae. Hobane’ng? Hobane morero oa Molimo o ne o ke ke oa phethahala oa hore lefatše le tlale ka bana ba Adama le Eva ba phethahetseng le ba mamelang Molimo.

17. Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a hore Satane le batho ba pele ba mo fetohele ’me qetellong ho tla etsahala’ng? (Sheba setšoantšo.)

17 Le hoja Satane, Adama le Eva ba ile ba fetohela Molimo, Jehova o ne a ntse a e-na le tsela eo Satane a neng a sa e lebella eo a neng a ka phethahatsa morero oa hae ka eona. (Pes. 92:5) Jehova o ile a lumella hore Adama le Eva ba be le bana e leng ntho e neng e bontša hore ha a leshano. Jehova o ile a bontša hore ha aa hloleha ho phethahatsa morero oa hae. O ile a phethahatsa morero oa hae ka hore a etse hore ho be le “ngoana” ea neng a tla pholosa litloholo tsa Adama le Eva. (Gen. 3:15; 22:18) Satane o ne a sa lebella hore Jehova o tla etsa hore bana ba Adama ba lopolloe. Hobane’ng? Hobane ketso ena e bontša hore Jehova o lerato empa Satane eena ha a na lerato. (Mat. 20:28; Joh. 3:16) Ke’ng e neng e tla etsahala ka lebaka la tokisetso ena? Qetellong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete, bana ba phethahetseng le ba mamelang Molimo ba Adama le Eva ba tla lula lefatšeng la Paradeise joalokaha Jehova a ne a rerile qalong. Ka nako eo, ho tla tšoana le ha Jehova a re “Omega.”

KE’NG E TLA RE THUSA HORE RE KHOLOE TŠEPISO EA JEHOVA EA HORE HO TLA BA LE PARADEISE?

18. Ke mabaka afe a mararo ao Molimo a re fileng ’ona a re kholisang hore o tla phethahatsa tšepiso ea hae? (Sheba lebokose le reng “Mabaka a Mararo a Etsang Hore re Tšepe Tšepiso ea Jehova.”)

18 Ho latela seo re seng re ithutile sona, ke lintho life tseo re ka li bolellang batho ba bang tse re kholisang hore tšepiso ea Molimo ea hore ho tla ba le Paradeise e tla phethahala? Ntho ea pele, Jehova ke eena ea etsang tšepiso eo. Buka ea Tšenolo e re: “Ea lutseng teroneng a re: ‘Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’” Jehova o bohlale, o matla ebile o batla hore tšepiso ea hae e phethahale. Ea bobeli, ho latela tsela eo Jehova a shebang lintho ka eona, tšepiso ea hae e se e phethahetse. Ke kahoo a reng: “Mantsoe ana . . . aa tšepahala ’me ke a ’nete. . . . Mantsoe ana a se a phethahetse.” Ea boraro, ha Jehova a qala ho etsa ntho e itseng, o etsa bonnete ba hore oa e qeta ’me sena se tiisoa ke mantsoe a reng: “Ke ’na Alfa le Omega.” Jehova o tla bontša hore Satane o leshano le hore o hlolehile ho etsa hore morero oa Jehova o se ke oa phethahala.

Mabaka a Mararo a Etsang Hore re Tšepe Tšepiso ea Jehova

Terone e nang le khanya e tšoantšetsang Jehova.
  • “Ea lutseng teroneng a re: ‘Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’”—Tšen. 21:5

Moapostola Johanne oa ngola.
  • “Hape a re: ‘Ngola mantsoe ana hobane aa tšepahala ’me ke a ’nete. . . . Mantsoe ana a se a phethahetse.’”—Tšen. 21:​5, 6

Litlhaku tsa Segerike e leng alfa le omega.
  • “Ke ’na Alfa le Omega.” —Tšen. 21:6

19. U ka etsa’ng ha batho ba belaela tšepiso ea Molimo ea hore ho tla ba le Paradeise?

19 Hopola hore ha u bolella batho hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae, seo se etsa hore u be le kholiseho ea hore litšepiso tsohle tsa hae li tla phethahala. U ka etsa’ng nakong e tlang ha u balla motho tšepiso ea hore ho tla ba joang Paradeiseng, eo ho buuoang ka eona ho Tšenolo 21:4 ’me motho eo a re: “Kea li utloa litaba tsena empa ha ke bone eka ke ntho e ka etsahalang”? U ka mo balla le ho mo hlalosetsa temana ea bohlano le ea botšelela. Mo bontše kamoo Jehova a re kholisitseng kateng hore tšepiso ea hae e tla phethahala joalokaha eka o saenne.—Esa. 65:16.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha ho khothatsa ho tseba hore ke Jehova ea tšepisitseng hore ho tla ba le Paradeise?

  • Molimo o ile a re’ng ho re kholisa hore tšepiso ea hae e tla phethahala?

  • Re ka etsa’ng e le hore re tšepe tšepiso eo Molimo a e entseng?

PINA EA 145 Molimo o re Tšepisitse Paradeise

a Sehloohong sena re tl’o ithuta kamoo re ka kholisehang kateng hore tšepiso ea Jehova ea hore ho tla ba le Paradeise e tla phethahala. Re tla boela re ithute hore kamehla ha re bolella batho ba bang ka tšepiso ena, re kholiseha le ho feta hore Jehova o tla fela a phethahatse litšepiso tsa hae.

b Sheba buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! leq. 303, ser. 8-9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela