SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 31
PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba
Na u se u “Ithutile Seo Batho ba Bangata ba sa se Tsebeng” ka ho Khotsofala?
“Ke ithutile ho khotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.”—Bafil. 4:11.
NTLHA-KHOLO
Re tl’o ithuta ho khotsofala ka hore re hlaolele ho ba batho ba nang le kananelo, ba tsepamisang mohopolo ho seo Jehova a se batlang ebile ba ikokobelitse, le ba nahanisisang ka tšepo ea bona ka bokamoso.
1. Ho khotsofala ho bolela eng, hona ha ho bolele eng?
NA U motho ea khotsofalang? Motho ea khotsofalang oa thaba ebile o ba le khotso ka lebaka la ho tsepamisa maikutlo litlhohonolofatsong tseo a nang le tsona. Ha a koate kapa hona ho halefa hobane ho na le lintho tseo a se nang tsona. Leha ho le joalo, ho khotsofala ha ho bolele hore re lokela ho ba batho ba sa tsotelleng. Ka mohlala, ho loketse hore Mokreste a etse boiteko ba ho batla menyetla ea ho eketsa tšebeletso ea hae. (Bar. 12:1; 1 Tim. 3:1) Leha ho le joalo, haa koate ha a sa fumane litokelo kapele kamoo a neng a lebelletse kateng.
2. Ke hobane’ng ha ho se khotsofale ho le kotsi?
2 Ho se khotsofale ho ka etsa hore ho be le litla-morao tse bohloko. Batho bao ho se nang mohla ba khotsofallang lintho tseo ba nang le tsona, ba ka ’na ba sebetsa lihora tse ngata e le hore ba be le lintho tseo ha e le hantle ba sa li hlokeng. Ka masoabi, Bakreste ba bang ba ile ba utsoa chelete le lintho tse ling tseo ba li batlang. Mohlomong ba ile ba ipolella ba re, ‘le ’na ntho ena e lokela ho ba ea ka,’ ‘e se e le nako e telele ke e emetse,’ kapa ‘ke tla patala chelete ena hamorao.’ Leha ho le joalo, ho utsoa leha e le ka tsela efe ha ho thabise Jehova ebile ho a mo hlompholla. (Liprov. 30:9) Ba bang ba ile ba soetseha ha ba sa fumane litokelo hoo qetellong ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova ka ho felletseng. (Bagal. 6:9) Ho tla joang hore motho ea inehetseng ho Jehova a nahane ka tsela e joalo? E ka ’na eaba bothata e ile ea e-ba hore hanyane ka hanyane motho eo o ile a qala ho se khotsofale.
3. Ke eng e ka re khothatsang eo re ithutang eona lengolong la Bafilipi 4:11, 12?
3 Kaofela ha rona re ka khona hore re be batho ba khotsofalang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke ithutile ho khotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.” (Bala Bafilipi 4:11, 12.) O ile a ngola mantsoe ana ha a ntse a le teronkong. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a lahleheloa ke thabo ea hae kaha o “ithutile seo batho ba bangata ba sa se tsebeng” ka ho khotsofala. Haeba ho le thata hore re khotsofale, mohlala oa Pauluse le mantsoe a hae aa re tiisetsa hore re ka khona ho ba batho ba khotsofalang. Ha rea lokela ho lebella hore ho tla ba bonolo hore re khotsofalle maemo a rona. Ho e-na le hoo, re lokela ho ithuta ho ba batho ba khotsofalang. Re ka etsa seo joang? A re hlahlobeng makhabane a tla re thusa hore re ithute seo batho ba bangata ba sa se tsebeng ka ho khotsofala.
HLAOLELA KANANELO
4. Ho ba le kananelo ho re thusa joang hore re khotsofale? (1 Bathesalonika 5:18)
4 Ho ananela ho etsa hore motho a khotsofale. (Bala 1 Bathesalonika 5:18.) Ka mohlala, haeba e le kannete re ananela lintho tseo re nang le tsona bophelong, re ke ke ra tšoenyeha haholo ka lintho tseo re li batlang empa re se na tsona. Ha re ananela likabelo tseo re nang le tsona, re tla nahana ka ho etsa sohle seo re ka se khonang likabelong tseo, ho e-na le ho lula re nahana ka ho fumana likabelo tse ncha. Ha se feela Mangolo a re khothalletsang hore re tsoele pele ho leboha Jehova ha re rapela. Ha re le batho ba ananelang, re tla ba le “khotso [ea Molimo] eo batho ba ke keng ba e utloisisa.”—Bafil. 4:6, 7.
