SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 25
PINA EA 96 Molimo o re File Letlotlo
Lintho Tseo re Ithutang Tsona Boprofeteng ba Jakobo—Karolo ea Bobeli
“O file e mong le e mong tlhohonolofatso e mo loketseng.”—GEN. 49:28.
NTLHA-KHOLO
Lintho tseo re ka ithutang tsona boprofeteng boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu mabapi le bara ba hae ba robeli.
1. Ke karolo efe ea boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu eo re tla e hlahloba sehloohong see?
BARA ba Jakobo ba mo pota-potile, ba mametse ntate oa bona ea holileng ka hloko ha a hlohonolofatsa e mong le e mong oa bona. Sehloohong se fetileng re ithutile hore Jakobo o ile a bolella Rubene, Simeone, Levi le Juda lintho tseo ba neng ba sa lebella ho li utloa. Kahoo, e tlameha ebe ba ile ba ipotsa hore na ntate oa bona o tl’o re’ng ho bara ba hae ba setseng ba robeli. A re boneng hore na re ithuta’ng mantsoeng ao a a buileng ho Zabulone, Isakare, Dane, Gade, Ashere, Nefthali, Josefa le Benjamine.a
ZABULONE
2. Jakobo o ile a re’ng ho Zabulone, hona seo se ile sa phethahala joang? (Genese 49:13) (Sheba lebokose.)
2 Bala Genese 49:13. Jakobo o bontša hore litloholo tsa Zabulone li ne li tla lula lebopong la leoatle ka leboea ho Naha e Tšepisitsoeng. Lilemo tse fetang tse 200 hamorao, leloko la Zabulone le ile la fuoa naha e le lefa la bona, e neng e le pakeng tsa Leoatle la Galilea le la Mediterranean. Moshe o ile a profeta a re: “Thaba uena Zabulone, khoebong ea hao.” (Deut. 33:18) Mohlomong sena se ne se bolela hore leloko la Zabulone le ne le ka ea pakeng tsa maoatle ana a mabeli habonolo ’me le ne le ka khona ho reka le ho rekisetsa batho ba neng ba tsoa libakeng tse ling. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, litloholo tsa Zabulone li ne li e-na le lebaka la ho thaba.
3. Ke’ng e ka re thusang hore re khotsofale?
3 Re ithuta’ng? Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae kapa maemo a rona ke afe, re na le mabaka a ho thaba. E le hore re lule re thabile, re lokela ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona. (Pes. 16:6; 24:5) Ka linako tse ling, ho ka ba bonolo hore re tsepamise mehopolo ea rona linthong tseo re se nang tsona ho e-na le ho thabela lintho tseo re nang le tsona. Kahoo, leka ho bona lintho tse ntle tse u etsahallang bophelong.—Bagal. 6:4.
ISAKARE
4. Jakobo o ile a re’ng ho Isakare, hona seo se ile sa phethahala joang? (Genese 49:14, 15) (Sheba lebokose.)
4 Bala Genese 49:14, 15. Jakobo o babatsa Isakare ka ho sebetsa ka thata ebile o mo bapisa le tonki e matla e khonang ho jara meroalo e boima. Jakobo o boetse o re Isakare o ne a tla ba le naha e ntle. Tumellanong le mantsoe a Jakobo, litloholo tsa Isakare li ile tsa fuoa naha e nang le mobu o nonneng e pel’a Noka ea Jordane. (Josh. 19:22) Ba ile ba sebetsa ka thata ho hlokomela naha ea bona. Hape ba ile ba sebetsa ka thata molemong oa batho ba bang. (1 Mar. 4:7, 17) Ka mohlala, ha Moahloli Barake le moprofeta oa mosali Debora ba ne ba loantša Sisera, leloko la Isakare le ne le ikemiselitse ho thusa ntoeng eo le lintoeng tse ling tsa sechaba.—Baahl. 5:15
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata?
5 Re ithuta’ng? Jehova oa thaba ha re sebetsa ka thata mosebetsing oo a re fileng oona joalokaha a ile a thaba ha leloko la Isakare le ne le sebetsa ka thata. (Moek. 2:24) Ka mohlala, nahana ka bara ba bo rona ba sebetsang ka thata ho hlokomela phutheho. (1 Tim. 3:1) Le hoja bara bana ba bo rona ba sa loane lintoa tsa sebele, ba lokela ho loana ka thata ho sireletsa batho ba Molimo linthong tse ka senyang kamano ea bona le Molimo. (1 Bakor. 5:1, 5; Juda 17-23) Ba boetse ba sebetsa ka thata ho lokisetsa le ho fana ka lipuo tse khothatsang tse tla matlafatsa phutheho.—1 Tim. 5:17.
DANE
6. Ke kabelo efe eo leloko la Dane le ileng la e fuoa? (Genese 49:17, 18) (Sheba lebokose.)
6 Bala Genese 49:17, 18. Jakobo o tšoantša Dane le noha e loantšang liphoofolo tse kholo ho eona tse kang pere ea ntoa le mopalami oa eona. Dane o ne a tla ba kotsi ho lira tsa Iseraele. Nakong eo sechaba se neng se ea Naheng e Tšepisitsoeng, leloko la Dane le ne le le ‘ka morao ’me le sirelelitse’ lihlopha tse ling kaofela. (Num. 10:25) Kabelo eo ba neng ba e fuoe e ne e le ea bohlokoa haholo le hoja ba bang ba ne ba sa ba bone.
7. Re lokela ho hopola eng ka likabelo tseo re li fuoang tšebeletsong ea Jehova?
7 Re ithuta’ng? Na u kile oa fuoa mosebetsi oo ho bonahalang eka batho ba bang ha baa hlokomela hore o entsoe ke uena? Mohlomong u kile oa thusa ho hloekisa le ho hlokomela Holo ea ’Muso, ho ithaopela ho sebetsa kopanong e nyenyane kapa e kholo kapa ho etsa kabelo e ’ngoe e itseng. Kannete rea u babatsa! Lula u hopola hore Jehova oa bona le ho nka sohle seo u mo etsetsang sona e le sa bohlokoa. O thaba haholo ha a bona u mo sebeletsa hobane u mo rata haholo, eseng hobane u batla hore ba bang ba u rorise.—Mat. 6:1-4.
GADE
8. Ke eng e neng e ka etsa hore ho be bonolo hore Bagade ba hlaseloe Naheng e Tšepisitsoeng? (Genese 49:19) (Sheba lebokose.)
8 Bala Genese 49:19. Jakobo o ile a bolela esale pele hore sehlopha sa bafutuhi se ne se tla hlasela Gade. Hoo e ka bang lilemo tse 200 hamorao, leloko la Gade le ile la lula naheng e ka bochabela ho Noka ea Jordane, e leng naha e neng e pota-potiloe ke lira. Sebaka sena se ne se etsa hore ho be bonolo hore leloko lena le hlaseloe. Leha ho le joalo, Bagade ba ne ba batla ho lula moo hobane e ne le sebaka se setle bakeng sa liphoofolo tsa bona. (Num. 32:1, 5) Ho ne ho hlakile hore Bagade e ne e le batho ba sebete. Ho feta moo, ba ne ba tšepile hore Jehova o tla ba thusa hore ba sireletse naha eo a ba fileng eona khahlanong le sehlopha leha e le sefe sa bafutuhi. Masole a bona a ile a ba sieo naheng ea bona ka lilemo tse ngata hobane ba ne ba a rometse ho e’o thusa maloko a mang ho hapa karolo ea Naha e Tšepisitsoeng e neng e setse ka bophirima ho Jordane. (Num. 32:16-19) Bagade ba ne ba tšepile hore Jehova o tla sireletsa basali le bana ba bona ha banna ba le sieo. Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka lebaka la sebete le boitelo ba bona.—Josh. 22:1-4.
9. Haeba re tšepile Jehova, seo se tla ama liqeto tseo re li etsang bophelong joang?
9 Re ithuta’ng? Re lokela ho tsoela pele re tšepa Jehova e le hore re ka mo sebeletsa leha re e-na le mathata. (Pes. 37:3) Ba bangata kajeno ba tšepa Jehova ka hore ba itele e le hore ba ka thusa mosebetsing oa kaho, moo ho nang le tlhokahalo kapa mesebetsing e meng. Ba etsa joalo hobane ba kholisehile hore Jehova o tla lula a ba hlokomela.—Pes. 23:1.
ASHERE
10. Ashere o ile a hloleha ho etsa’ng? (Genese 49:20) (Sheba lebokose.)
10 Bala Genese 49:20. Jakobo o ile a bolela esale pele hore leloko la Ashere le ne le tla atleha ’me ke sona hantle se ileng sa etsahala. Karolo ea naha eo leloko la Ashere le ileng la e fuoa e ne e le e ’ngoe ea linaha tse nang le mobu o nonneng haholo Iseraele. (Deut. 33:24) Naha ena e ne e le haufi le Leoatle la Mediterranean ’me e akarelletsa lebopo la Foenisia e Sidone e neng e ruile haholo ka lebaka la ho reka le ho rekisa. Leha ho le joalo, Ashere o ile a hloleha ho leleka Bakanana naheng. (Baahl. 1:31, 32) Ho ka etsahala hore tšusumetso e mpe ea Bakanana le ho atleha ha Ashere li entse hore leloko lena le se ke la chesehela borapeli ba ’nete. Ashere ha aa ka a arabela ha Moahloli Barake a batla baithaopi ho loantša Bakanana. Ka lebaka leo, leloko leo le ile la hloleha ho kenya letsoho tlholong e hlollang e etsahetseng “metsing a Megido.” (Baahl. 5:19-21) E tlameha ebe Ashere o ile a soaba ha a utloa pina ea tlholo ea Barake le Debora e neng e e-na le mantsoe a reng: “Ashere a lula a sa etse letho lebopong la leoatle.”—Baahl. 5:17.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka lintho tse bonahalang?
11 Re ithuta’ng? Re batla ho fa Jehova sohle se matleng a rona. E le hore re etse joalo, re lokela ho qoba ho ba le pono ea lefatše ka maruo le chelete. (Liprov. 18:11) Re loanela ho lula re e-na le pono e nepahetseng ka chelete. (Moek. 7:12; Baheb. 13:5) Ha re senye nako le matla a rona re ntse re batlana le lintho tseo re sa li hlokeng tse ka re sitisang ho sebeletsa Molimo. Ho e-na le hoo, re etsa sohle seo re ka se khonang ho fa Jehova nako le matla a rona hona joale, re tseba hore re tla phela bophelo bo sireletsehileng le bo monate nakong e tlang.—Pes. 4:8.
NEFTHALI
12. E ka ’na eaba mantsoe a Jakobo ho Nefthali a ile a phethahala joang? (Genese 49:21) (Sheba lebokose.)
12 Bala Genese 49:21. Jakobo o ile a re Nefthali o ne a tla bua “mantsoe a monate.” Ho ka etsahala hore o ne a bua ka tsela eo Jesu a neng a tla bua ka eona nakong ea tšebeletso ea hae. Jesu ea neng a tsebahala ka ho ruta ka tsela e atlehang o ile a etsa Kapernauma, e neng e le Nefthali, ‘motse oa habo.’ (Mat. 4:13; 9:1; Joh. 7:46) Esaia o ile a profeta hore batho ba Zabulone le Nefthali ba ne ba tla bona “leseli le leholo” e leng Jesu. (Esa. 9:1, 2) Lintho tseo Jesu a neng a li ruta li ne li bontša hore ke “leseli la ’nete le khantšetsang batho bohle.”—Joh. 1:9.
13. Re ka etsa bonnete ba hore re bua mantsoe a khahlisang Jehova joang?
13 Re ithuta’ng? Lintho tseo re li buang le tsela eo re buang ka eona ke ea bohlokoa ho Jehova. Re ka etsa’ng hore re bue “mantsoe a monate” a khahlisang Jehova? Re ka bua ’nete. (Pes. 15:1, 2) Re ka haha ba bang ka seo re se buang ka hore re potlakele ho ba babatsa ’me re se ke ra ba tšoaea-tšoaea liphoso kapa ho lula re tletleba. (Baef. 4:29) Hape re ka ipehela pakane ea ho ntlafatsa mokhoa oa rona oa ho qala moqoqo e le hore re ka fumana monyetla oa ho paka.
JOSEFA
14. Boprofeta bo mabapi le Josefa bo ile ba phethahala joang? (Genese 49:22, 26) (Sheba lebokose.)
14 Bala Genese 49:22, 26. E tlameha ebe Jakobo o ne a le motlotlo haholo ka Josefa hobane Jehova o ne a mo ‘khethile ho bana babo.’ Jakobo o ile a re Josefa ke “lekala la sefate se behang litholoana.” Jakobo e ne e le sefate ’me Josefa e le lekala la sefate seo. Josefa e ne e le mora oa letsibolo oa Jakobo ka mosali oa hae ea mo ratang Ragele. Jakobo o ile a bontša hore Josefa o ne a tla fuoa lefa le imenneng habeli leo Rubene, e leng letsibolo la Jakobo ka mosali oa hae Lea, a ileng a hloleha ho le fumana. (Gen. 48:5, 6; 1 Likron. 5:1, 2) Karolo ena ea boprofeta e ile ea phethahala ha bara ba babeli ba Josefa, e leng Efraime le Manase, e e-ba maloko a mabeli a Iseraele a ikemetseng ’me leloko ka leng le ile la fumana lefa la lona la naha.—Gen. 49:25; Josh. 14:4.
