PALE EA BOPHELO
“Ntoa ke ea Jehova”
KA LA 28 January 2010, ke ne ke le toropong e ntle ea Strasbourg e Fora ’me e ne e le mariha ho bata haholo. Ke ne ke se moo ho e’o ikhatholla. Ke ne ke ile moo ke le karolo ea babuelli ba neng ba emela litokelo tsa Lipaki Tsa Jehova Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR). ’Muso oa Fora o ne o re Lipaki Tsa Jehova tsa Fora li o kolota lekhetho le ka etsang li-euro tse 64 milione ($89 000 000 U.S.) ’me re ne re le moo ho e’o utloa hore na seo se ne se le molaong kapa che. Morero oa rona e ne e le ho sireletsa lebitso la Jehova le botumo ba batho ba hae. Hape re ne re batla hore bara le barali ba bo rona ba Fora ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Se ileng sa etsahala nyeoeng eo se ile sa bontša hore “ntoa ke ea Jehova.” (1 Sam. 17:47) E re’ng ke le hlalosetse hore na ho etsahetse’ng.
Ka 1999, ’Muso oa Fora o ile oa re lekala la rona la Fora le ne le tlameha ho patala lekhetho ho tsoa menehelong e ileng ea bokelloa ho tloha ka 1993 ho ea ho 1996. Re ile ra ea makhotleng a Fora empa ha rea ka ra fumana thuso. Re ile ra boela ra ea lekhotleng la boipiletso empa re ile ra hloloa. Ka mor’a moo, ’muso o ile oa nka chelete e neng e le bankeng ea mokhatlo e ka holimo ho li-euro tse 4 500 000 ($6 300 000 U.S.). Re ne re se re tšepile hore re tla thusoa ke Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho. Empa lekhotla leo le ile la re pele le nka qeto, re ne re tlameha ho kopana le babuelli ba ’muso oa Fora hammoho le moemeli oa lekhotla la Europe ho bona hore na re ka se lumellane pele re ea khotla.
Re ne re lebelletse hore moemeli oa lekhotla a re re patale bonyane karolo e itseng ea chelete eo ho neng ho itsoe re e ntše. Leha ho le joalo, re ne re tseba hore re ne re tla be re tlola melao-motheo ea Bibele haeba re ne re ka patala chelete leha e le e nyenyane feela. Bara le barali ba bo rona ba ne ba fane ka monehelo oo bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli. Kahoo, e ne e tla be e le phoso ho fa ’muso chelete eo. (Mat. 22:21) Empa re ile ra ea kopanong eo ho bontša hore re hlompha lekhotla la Europe.
’Na le babuelli ba bang ba mokhatlo ka pel’a Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) ka 2010
Kopano eo e ne e tšoaretsoe ho e ’ngoe ea liphaposi tse ntle haholo lekhotleng. Hang feela ha moemeli oa lekhotla a qala ho bua, o ile a hlakisa hore o ne a lebelletse hore Lipaki Tsa Jehova tsa Fora li patale lekhetho leo ’muso o le batlang. Re ile ra susumelletseha ho mo botsa, “Na u hlokometse hore ’muso o se o ntse o nkile chelete e ka holimo ho li-euro tse 4 500 000 ho tsoa bankeng ea rona?”
O ile a makala. Ha babuelli ba ’muso ba lumela hore ehlile ke sona se etsahetseng, maikutlo a moemeli oa lekhotla ka nyeoe ena a ile a fetoha ka ho felletseng. O ile a ba khalemela ka matla eaba o re kopano eo e fele hang-hang. Ke ile ka hlokomela hore Jehova o ne a fetotse lintho ka tsela eo re neng re sa e lebella e le hore re ka hlola nyeoe eo. Re ne re thabile haholo ha re tsoa kopanong eo hape re ne re makalletse se neng se qeta ho etsahala.
Ka la 30 June 2011, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la etsa qeto e neng e lumellana le kopo ea rona. Le ile la re lekhetho leo ’muso o neng o le batla le ne le se molaong ’me o ne o lokela ho khutlisa chelete eo o neng o e nkile o be o patale le phaello. Qeto ena e entse hore borapeli ba ’nete bo tsoele pele bo sireletsehile Fora ho fihlela lena le holimo. Potso eane eo re neng re sa nahana hore re tla e botsa, e ile ea tšoana le lejoe le ileng la khohlela phatleng ea Goliathe hobane e ile ea fetola qeto e ileng ea nkoa mabapi le nyeoe ea rona. Ke hobane’ng ha re ile ra hlola? Ke hobane “ntoa ke ea Jehova” joalokaha Davida a ile a bolella Goliathe.—1 Sam. 17:45-47.