5. Baiseraele ba ne ba e-na le mabaka afe a ho bontša kananelo? (Sheba setšoantšo.)
5 Nahana ka se ileng sa etsahalla Baiseraele. Ka makhetlo a mangata, ba ile ba tletleba ho Jehova ka hore ha ba na lijo tseo ba neng ba li thabela Egepeta. (Num. 11:4-6) Ke ’nete hore bophelo bo ne bo se bonolo lefeelleng. Empa ba ka be ba thusitsoe ke eng hore ba khotsofale? Ba ka be ba ile ba hopola lintho tsohle tseo Jehova a neng a se a ba etselitse tsona ’me ba li ananela. Hape ba ka be ba ile ba hopola hore ha e ntse e le makhoba Egepeta ’me ba tšoaroe hampe, Jehova o ile a tlisetsa Baegepeta likotlo tse leshome eaba oa ba pholosa. Ka mor’a hore ba lokolloe, ba ile “ba nkela Baegepeta lintho tsohle tsa bona” joaloka silevera, khauta le liaparo. (Ex. 12:35, 36) Ha Baiseraele ba ne ba eme le monna oa mateneng leoatleng le lefubelu, ka mohlolo Jehova o ile a arola metsi a leoatle e le hore ba khone ho feta. Ha ba ntse ba tsamaea lefeelleng, Jehova o ile a ba fepa letsatsi le leng le le leng ka manna. Joale bothata ba Baiseraele e ne e le bofe? Ba ne ba sa khotsofale, eseng hobane ba ne ba se na lijo tseo ba li hlokang empa hobane ba ne ba sa ananele lintho tseo ba neng ba e-na le tsona.
Ke hobane’ng ha Baiseraele ba sa ka ba khotsofala? (Sheba serapa sa 5)
6. Re ka hlaolela ho bontša kananelo ka litsela life?
6 Kahoo, u ka hlaolela ho bontša kananelo joang? Ntlha ea pele, iphe nako letsatsi le leng le le leng ea ho nahana ka lintho tse molemo tseo u li thabelang. U ka ’na oa ngola lintho tse peli kapa tse tharo tseo u li ananelang. (Lillo 3:22, 23) Ea bobeli, bolella batho ba u etselitseng ntho e itseng hore oa leboha. Ka holim’a tsohle, leboha Jehova kamehla. (Pes. 75:1) Ea boraro, etsa bonnete ba hore metsoalle ea hao e haufi-ufi ke batho ba ananelang. Ho ananela hoa tšoaetsa, le ho se khotsofale hoa tšoaetsa. (Deut. 1:26-28; 2 Tim. 3:1, 2, 5) Ha re batla menyetla ea ho leboha batho ba bang, boikutlo ba ho se khotsofale bo tla fokotseha.
7. Ke eng e ileng ea thusa Morali oa bo rona Aci hore a khotsofale?
7 Nahana ka se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Aci, ea lulang Indonesia. O re: “Nakong ea seoa sa COVID-19, ke ile ka qala ho bapisa maemo a ka le a Bakreste-’moho le ’na. Qetellong, ke ile ka ba motho ea sa khotsofaleng.” (Bagal. 6:4) O ile a thusoa ke eng hore a fetole monahano oa hae? O re: “Ke ile ka qala ho nahana ka litlhohonolofatso tseo ke neng ke li fumana letsatsi le leng le le leng. Ka boela ka nahana ka lintho tse ngata tse ntle tseo ke nang le tsona ka lebaka la ho ba karolo ea mokhatlo oa Molimo. Ka mor’a moo, ke ile ka leboha Jehova ka lintho tsena. Qetellong, ke ile ka ikutloa ke khotsofetse e le kannete.” Haeba u ikutloa u sa khotsofala ka lebaka la maemo a hao, etsa seo Morali oa bo rona Aci a ileng a se etsa e le hore u ananele?
