Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 July leq. 31
  • Na u ne u Tseba?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u ne u Tseba?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • “Ntlo ea Thapelo Bakeng sa Lichaba Tsohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ananela Monyetla oa ho Rapela Jehova Tempeleng ea Hae ea Tšoantšetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 July leq. 31
Baprista ba etsa mahlabelo a liphoofolo aletareng ea tempele.

Na u ne u Tseba?

Baprista ba ne ba etsa’ng ka mali a liphoofolo tse neng li nyeheloa tempeleng e Jerusalema?

SELEMO le selemo baprista ba Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba nyehela mahlabelo a likete a liphoofolo aletareng e neng e le tempeleng. Ho latela rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo e leng Josephus, ka Paseka ho ne ho nyeheloa likonyana tse ka holimo ho 250 000 ’me sena se ne se etsa hore ho tšolloe mali a mangata. (Lev. 1:10, 11; Num. 28:16, 19) Ho ne ho etsoa’ng ka mali a mangata hakaalo?

Baepolli ba ile ba cheka ho potoloha tempele eo Heroda a ileng a e haha e ileng ea senngoa ka 70 C.E, ’me ba ile ba fumana mecha e neng e tsamaisa mali a mahlabelo a tsoang tempeleng.

Nahana ka lintho tse peli tse neng li thusa hore aletare e lule e hloekile:

  • Likoti tse karolong e ka tlas’a aletare: Tlhaloso ea tsela eo mali a neng a tsamaisoa ka eona ho tloha aletareng, e fumanoa bukeng ea melao le litso tsa Sejuda e ngotsoeng lilemong tsa bo-200 e bitsoang Mishnah. E bontša hore ho ne ho e-na le likoti tse peli k’honeng e ’ngoe ea aletare. Mali a mahlabelo le metsi a neng a sebelisetsoa ho hloekisa aletare, a ne a phallela ka likoting tseo ebe a fetela Khohlong ea Kidrone.

    Baepolli ba mehleng ena ba lumellana le seo buka ena e se buang ha e bua ka likoti tse neng li le pel’a aletare. Buka ea The Cambridge History of Judaism ea paka hore ke ’nete hore ho ne ho e-na le mecha e neng e le pel’a tempele. E re: “E ka ’na eaba e ne e sebelisetsoa ho ntša metsi a kopaneng le mali a mahlabelo a neng a tsoa aletareng.”

  • Metsi a mangata: Baprista ba ne ba lokela ho ba le metsi a mangata e le hore likarolo tse ka tlaase tsa aletare le liforo tse neng li tsamaisa metsi li lule li hloekile. E le hore ba phethe mosebetsi ona oa bohlokoa, ba ne ba fumana metsi ao ba neng ba a hloka motseng oa Jerusalema. Metsi ao a ne a fumanoa likotopong, lilibeng le matamong. Moepolli ea bitsoang Joseph Patrich o ile a re: “Ho bonahala eka tempele ena ke eona feela mehleng eo e neng e e-na le mehloli ea metsi e kang ena hammoho le liforo tse neng li tsamaisa metsi a sa hloekang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela