LINTHO TSEO U KA LI BATLISISANG
Ithute ka Tsela e Tla Etsa Hore u Lule u Falimehile
Bala Daniele 9:1-19 e le hore u bone bohlokoa ba ho ithuta ka ho tebileng.
Ithute haholoanyane ka lintlha tse potolohileng taba. Ke liketsahalo life tse neng li sa tsoa etsahala, hona li ile tsa tšoara Daniele joang? (Dan. 5:29–6:5) Hoja u ne u le Daniele, u ne u tla ikutloa joang?
Etsa lipatlisiso. E ka ’na eaba Daniele o ile a hlahloba ‘libuka life tse halalelang’? (Dan. 9:2, nal.; w11 1/1 22 ¶2) Ke hobane’ng ha Daniele a ile a bolela libe tsa hae hammoho le tsa sechaba sa Iseraele? (Lev. 26:39-42; 1 Mar. 8:46-50; dp 182-184) Thapelo ea Daniele e bontša joang hore e ne e le moithuti ea khothetseng oa Lentsoe la Molimo?—Dan. 9:11-13.
Nahana ka lintho tseo u ithutileng tsona. Ipotse:
‘Nka etsa’ng e le hore ke qobe ho khelosoa ke liketsahalo tsa lefatše?’ (Mik. 7:7)
‘Ke tla rua molemo ofe ha nka khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo joaloka Daniele?’ (w04 8/1 12 ¶17)
‘Ke lihlooho life tseo nka ithutang tsona tse tla nthusa hore ke ‘lule ke falimehile’?’ (Mat. 24:42, 44; w12 8/15 5 ¶7-8)