Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 June maq. 14-19
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA RE TSEBE HORE NA BOFELO BO TLA NENG
  • HA RE TSEBE HORE NA JEHOVA O TLA ETSA’NG
  • HA RE TSEBE HORE NA HO TLA ETSAHALA’NG KA MOSO
  • RE KE KE RA UTLOISISA KA HO FELLETSENG HORE NA JEHOVA O RE TSEBA HAKAE
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Moemeli oa Lekala
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 June maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 26

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng

“Ha ho na motho ea ka utloisisang Ea Matla ’Ohle.”—JOBO 37:23.

NTLHA-KHOLO

Le hoja re sa tsebe lintho tsohle, ka boikokobetso re ka lula re mamelletse mathata haeba re ameha ka lintho tseo re li tsebang ebile re tšepa Jehova.

1. Jehova o re file bokhoni bofe, hona hobane’ng?

JEHOVA o re bopile re e-na le bokhoni ba ho nahana, ho ba le tsebo, ho ba le kutloisiso le ho sebelisa seo re ithutang sona. Ke hobane’ng ha a re bopile ka tsela ee? Hobane o batla hore re ‘mo tsebe’ le hore re etse liqeto tse bohlale ha re ntse re mo sebeletsa re itšetlehile ka seo re ithutileng sona.—Liprov. 2:​1-5; Bar. 12:1.

2. (a) Ke eng eo re lokelang ho e utloisisa ka rona? (Jobo 37:​23, 24) (Sheba setšoantšo.) (b) Re rua molemo ofe haeba ka boikokobetso re utloisisa hore re ke ke ra tseba lintho tsohle?

2 Le hoja re e-na le bokhoni ba ho ithuta, re ke ke ra tseba lintho kaofela. (Bala Jobo 37:​23, 24.) Nahana ka mohlala oa Jobo. Jehova o ile a mo botsa lipotso tse ngata tse ileng tsa mo bontša hore ha e le hantle ho na le lintho tse ngata tseo a sa li tsebeng. Puisano ena e ile ea thusa Jobo hore a ikokobetse le hore a lokise tsela eo a nahanang ka eona. (Jobo 42:​3-6) Le rona re rua molemo haeba ka boikokobetso re utloisisa hore ha re tsebe lintho tsohle. Ha re ikokobelitse, re tla susumelletseha ho tšepa hore Jehova o tla re bolella lintho tseo kannete re hlokang ho li tseba e le hore re etse liqeto tse bohlale.—Liprov. 2:6.

Khanya e tsoang maruong e khantšetsa Jobo ha Jehova a ntse a bua le eena. Elihu le metsoalle e meraro ea Jobo e shebelletse e le haufi.

Ha re utloisisa hore ho na le lintho tseo re sa li tsebeng, sena se ka re tsoela molemo joaloka Jobo (Sheba serapa sa 2)


3. Re tl’o tšoha eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tl’o tšohla tse ling tsa lintho tseo re sa li tsebeng le mathata ao re ka bang le ’ona ka lebaka la ho se li tsebe. Re tla boela re ithute hore na ke hobane’ng ha ho le molemo hore ebe tse ling tsa lintho tsena ha re li tsebe. Ho tšohla lintlha tsena ho tla matlafatsa kholiseho ea rona ea hore Jehova “ea nang le tsebo e phethahetseng” o re bolella lintho tseo kannete re hlokang ho li tseba.—Jobo 37:16.

HA RE TSEBE HORE NA BOFELO BO TLA NENG

4. Ho ea ka Matheu 24:​36, ke eng eo re sa e tsebeng?

4 Bala Matheu 24:36. Ha re tsebe hore na bofelo ba lefatše lena bo tla neng. Jesu le eena o ne a sa tsebe “letsatsi leo kapa hora” ha a ne a le lefatšeng.a Hamorao o ile a bolella baapostola ba hae hore Jehova, e leng ’Moloki e Moholo oa Nako, o beha nako ea liketsahalo tse itseng ‘taolong ea hae’ kapa bolaoling ba hae. (Lik. 1:​6, 7) Jehova o se a behile nako ea hore na bofelo bo tla neng empa rona re ke ke ra tseba hantle hore na bo tla neng.

5. Taba ea hore ha re tsebe hore na bofelo bo tla neng e ka re ama joang?

5 Ho ea ka seo Jesu a se buileng, ha re tsebe hore na re lokela ho ema nako e kae pele bofelo bo fihla. Kahoo, ho ka etsahala hore re fele pelo kapa re nyahame, haholo-holo haeba re se re e-na le nako e telele re emetse hore letsatsi la Jehova le fihle. Re ka boela ra fumana ho le thata ho mamella ho songoa ke ba malapa kapa ke batho ba bang. (2 Pet. 3:​3, 4) Re ka ’na ra nahana hore haeba re ne re tseba hore na bofelo bo tla neng, mohlomong ho ne ho ka ba bonolo ho mamella ha batho ba re soma.

6. Ke hobane’ng ha re ka re ke hantle hore ebe ha re tsebe hore na bofelo bo tla neng?

6 Ha e le hantle, ha Jehova a sa re bolelle hore na bofelo bo tla neng, o re fa monyetla oa ho bontša hore re mo sebeletsa hobane re mo rata re bile re mo tšepa. Ha re sebeletse Jehova hobane re tatetse hore letsatsi le itseng le fihle joalokaha eka tumelo ea rona e felloa ke nako. Ho e-na le hore re lule re nahana ka hore na “letsatsi la Jehova” le tla neng, ho molemo hore re amehe ka lintho tse ntle tse tla etsahala ka mor’a letsatsi leo. Ha re etsa joalo, re tla lula re le haufi le Molimo ’me re mo tšepe le ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa.—2 Pet. 3:​11, 12.

7. Ke eng eo re e tsebang?

7 Ke hantle hore re lule re nahana ka seo re se tsebang, e leng hore matsatsi a ho qetela a qalile ka 1914. Jehova o re file boprofeta ba Bibele bo re bolellang ka hore na matsatsi a ho qetela a tla qala ka selemo sefe le hore na ho tla etsahala’ng ka mor’a selemo seo. Kahoo, re kholisehile hore “letsatsi le leholo la Jehova le haufi.” (Sof. 1:14) Re boetse re tseba mosebetsi oo Jehova a batlang hore re o etse, e leng oa ho bolella batho ba bangata kamoo re ka khonang “litaba tse monate tsa ’Muso.” (Mat. 24:14) Molaetsa ona o boleloa linaheng tse ka bang 240 ka lipuo tse fetang tse 1 000. Kahoo, ha re hloke ho tseba “letsatsi leo kapa hora” e le hore re ka chesehela ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa.

HA RE TSEBE HORE NA JEHOVA O TLA ETSA’NG

8. Polelo e reng “mosebetsi oa Molimo oa ’nete” e bolela’ng? (Moeklesia 11:5)

8 Ha se kamehla re ka tsebang “mosebetsi oa Molimo oa ’nete.” (Bala Moeklesia 11:5.) Polelo ena e bolela seo Jehova a se etsang kapa a lumellang hore se etsahale e le hore a phethahatse thato ea hae. Ka mohlala, ha re tsebe hantle hore na ho etsahala’ng ha ngoana a ntse a hola ka popelong ea ’mè oa hae, e leng ntho eo bo-rasaense ba ntseng ba sa e utloisise le hona joale. Ka tsela e tšoanang, ha re tsebe hantle hore na ke hobane’ng ha Jehova a ka lumella ntho e itseng hore e etsahale kapa hore na ha e le hantle o tla re thusa joang.—Pes. 37:5.