Nyeoe ena ha se eona feela eo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa e hlola. Ho theosa le lilemo, mekhatlo e matla ea lipolotiki le ea bolumeli e ile ea re hanyetsa. Leha ho le joalo, re se re hlotse linyeoe tse 1 225 makhotleng a phahameng linaheng tse 70 le makhotleng a mang lefatšeng ka bophara. Linyeoe tsena tseo re li hlotseng li re thusa ho sireletsa litokelo tsa rona tsa mantlha tse kang ho ba mokhatlo oa bolumeli o molaong, ho kopanela mosebetsing oa boboleli, ho se kenelle meketeng ea bochaba le ho hana ho tšeloa mali.
Ho tlile joang hore ke be karolo ea nyeoe e neng e le Europe empa ’na ke sebeletsa Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e New York, Amerika?
KE HOLISITSOE KE BAROMUOA BA CHESEHANG
Batsoali ba ka e leng George le Lucille Brumley, ba ne ba le tlelaseng ea bo12 ea Gileade. Hamorao ba ile ba abeloa ho e’o sebeletsa Ethiopia e leng moo ke hlahetseng teng ka 1956. Ke ile ka rehoa Philip e le ha ke rehelloa ka moevangeli Filipi oa lekholong la pele la lilemo. (Lik. 21:8) Selemo hamorao ’muso o ile oa re thibela ho tšoara liboka le ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ha ke ntse ke le monyenyane, ke hopola lelapa leso le etsa lintho tsena ka sekhukhu. Kaha ke ne ke le ngoana, ke ne ke utloa ho le monate. Empa ka masoabi, ’muso o ile oa re qobella hore re tlohe Ethiopia ka 1960.
Ha re le Addis Ababa, Ethiopia ka 1959 re etetsoe ke mor’abo rona Nathan H. Knorr (ka lehlakoreng le letšehali)
Re ile ra fallela Wichita e Kansas, Amerika, ’me batsoali ba ka ba ne ba rata mosebetsi oa boboleli joalokaha ba ne ba o rata ha e ne e le baromuoa. Ba rutile ’na le ausi oa ka Judy hammoho le ngoan’eso oa moshanyana Leslie, bao le bona ba hlahetseng Ethiopia, ho rata Jehova ka lipelo tsa rona tsohle le ho mo sebeletsa. Ke kolobelitsoe ke le lilemo li 13. Lilemo tse tharo hamorao, lelapa leso le ile la boela la fallela Arequipa e Peru moo ho neng ho e-na le tlhokahalo.
Ha ke le lilemo li 18 ka 1974, lekala la Peru le ile la khetha ’na le bara ba bang ba bo rona ba bane hore re be bopula-maliboho ba khethehileng. Re ile ra abeloa tšimo e neng e e-s’o ka e sebetsoa holimo Lithabeng tsa Andes e Bohareng. Re ne re tlameha ho pakela batho ba neng ba bua Sequechua le Seaymara. Re ne re tsamaea ka koloi eo motho a neng a ka lula ka hare ho eona eo re neng re e bitsa Areka hobane e ne e shebahala joaloka lebokose le leholo. Ke tla lula ke hopola kamoo re neng re sebelisa Bibele kateng ho bontša batho ba moo hore haufinyane Jehova o tla felisa bofutsana, ho kula le lefu. (Tšen. 21:3, 4) Ba bangata ba bona e ile ea e-ba barapeli ba Jehova.
“Areka,” 1974
HA KE QALA HO SEBELETSA NTLO-KHOLO
Ka 1977, mor’abo rona Albert Schroeder eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o ne a etetse Peru ’me o ile a nkhothalletsa ho kenya kopo ea ho e’o sebeletsa Bethele e ntlo-kholo. Kahoo, ke ile ka etsa joalo. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, ke ile ka qala ho sebeletsa Bethele e Brooklyn ka la 17 June 1977. Ka lilemo tse ’nè, ke ile ka sebetsa lefapheng la ho Hloekisa le lefapheng la ho Hlokomela Mehaho.