TSEPAMISA MOHOPOLO HO SEO JEHOVA A SE BATLANG ’ME U LULE U IKOKOBELITSE
8. Baruke o ile a oela lerabeng lefe?
8 Baruke eo e neng e le mongoli oa moprofeta Jeremia, o ile a oela lerabeng la ho se khotsofale ka nakoana. Baruke o ne a e-na le mosebetsi o boima. O ile a tšehetsa Jeremia ha a ne a bolella sechaba se sa ananeleng molaetsa o boima. Ho na le nako eo Baruke a ileng a hloleha ho tsepamisa mohopolo ho seo Jehova a neng a batla hore a se etse. Ho e-na le hoo, o ile a qala ho inahana boeena le ho nahana ka seo a neng a batla ho se etsa. Jehova o ile a re ho Baruke a sebelisa Jeremia: “U ntse u ipatlela lintho tse kholo. Khaotsa ho li batla.” (Jer. 45:3-5) Ka mantsoe a mang o ne a re: “Khotsofalla maemo a hao.” Baruke o ile a amohela khalemelo ’me a lula e le motsoalle oa Jehova ea haufi.
9. Ho ea ka 1 Bakorinthe 4:6, 7, boikokobetso bo tla u thusa hore u hlokomele eng? (Sheba setšoantšo.)
9 Ka linako tse ling, Mokreste a ka ’na a ikutloa eka o tšoaneloa ke ho fuoa tokelo e itseng tšebeletsong. E ka ’na eaba ke motho ea nang le talenta, ea sebetsang ka thata, ea nang le boiphihlelo kapa mohlomong o na le tsona kaofela. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba fuoa tokelo eona eo a neng a ka thabela hore a e fuoe. A ka thusoa ke eng hore taba ee e se ke ea mo utloisa bohloko? A ka nahana ka seo moapostola Pauluse a se ngotseng ho 1 Bakorinthe 4:6, 7. (E bale.) Litokelo le litalenta tsohle tseo re nang le tsona li tsoa ho Jehova. Ha aa re fa lintho tsena hobane re le bohlokoa ho feta batho ba bang. Ho e-na le hoo, lintho tsena kaofela li bontša mosa o sa tšoanelang oa Jehova.—Bar. 12:3, 6; Baef. 2:8, 9.
Mpho efe kapa efe eo re nang le eona ke ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova (Sheba serapa sa 9)b
10. Re ka hlaolela boikokobetso joang?
10 Re ka hlaolela boikokobetso ka hore re nahane ka botebo ka mohlala oo Jesu a re behetseng oona. Nahana ka se ileng sa etsahala bosiung boo Jesu a ileng a hlatsoa maoto a baapostola ba hae. Moapostola Johanne o ile a re: “Kaha Jesu o ne a tseba hore [1] Ntate oa hae o mo file lintho tsohle le [2] hore o tsoa ho Molimo ’me [3] o khutlela ho eena, . . . a hlatsoa maoto a barutuoa.” (Joh.13:3-5) Jesu a ka be a ile a utloa e le eena ea tšoaneloang ke ho hlatsuoa maoto. Empa ha a ntse a le lefatšeng, ha ho le ka mohla a ileng a utloa a tšoaneloa ke bophelo bo atlehileng le bo mabotho-botho. (Luka 9:58) O ne a ikokobelitse ebile a khotsofetse. O re behetse mohlala o motle.—Joh. 13:15.
11. Boikokobetso bo ile ba thusa Mor’abo rona Dennis joang hore a khotsofale?
11 Mor’abo rona Dennis ea tsoang Netherlands, o ile a leka ho latela mohlala oa Jesu oa boikokobetso empa ho ne ho se bonolo. O re: “Ka linako tse ling, ke ee ke hlokomele hore boikutlo ba ho ikhohomosa kapa ho se khotsofale boa hola ka hare ho ’na, joalokaha ke bona motho e mong a fumana kabelo e itseng. Ha seo se etsahala, ke ithuta ka tšobotsi ea boikokobetso. Ho JW Library® app, ke entse tag ea mangolo a itseng a buang ka ho ikokobetsa e le hore nka a fumana kapele ebe kea bala hape. Ke boetse ke daonloudile lipuo tse buang ka boikokobetso fonong ea ka ’me ke li mamela hangata.a Ke ithutile hore mesebetsi eohle eo re e etsang re e etsa e le hore re tlotlise Jehova, eseng rona. Ka mosa, Jehova o lumelletse e mong le e mong oa rona hore a phethe karolo e nyenyane, empa ke eena ea etsang hore mosebetsi o atlehe.” Haeba u qala ho ikutloa u sa khotsofalle boemo ba hao, nka mehato e loketseng e le hore u hlaolele boikokobetso. Seo se tla matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova ’me se tla u thusa hore u khotsofale.—Jak. 4:6, 8.