9. Taba ea hore ha re tsebe hore na Jehova o tla re thusa joang e ka etsa hore re ikutloe joang?

9 Taba ea hore ha re tsebe hore na Jehova o tla etsa’ng ho re thusa, e ka etsa hore re tsila-tsile ho etsa liqeto tse itseng. Re ka qea-qea ho nka qeto ha re lokela ho tela lintho tse itseng e le hore re eketse tšebeletso ea rona, joaloka ho phela bophelo bo itekanetseng kapa ho fallela sebakeng se seng moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi ba ’Muso. Ka linako tse ling re ka ’na ra ipotsa hore na ebe Jehova o ntse a re amohela haeba re sa khone ho finyella lipakane tseo re ipehetseng tsona tšebeletsong, re sebetsa ka thata tšebeletsong ea tšimo empa re bona eka re hamela letanteng, kapa re kopana le mathata mosebetsing o mong oo re o etsang ka mokhatlong.

10. Ho se tsebe tsela eo Jehova a tla re thusa ka eona ho ka etsa hore re hlaolele ho ba batho ba joang?

10 Taba ea hore ha re tsebe hore na Jehova o tla re thusa joang, ha e le hantle e re thusa hore re hlaolele tšobotsi ea bohlokoa e leng boikokobetso. Rea hlokomela hore menahano ea Jehova le litsela tsa hae li phahametse tsa rona. (Esa. 55:​8, 9) Re boetse re ithuta ho tšepa Jehova le ho feta le ho itšetleha ka eena e le hore re atlehe. Ha re atleha mosebetsing oa boboleli kapa mosebetsing o mong oo re o etsang ka mokhatlong, thoriso e ea moo e tšoanelang ho ea, e leng ho Jehova. (Pes. 127:1; 1 Bakor. 3:7) Haeba lintho li sa etsahale ka tsela eo re neng re e lebelletse, re lokela ho hopola hore Jehova ke eena ea tsebang lintho tsohle. (Esa. 26:12) Kahoo, re etsa karolo ea rona ’me re lula re tšepile hore Jehova o tla phetha karolo ea hae. Re kholisehile hore o tla re fa tataiso eo re e hlokang le hoja a ke ke a etsa ka tsela ea mohlolo e tšoanang le eo ka linako tse ling a neng a etsa ka eona nakong e fetileng.—Lik. 16:​6-10.

11. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re li tsebang?

11 Lula u hopola hore Jehova oa re rata, o na le toka ebile o bohlale. Rea tseba hore o ananela haholo seo re mo etsetsang sona le seo re se etsetsang Bakreste-’moho le rona. Hape rea tseba hore Jehova o lula a putsa ba mo tšepahallang.—Baheb. 11:6.

HA RE TSEBE HORE NA HO TLA ETSAHALA’NG KA MOSO

12. Ho ea ka Jakobo 4:​13, 14, ke eng eo re sa e tsebeng?

12 Bala Jakobo 4:​13, 14. ’Nete ea bohlokoa ke hore ha re tsebe hore na tsa hosane li re tšoaretse’ng. Mehleng ena ea bofelo, re hlaheloa ke lintho “ka tšohanyetso ka nako eo [re] sa e lebellang.” (Moek. 9:11) Ka lebaka leo, ha re tsebe hore na merero ea rona e tla atleha kapa hona hore na re tla lula re phela e le hore re e phethahatse.

13. Ho se tsebe se tla etsahala ka bokamoso ba rona ho re ama joang?

13 Taba ea hore ha re tsebe hore na ho tla etsahala’ng bophelong ba rona, e ka etsa hore ho be thata hore re mamelle liteko. Joang? Re ka ’na ra tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng ’me seo sa re hlokisa thabo. Re ka hlaheloa ke lintho tse bohloko ka tšohanyetso eaba re utloa bohloko haholo ra ba ra ferekana. Ha lintho li sa tsamaee ka tsela eo re neng re e lebelletse, re ka nyahama le ho utloa bohloko.—Liprov. 13:12.