Ka lechato la rona ka 1979
Ka June 1978, ha ke ne ke le kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe New Orleans e Louisiana, ke ile ka kopana le Elizabeth Avallone. O ne a holisitsoe ke batsoali ba tšoanang le ba ka ba neng ba rata ho sebeletsa Jehova. Ha re kopana, o ne a se a e-na le lilemo tse ’nè e le pula-maliboho ea kamehla ’me o ne a batla ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng bophelo bohle ba hae. Re ile ra ’na ra bua ’me ha nako e ntse e ea re ile ra tsebana haholoanyane eaba re qala ho ratana. Re ile ra nyalana ka la 20 October 1979 ’me ra sebeletsa Bethele ’moho.
Phutheho ea pele eo re ileng ra kopanela ho eona ka mor’a hore re nyalane e ne e le ea Brooklyn Spanish. Bara le barali ba bo rona ba moo, ba ne ba re rata haholo. Ha lilemo li ntse li ea, re ile ra kopanela liphuthehong tse ling tse tharo. Bara le barali ba bo rona ba liphuthehong tseo, le bona ba ne ba re rata haholo ba bile ba tšehetsa tšebeletso ea rona ea Bethele. Re ananela tšehetso ea bona hammoho le ea metsoalle le ba lelapa ba ileng ba re thusa ho hlokomela batsoali ba rona ha ba ntse ba tsofala ’me ba hloka thuso.
Basebetsi ba Bethele ba neng ba kopanela phuthehong ea Brooklyn Spanish ka 1986
MOSEBETSI OA KA LEFAPHENG LA TSA MOLAO
Ke ile ka makala ha ke abeloa ho e’o sebeletsa Lefapheng la Tsa Molao ka January 1982. Lilemo tse tharo hamorao, ke ile ka koptjoa hore ke ee univesithi e le hore ke fumane lengolo la ho ba ’muelli. Ha ke ntse ke le univesithi, ke ile ka makala ha ke hlokomela hore batho ba bangata Amerika le linaheng tse ling, ba se ba e-na le bolokolohi ba ho etsa lintho tse ngata ka lebaka la linyeoe tse ileng tsa hloloa ke Lipaki Tsa Jehova. Linyeoe tsena ke tsa bohlokoa haholo hobane re ne re rutoa ka tsona khafetsa.
Ka 1986 ha ke le lilemo li 30, ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa Lefapha la Tsa Molao Bethele. Ke ne ke thabile empa ke ne ke boetse ke tšohile hobane ke ne ke le monyenyane haholo ebile ke tseba hore kabelo ena e ne e sa tl’o ba bonolo.
Ka 1988 ke ile ka fumana lengolo la ka la ho ba ’muelli empa ke ile ka hlokomela hore ho ea univesithi ho ne ho amme kamano ea ka le Jehova haholo. Thuto e phahameng e ka etsa hore motho a bone eka o phahametse ba bang hobane feela ba sa ruteha joaloka eena. Elizabeth ke eena ea ileng a nthusa. O ile a nthusa hore ke boele ke etse lintho tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa pele ke ea univesithi ho matlafatsa setsoalle sa ka le Jehova. Ho nkile nako hore setsoalle sa ka le Jehova se be matla hape. Taba ena e nthutile hore ho ba le tsebo e ngata ha se eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho ba le kamano e ntle le Jehova, ho mo rata le ho rata batho ba hae.
HO SEBELISA MOLAO HO FUMANA TOKELO EA HO BOLELA LITABA TSE MONATE
Ha ke tsoa univesithi, ke ne ke batla ho thusa Lefapha la Tsa Molao hore le sireletse mokhatlo oa Jehova le tokelo ea rona ea ho bolela litaba tse monate. Ke ne ke thabela mosebetsi oa ka haholo empa ho ne ho se bonolo hobane lintho li ne li lula li fetoha ka pelenyana ka mokhatlong oa Jehova. Ka mohlala, nakong e fetileng re ne re kopa batho hore ba ntše monehelo ha re ba fa lingoloa empa ka 1990, Lefapha la Tsa Molao le ile la koptjoa hore le tle ka leano le tla thusa hore mokhoa ona o se ke oa hlola o sebelisoa. Ka mor’a moo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qala ho fana ka lingoloa mahala. Sena se ile sa nolofatsa mosebetsi o etsoang Bethele hammoho le tšimong ’me ho fihlela hona joale, mokhoa ona o mocha o sireletsa mokhatlo hore o se ke oa ba le mathata a amanang le ho patala lekhetho. Batho ba bang ba ne ba nahana hore phetoho ena e tla etsa hore ho se ke ha hlola ho e-ba le monehelo o lekaneng bakeng sa ho hatisa lingoloa empa ho ile ha etsahala ho fapaneng. Palo ea batho ba neng ba sebeletsa Jehova ka 1990 e se e imenne ka makhetlo a fetang a mabeli ’me hona joale batho ba se ba khona ho fumana lingoloa le ho ithuta ka Jehova mahala. Ho theosa le lilemo, ke ithutile hore liphetoho tse kholo tse bileng teng ka mokhatlong oa rona li ile tsa atleha ka thuso ea Jehova le ka tataiso ea mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale.—Ex. 15: 2, Mat. 24:45.
Ha re hlole linyeoe hobane feela re e-na le babuelli ba hloahloa empa ntho e etsa’ng hore baahloli le ba boholong ba re thuse ke hobane re itšoere hantle. Ke bone mohlala oa sena ka 1998 ha bara ba bo rona ba bararo ba Sehlopha se Busang le basali ba bona ba ne ba ile likopanong tsa setereke Cuba. Ha re ne re e-ba le likopano le ba boholong pusong, re ne re lula re ba bolella hore ha re kenelle lipolotiking empa tsela eo bara bana ba bo rona ba neng ba hlompha ebile ba le mosa ka eona e ile ea fana ka bopaki ho ba boholong hore ha re kenelle lipolotiking.
Leha ho le joalo ha maemo a re tlama ho ea khotla, re “sebelisa molao ho fumana tokelo ea ho bolela litaba tse monate.” (Bafil. 1:7) Ka mohlala, ka lilemo tse ngata ba boholong pusong Europe le Korea Boroa, ba ne ba sa fe batho tokelo ea ho etsa mosebetsi o mong ho e-na le ho kenela sesole. Ka lebaka la sena, bara ba bo rona ba Europe ba ka bang 18 000 le ba Korea Boroa ba ka holimo ho 19 000, ba ile ba ea teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela sesole.
Ka la 7 July 2011, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la etsa qeto nyeoeng ea Bayatyan v. Armenia, hore linaheng tsohle tse Europe motho a ka etsa mosebetsi o mong haeba a sa khone ho kenela sesole ka lebaka la tumelo ea hae. Hamorao, Lekhotla la Molao oa Motheo la Korea Boroa le ile la nka qeto e tšoanang ka la 28 June 2018. Re ne re ke ke ra khona ho hlola linyeoe tsena tsa bohlokoa haeba ba bang ba bara ba bo rona ba ile ba nka lehlakore.
Lefapha la Tsa Molao le ntlo-kholo le makaleng a mang lefatšeng lohle le sebetsa ka thata ho sireletsa tokelo ea rona ea ho sebeletsa Jehova le ho bolela litaba tse monate. Ke tlotla e kholo ho buella bara le barali ba bo rona ba hanyetsoang ke ba boholong. Ho sa tsotellehe hore na rea hlola kapa rea hloloa makhotleng, linyeoe tsa rona li fana ka bopaki ho babusisi le marena le ho lichaba tsohle. (Mat. 10:18) Re qotsa litemana tsa Bibele litokomaneng tsa rona tsa molao leha re buella linyeoe tsa rona ka pel’a baahloli, baemeli ba ’muso, mecha ea phatlalatso le batho ka kakaretso. Sena se etsa hore ba lipelo li ntle ba ithute ka Lipaki Tsa Jehova le hore seo re se lumelang se tsoa ka Bibeleng. Ba bang ba batho bana e se ebile e le Bakreste-’moho le rona.
KEA LEBOHA JEHOVA!
Ka lilemo tse 40, ke bile le tlotla ea ho thusa liofisi tsa makala lefatšeng lohle ’me ka hlaha ka pel’a ba boholong pusong le ka pel’a makhotla a phahameng a mangata. Ke rata bara le barali ba bo rona bao ke sebetsang le bona Lefapheng la Tsa Molao mona ntlo-kholo hammoho le ba sebeletsang mafapheng a tsa molao makaleng a mang lefatšeng lohle. Ke thabile hobane Jehova o ntlhohonolofalitse haholo bophelong.
Haesale Elizabeth a ntšehelitse ka lerato ka lilemo tse 45 ho sa tsotellehe hore na ho ne ho le bonolo kapa ho le thata hakae. O ne a ntšehetsa haholo le hoja a na le boloetse bo hlaselang masole a hae a ’mele le bo etsa’ng hore a fokolloe ke matla.
Re ithutile hore ha re hlole ka lebaka la bokhoni le matla a rona. Empa joalokaha Davida a bontšitse, “Jehova ke matla a batho ba hae.” (Pes. 28:8) Kannete “ntoa ke ea Jehova.”