NAHANISISA KA TŠEPO EA HAO KA BOKAMOSO
12. Ke tšepo efe ka bokamoso e re thusang hore re khotsofale? (Esaia 65:21-25)
12 Ha re thuisa ka tšepo e babatsehang ka bokamoso, re ikutloa re khotsofetse haholo. Mantsoe a Jehova a tlalehiloeng ke moprofeta Esaia a bontša hore Jehova oa utloisisa hore mehleng ena bophelo boa nyahamisa ’me oa re tiisetsa hore o tla tlosa mathata ao a re nyahamisang. (Bala Esaia 65:21-25.) Re tl’o phela re sireletsehile ’me re lula matlong a matle. Re tl’o thabela mosebetsi ’me re je lijo tse monate le tse nang le phepo. Ha re sa tla hlola re tšoenyeha ka hore re tla hlaheloa ke lintho tse kotsi kapa li hlahele bana ba rona. (Esa. 32:17, 18; Ezek. 34:25) Bokamoso ba rona boa thabisa ebile bo sireletsehile.
13. Ke maemong afe ka ho khetheha ao ho ’ona re hlokang hore re nahane ka tšepo ea rona ea bokamoso?
13 Ke hobane’ng ha ka ho khetheha e le habohlokoa ho lula re nahana ka tšepo ea rona ka bokamoso? Hobane re phela “matsatsing a ho qetela” ’me kaofela ha rona re na le mathata ao ‘ho leng thata ho sebetsana le ’ona.’ (2 Tim. 3:1, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Letsatsi le leng le le leng Jehova o re thusa hore re mamelle ka ho re fa tataiso, matla le tšehetso eo re e hlokang. (Pes. 145:14) Ho ekelletsa moo, tšepo ea rona e ka re thusa haholo-holo ha re e-na le mathata. Mohlomong u sebetsa ka thata hore u hlokomele lelapa la hao ka lintho tseo le li hlokang. Na see se bolela hore le tla lula le sotleha ho ea ho ile? Kannete ha ho joalo! Jehova o u tšepisisa hore Paradeiseng o tla u fa lintho tsohle tseo u li hlokang le tse ling tse ngata-ngata. (Pes. 9:18; 72:12-14) Mohlomong u lula u opeloa, u na le khatello ea maikutlo kapa u na le boloetse bo bong bo sa foleng. Na see se bolela hore u tla lula u sotleha ho ea ho ile le hore u ke ke oa ba betere? Ha ho joalo. Ho kula le lefu ha li sa tla hlola li e-ba teng lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšen. 21:3, 4) Tšepo ena e re thusa hore re khotsofale hona joale le hore re se ke ra utloa bohloko kapa ra koata ka lebaka la lintho tse re etsahallang. Re ka lula re khotsofetse ha re tšoaroa ka ho hloka toka, re lahleheloa ke motho eo re mo ratang, re mamella ho kula kapa re hlaheloa ke lintho tse ling tse bohloko bophelong. Hobane’ng? Hobane ho sa tsotellehe hore na mathata a rona a boima hakae hona joale, rea tseba hore kea “nakoana” le hore lefatše le lecha le tl’o re tlisetsa tharollo ea moshoelella.—2 Bakor. 4:17, 18.