14. Thabo ea rona e itšetlehile ka eng? (Sheba setšoantšo.)

14 Ha re mamella mathata, re paka hore ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, re sebeletsa Ntate oa rona ea leholimong hobane re mo rata eseng hobane re ichebile borona. Litlaleho tsa Bibele li bontša hore ha rea lokela ho lebella hore Jehova a re sireletse linthong tsohle tse tla re utloisa bohloko ebile haa rere esale pele hore na re tla etsahalloa ke’ng bophelong. Oa tseba hore thabo ea rona ha ea itšetleha ka hore re tsebe hore na bokamoso bo re tšoaretse’ng. Ho e-na le hoo, e itšetlehile ka hore re batle tataiso ea hae le ho mo mamela. (Jer. 10:23) Ha re batla tataiso ea hae ha re etsa liqeto, ha e le hantle re re: “Haeba Jehova a rata, re tla phela ebe re etsa hona kapa hoane.”—Jak. 4:15.

Litšoantšo: 1. Ntate le mora oa hae ba ntse ba hlophisa mokotla oa tšohanyetso. Ba kenya Bibele ka mokotleng hammoho le lintho tseo ba tla li hloka ha boemo ba tšohanyetso bo hlaha. 2. Ntate, ’mè le mora ba itširelelitse ka tenteng ha pula e ntse e na. Ba sebelisa lintho tseo ba neng ba li tšetse ka mokotleng oa tšohanyetso ha ba se ba hlahetsoe ke boemo bona ba tšohanyetso.

Ho batla tataiso ea Jehova le ho e mamela hoa re sireletsa (Sheba serapa sa 14 le 15)b


15. Re tseba eng ka bokamoso?

15 Le hoja re sa tsebe hore na letsatsi ka leng le re tšoaretse eng, rea tseba hore Jehova o re tšepisitse bophelo bo sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng. Rea tseba hore a ke ke a bua leshano ’me ha ho letho le ka mo thibelang hore a phethahatse litšepiso tsohle tsa hae. (Tite 1:2) Ke eena feela ea ‘profetang qetello esale qalong ’me ho tloha khale o bolela lintho tse e-s’o etsoe.’ Lintho tsohle tseo a ileng a li profeta li ile tsa phethahala ’me lintho tseo a li profetileng ka bokamoso li ntse li tla phethahala. (Esa. 46:10) Kahoo re kholisehile hore ha ho letho le ka thibelang Jehova hore a re rate. (Bar. 8:​35-39) O tla re fa bohlale, matšeliso le matla ao rea hlokang hore re mamelle ntho leha e le efe e ka re hlahelang. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa le ho re hlohonolofatsa.—Jer. 17:​7, 8.

RE KE KE RA UTLOISISA KA HO FELLETSENG HORE NA JEHOVA O RE TSEBA HAKAE

16. Joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 139:​1-6, Jehova o tseba eng ka rona ’me seo se etsa hore u ikutloe joang?

16 Bala Pesaleme ea 139:​1-6. ’Mopi oa rona oa tseba hore na re bopiloe joang, re ikutloa joang le hore na re nahana eng. Tsela eo a re ratang ka eona ha e fetohe. O tseba seo re se buang le hore na re ne re batla ho re’ng ebile o tseba seo re se etsang le hore na ke hobane’ng ha re se etsa. Joalokaha Morena Davida a boletse, Jehova o lula a re hlokometse ’me ha ho mohla a tla hloleha ho re thusa. Ho thabisa hakaakang hore ebe ’Musi oa Lintho Tsohle, ’Mopi ea matla ’ohle oa leholimo le lefatše oa re tsotella. Davida a ileng a re: “Tsela eo u ntsebang ka eona ea hlolla. Ho thata hore ke e utloisise.”—Pes. 139:6.

17. Ke eng e ka etsang hore ho be thata hore re lumele hore Jehova o re tseba hantle?

17 Ho ka ba thata hore re nke Jehova e le Ntate oa rona ea lerato le ea re tsotellang, mohlomong ka lebaka la tsela eo re holisitsoeng ka eona, setso sa rona kapa lintho tseo re neng re li lumela pele re ithuta ’nete. Re ka ’na ra utloa eka liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng li mpe haholo hoo Jehova a ke keng a batla ho utloa letho ka rona le hore o hole haholo le rona. Ka matsatsi a mang, Davida le eena o ne a ikutloa joalo. (Pes. 38:​18, 21) Motho e mong ea sebetsang ka thata hore a phele ka melao ea Molimo e lokileng a ka ’na a ipotsa a re, ‘Haeba ehlile Molimo oa ntseba, ke hobane’ng ha a ka lebella hore ke fetohe ho e-na le ho nkamohela ka tsela eo ke leng ka eona?’