15. Josefa o ile a etsa’ng ha a hlaheloa ke mathata?
15 Jakobo o ile a boela a bua ka ba betsang metsu ba ileng ba “betsa [Josefa] ka metsu le ho mo hloea.” (Gen. 49:23) Bana e ne e le bana babo ba neng ba jeoa ke mona ba bile ba ikarabella ka mathata a mangata a ileng a hlahela Josefa. Leha ho le joalo, Josefa ha aa ka a hloea bana babo kapa hona ho beha Jehova molato ka lintho tse mo etsahalletseng. Joalokaha Jakobo a ile a cho: “Seqha sa [Josefa] se ne se le sebakeng sa sona ’me matsoho a hae a le matla ebile a le mafolofolo.” (Gen. 49:24) Josefa o ile a itšetleha ka Jehova ha a e-na le mathata ’me ha aa ka a tšoarela bana babo feela empa o ile a boela a ba tšoara ka mosa. (Gen. 47:11, 12) Josefa o ile a lumella mathata a hae hore a mo etse motho ea molemo. (Pes. 105:17-19) Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo sebelisa ka tsela e hlollang.
16. Re ka etsisa Josefa joang ha re e-na le mathata?
16 Re ithuta’ng? Ha re e-na le mathata, re se ke ra a lumella hore a re suthisetse hole le Jehova kapa Bakreste-’moho le rona. Hopola hore Jehova a ka lumella hore re hlaheloe ke mathata a lekang tumelo ea rona e le karolo ea koetliso ea rona. (Baheb. 12:7, nal.) Koetliso ena e ka re thusa hore re hlaolele le ho ntlafatsa makhabane a Bokreste a kang mohau le ho tšoarela. (Baheb. 12:11) Jehova o tla re putsa ha re mamella joalokaha a ile a putsa Josefa.
BENJAMINE
17. Boprofeta bo mabapi le Benjamine bo ile ba phethahala joang? (Genese 49:27) (Sheba lebokose.)
17 Bala Genese 49:27. Jakobo o ile a bolela esale pele hore Babenjamine ba ne ba tla ba le bokhoni ba ho loana joaloka phiri. (Baahl. 20:15, 16; 1 Likron. 12:2) E ne e le “hoseng” pusong ea borena Iseraele, ha Saule oa leloko la Benjamine e e-ba morena oa pele oa Iseraele. O ile a loana ka sebete khahlanong le Bafilista. (1 Sam. 9:15-17, 21) “Mantsiboea,” e leng ka mor’a histori ea borena Iseraele, Babenjamine ba babeli e leng Mofumahali Esthere le Tona-kholo Mordekai, ba ile ba pholosa Baiseraele hore ba se ke ba timetsoa ke ’Muso oa Persia.—Esth. 2:5-7; 8:3; 10:3.
18. Re ka etsisa ho tšepahala ha Babenjamine joang?
18 Re ithuta’ng? E tlameha ebe Babenjamine ba ne ba thabile haholo ha e mong oa leloko la bona e e-ba morena e le ho phethahatsa boprofeta. Leha ho le joalo, ha Jehova a fetisetsa borena ho Davida oa leloko la Juda, Babenjamine ba ile ba qetella ba tšehelitse phetoho eo. (2 Sam. 3:17-19) Lilemo hamorao ha maloko a mang a fetohela leloko la Juda, leloko la Benjamine lona le ile la lula le tšehetsa leloko la Juda le morena eo Jehova a mo khethileng. (1 Mar. 11:31, 32; 12:19, 21) Le rona ka botšepehi re ka lula re tšehetsa bao Jehova a ba khethileng hore ba etelle pele batho ba hae kajeno.—1 Bathes. 5:12.
19. Boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu bo ka re tsoela molemo joang?
19 Boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu bo ka re tsoela molemo. Ho hlahloba hore na bo ile ba phethahala joang ho matlafatsa tumelo ea rona ea hore boprofeta bo hlahang ka Lentsoeng la Jehova bo tla phethahala. Hape bo re thusa ho utloisisa ha molemohali hore na re ka thabisa Jehova joang.
PINA EA 128 Mamellang ho Fihlela Qetellong
a Ka mor’a ho hlohonolofatsa Rubene, Simeone, Levi, le Juda ho tloha ho e moholo ho ea ho e monyenyane, Jakobo ha a sa hlohonolofatsa bara ba hae ba setseng ho ea ka tlhahlamano ea bona.