14. Re ka matlafatsa tšepo ea rona joang?
14 Kaha ke habohlokoa hore re be le tšepo e le hore re khotsofale, re ka matlafatsa tšepo eo joang? Feela joalokaha motho a ka hloka likhalase tsa mahlo e le hore a bone lintho tse hole, le rona re ka ’na ra hloka ho nka mehato e loketseng ho matlafatsa tšepo ea rona e le hore re ka bona Paradeise ka ho hlakileng. Ka mohlala, ha re ikutloa re tšoenyehile haholo hobane ho le thata ho ba le chelete e lekaneng bakeng sa ho phela, re ka nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang ha re se re sa hloke chelete ’me ho se na motho ea sotlehileng. Haeba re tšoenyehile ka litokelo tseo re e-s’o ka re li fumana, re ka nahana kamoo litokelo tseo e ke keng ea hlola e e-ba tsa bohlokoa ka mor’a hore re phethahale ’me re se re sebelelitse Jehova ka lilemo tse likete. (1 Tim. 6:19) Hona joale re tšoenyeha ka lintho tse ngata hoo ho ka bang thata ho nahana ka litšepiso tsa nako e tlang. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e-ea, ho tla itlela feela ho nahana ka bokamoso boo Jehova a re tšepisitseng bona.
15. U ithuta’ng ho seo Morali oa bo rona Christa a se buileng?
15 Nahana kamoo ho ba le tšepo ho ileng ha thusa Morali oa bo rona Christa ea nyetsoeng ke Mor’abo rona Dennis, eo re buileng ka eena pejana. O re: “Ke na le bokuli ba mesifa bo sa foleng bo nqobellang hore ke sebelise wheelchair le hore boholo ba nako ke lule ke le betheng. Ke lula ke opeloa letsatsi le leng le le leng. Ngaka ea ka e sa tsoa mpolella hore maemo a ka aa hlobaetsa. Empa kapele ke ile ka re, ‘o bona bokamoso ka tsela e fapaneng le ea ka.’ Ke nahana ka tšepo eo ke nang le eona ’me e mpha khotso ea kelello. Hona joale nka ’na ka tlameha ho mamella ho phela lefatšeng lena empa ke tla thabela ho phela lefatšeng le lecha ka ho felletseng.”
“BA MO TŠABANG HA BA HLOKE LETHO”
16. Ke hobane’ng ha Morena Davida a ile a re ‘ba tšabang Jehova ha ba hloke letho’?
16 Mohlanka oa Jehova ea khotsofetseng o ntse a tla kopana le mathata. Morena Davida o ile a utloisoa bohloko ke ho lahleheloa ke bonyane bana ba bararo. O ile a qosoa ka liqoso tsa bohata, a soetsoa eaba ea e-ba mophaphathehi hobane ba ne ba batla ho mo bolaea. Ho ntse ho le joalo, nakong eo a neng a mamelletse teko e boima o ile a re ka Jehova: “Ba mo tšabang ha ba hloke letho.” (Pes. 34:9, 10) Ke hobane’ng ha a ne a ka cho joalo? Hobane le hoja re le batho ba Jehova, ha rea lebella ho phela bophelo bo se nang mathata. Re kholisehile hore re tla lula re e-na le lintho tseo re li hlokang e le kannete. (Pes. 145:16) Re ka tšepa hore Jehova o tla re thusa hore re mamelle mathata a rona. Re ka khona hore re khotsofale.
17. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho ithuta seo batho ba sa se tsebeng ka ho khotsofala?
17 Jehova o batla hore u khotsofale. (Pes. 131:1, 2) Kahoo, leka ka thata ho ithuta ka seo batho ba sa se tsebeng ka ho khotsofala. Haeba u sebetsa ka thata ho hlaolela ho ananela, ho lula u ikokobelitse le ho matlafatsa tšepo ea hao ka bokamoso, u tla khona hore u re: ‘Kannete ke khotsofetse.’—Pes. 16:5, 6.
PINA EA 118 Re Thuse ho ba le Tumelo
a Ka mohlala, shebella lenaneo la Borapeli ba Hoseng le nang le sehlooho se reng Jehova o Hlokomela Batho ba Ikokobelitseng le le nang le sehlooho se reng Na U Ikokobelitse Kapa oa Ikhohomosa? ho jw.org/st.
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona o etsa mosebetsi oa ho hlokomela moaho oa mokhatlo, morali oa bo rona ea ithutileng puo ea matsoho o botsoa lipotso kopanong ea potoloho ’me mor’abo rona o fana ka puo ea phatlalatsa.