18. Re rua molemo joang ha re amohela hore Jehova o re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng? (Sheba setšoantšo.)

18 Re lokela ho ithuta ho amohela hore Jehova o re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng ’me o bona lintho tse ntle ho rona tseo re sa li boneng. Le hoja a bona liphoso tsa rona a bile a utloisisa hore na ke hobane’ng ha re ikutloa le ho etsa lintho ka tsela eo re li etsang ka eona, oa re rata. (Bar. 7:15) Ha re hlokomela hore Jehova o bona bokhoni ba rona, seo se ka re fa matla ao rea hlokang a hore re mo sebeletse ka botšepehi ebile re thabile.

Litšoantšo: 1. Mor’abo rona ea nyahameng o shebile ka ntle ka fensetere ’me ho lefifi ebile pula ea na. 2. O Paradeiseng ’me o hloa thaba le metsoalle ea hae a ntse a bohile popo e ntle.

Jehova o re thusa hore re mamelle mathata a ka re hlahelang re sa lebella ka hore a re thuse ho matlafatsa tumelo ea rona ha re nahana ka linako tse monate tseo re tla ba le tsona lefatšeng le lecha (Sheba serapa sa 18 le 19)c


19. Ke eng eo re e tsebang ka Jehova eo re kholisehileng ka eona?

19 Rea tseba hore Jehova ke lerato. Kannete ha re belaelle taba eo. (1 Joh. 4:8) Re boetse rea tseba hore melao ea hae e lokileng e re bontša kamoo a re ratang kateng ’me o lula a re batlela se molemo. Hape rea tseba hore Jehova o batla hore re phele ka ho sa feleng. O fane ka tefo ea topollo e le hore sena se ka etsahala. Mpho ea tefo ea topollo ea re kholisa hore ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rona, re ka khona ho atleha ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a e batlang. (Bar. 7:​24, 25) Hape rea tseba hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle.” (1 Joh. 3:​19, 20) Jehova o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rona ’me o kholisehile hore re ka atleha ho etsa thato ea hae.

20. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra tšoenyeha haholo?

20 Jehova o lula a re bolella lintho tsohle tseo kannete re lokelang ho li tseba. Ha re amohela taba ena ka boikokobetso, re tla qoba ho tšoenyeha haholo ka lintho tseo re ke keng ra khona ho li laola ’me re amehe ka lintho tsa bohlokoa. Ha re etsa joalo re tla be re bontša hore re tšepa Jehova ka ho felletseng, e leng Molimo “ea nang le tsebo e phethahetseng.” (Jobo 36:4) Le hoja re sa utloisise lintho kaofela hona joale, re tatetse nako eo re tla ithuta ka ho sa feleng lintho tse ncha ka Molimo oa rona ea Phahameng ka ho fetisisa.—Moek. 3:11.

RE RUA MOLEMO OFE HAEBA KA BOIKOKOBETSO RE AMOHELA HORE . . .

  • ha re tsebe hore na bofelo bo tla neng?

  • ha re tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka moso?

  • Jehova o re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng?

PINA EA 104 Jehova o re fa Moea o Halalelang

a Jesu e tla ba moeta-pele ntoeng e khahlanong le lefatše lena le khopo la Satane, ke ho utloahalang hore re ka re hona joale oa tseba hore na Armagedone e tla ba neng le hore o tla “hlola lira tsa hae” neng.—Tšen. 6:2; 19:​11-16.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ntate le mora oa hae ba kenya lintho ka mokotleng oa tšohanyetso e le hore lelapa le lule le itokisitse ha ho ka etsahala hore ho be le boemo ba tšohanyetso.

c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona ea nang le mathata o nahana ka bophelo bo monate boo a tla bo phela lefatšeng le lecha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela