LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Sebelisa Seipone Hantle
Moapostola Jakobo o bapisa Bibele le seipone seo re ka se sebelisang ho itlhahloba. (Jak. 1:22-25) Re ka sebelisa Bibele hantle joang joaloka seipone?
Bala ka hloko. Haeba re icheba kapele feela seiponeng, re ka hlokomoloha liphoso. E le hore re bone litšobotsi tsa botho ba rona bo ka hare tseo re hlokang ho li fetola, re lokela ho bala Lentsoe la Molimo ka hloko.
Sheba uena eseng batho ba bang. Ka linako tse ling ha u icheba seiponeng, u ka ipona oa ba oa bona le motho e mong ’me oa qetella u shebile liphoso tsa motho eo. Ka tsela e tšoanang, re ka sebelisa Bibele ho tšoaea batho ba bang liphoso. Ha re etsa joalo, re ke ke ra khona hore re lokise liphoso tsa rona.
U se ke oa ikahlola haholo. Haeba re sheba mefokolo ea rona haholo ka seiponeng, re ka ’na ra nyahama. Ha re bala Lentsoe la Molimo, ha rea lokela ho ikahlola haholo ka hore re lebelle se fetang seo Jehova a se lebelletseng ho rona.—Jak. 3:17.